Fetela boitsebisong

LA 27 AUGUST 2020
RUSSIA

Lekhotla le Tl’o Etsa Qeto ka ho Lokolloa ha Mor’abo Rona Dennis Christensen

Lekhotla le Tl’o Etsa Qeto ka ho Lokolloa ha Mor’abo Rona Dennis Christensen

Ka la 4 September 2020, Lekhotla la Setereke le motseng oa Kursk le tla etsa qeto ea hore na mor’abo rona Dennis Christensen oa lokolloa teronkong kapa che. Haesale a le teronkong ho tloha ka la 25 May 2017. Ka la 23 June 2020, Lekhotla la Setereke le toropong ea Lgov le ile la fokotsa kahlolo eo a neng a e fuoe ho tloha sethathong ea ho hoehla lilemo tse tšeletseng chankaneng. Le ile la etsa qeto ea hore mor’abo rona Christensen a patale chelete e kaalo ka M89 994 bakeng sa lilemo tse tharo tse setseng tsa kahlolo ea hae. Empa matsatsi a mabeli ka mor’a hore lekhotla le etse qeto eo, mochochisi o ile a etsa boipiletso eaba mor’abo rona Christensen ha a sa lokolotsoe.