Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ithute ka Mebala le Masela a Mehleng ea Bibele

Ithute ka Mebala le Masela a Mehleng ea Bibele

Ithute ka Mebala le Masela a Mehleng ea Bibele

KA BIBELENG re fumana boitsebiso bo bongata bo amanang le mefuta ea liaparo tsa batho ba phetseng lilemong tse makholo tse fetileng, mebala ea tsona le masela ao li neng li etsoa ka ’ona.

Ke ’nete hore Bibele hase buka ea lifeshene le litaele. Leha ho le joalo, lintlha tseo e fanang ka tsona li etsa hore ha motho a bala Bibele, litlaleho tseo li phele ka kelellong ea hae.

Ka mohlala, re bala ka liaparo tseo Adama le Eva ba ileng ba li kopanya kapele feela e le hore ba ikoahele ha ba hlokomela hore ba hlobotse—liaparo tsa letheka tse entsoeng ka makhasi a feiga a rōkelletsoeng hammoho. Leha ho le joalo, hamorao Molimo o ile a ba etsetsa liaparo tse ling—tse tšoarellang haholoanyane, e leng “liaparo tse telele tsa letlalo.”—Genese 3:7, 21.

Ho boetse ho na le tlaleho e qaqileng ea Exoda khaolo ea 28 le ea 39 e buang ka liaparo tsa baprista ba phahameng ba Iseraele. Li ne li akarelletsa seaparo sa ka hare sa line, seaparo se sesoeu se se lelele sa ka holimo, leqhama le lohiloeng, seaparo se seputsoa se se nang matsoho, efoda e khabisitsoeng ka ho rōkelloa, le kotla ea sefuba hammoho le tuku e nang le lekapa le benyang la khauta. Ho bala feela ka tsela eo masela ana a matle a mangata a neng a kopanngoa ka eona ha ho etsoa liaparo tsena, ho lekane hore re hlokomele kamoo li tlamehang li ne li le ntle kateng.—Exoda 39:1-5, 22-29.

Liaparo tsa moprofeta Elia li ne li ikhethile hoo kapele feela batho ba neng ba mo tseba ka moaparo oa hae: “Monna ea nang le seaparo sa boea, ea itlamileng ka lebanta la letlalo lethekeng.” Lilemo tse makholo hamorao, batho ba bang ba ile ba nahana hore Johanne Mokolobetsi ke Elia, mohlomong lebaka le leng e ne e le hore ba ne ba apara ka tsela e tšoanang.—2 Marena 1:8; Matheu 3:4; Johanne 1:21.

Masela le Mebala Hangata Bibele e bua ka mefuta ea masela a neng a etsa liaparo, mebala le ho daea, hammoho le ho ohla, ho loha le ho rōka. * Masela ao e buang haholo ka ’ona ke a ulu e tsoang liphoofolong tse ruuoang le line e tsoang semeleng sa folaxe. Abele o ne a bitsoa “molisa oa linku.” (Genese 4:2) Hore na Abele o ne a ruile linku bakeng sa boea ba tsona, Bibele ha e bolele. Lekhetlo la pele leo Bibele e buang ka line e ntle ka lona, ke ha e bua ka liaparo tseo Faro a ileng a li apesa Josefa lekholong la bo18 la lilemo B.C.E. (Genese 41:42) Bibele ha e bue ka lesela la k’hothone e le lesela leo Bajuda ba neng ba etsa liaparo ka lona, empa ke khale batho ba linaheng tsa Bochabela bo Hare ba le sebelisa.

Semela sa folaxe le boea ba liphoofolo li ne li ntša likhoele tse neng li kopanngoa e le hore ho etsoe likhoele tsa botenya bo sa tšoaneng. Ka mor’a moo likhoele tseo li ne li rōkelloa ’moho ho etsa likotoana tsa masela. Likhoele le masela a rōkiloeng li ne li etsoa mebala e fapa-fapaneng. Joale lesela le ne le sehoa hore le lekane motho ea tla le apara. Hangata liaparo li ne li khabisoa ka moroko oa likhareng tsa mebala e fapa-fapaneng, e leng se neng se etsa hore liaparo li be ntle ebile se eketsa boleng ba tsona.—Baahloli 5:30.

Hangata Bibele e bua ka dae e putsoa, e pherese le e khubelu e le tsona tse neng li sebelisoa ho daea masela. Baiseraele ba ile ba laeloa hore ba kenye “khoele e putsoa holim’a mophetho o litjellane” oa liaparo tsa bona e le hore ba lule ba hopola kamano e khethehileng eo ba nang le eona le Molimo oa bona Jehova. (Numere 15:38-40) Lentsoe la Seheberu tekheʹleth, le bolelang ’mala o moputsoa, le ’ar·ga·manʹ, leo hangata le fetoleloang e le “pherese,” ke mebala e neng e amahanngoa le liaparo tsa moprista ea phahameng le lintho tse ling tse neng li khabisa ka tabernakeleng le ka tempeleng.

Thepa ea Tabernakele le ea Tempele Tabernakele e neng e le lefeelleng—le tempele e ileng ea hahoa hamorao Jerusalema—e ne e le setsi sa borapeli ba Baiseraele. Kahoo, ke ho utloahalang hore ka Bibeleng ho ile ha fanoa ka boitsebiso bo qaqileng bo mabapi le ho lokisoa le ho kenngoa ha thepa ka tabernakeleng le ka tempeleng ea Solomone. Ho phaella lintlheng tse buang ka masela le mebala ea ’ona, re boetse re fumana lintlha tse mabapi le ho loha, ho daea, ho rōka masela le masira a tente le ho rōkella mekhabiso ho ’ona.

Ba tataisoa ke Molimo, Bezaliele le Oholiabe, e leng litsebi tsa mosebetsi oa matsoho, hammoho le banna le basali ba bang, ka botšepehi ba ile ba phetha mosebetsi o khethehileng oa ho etsa tente ea pokano e neng e tšoanela borapeli ba Jehova. (Exoda 35:30-35) Khaolong ea 26 ea Exoda, thepa ea tabernakele le tsela ea ho haha mahlakore ’ohle a eona, li hlalositsoe ka mokhoa o hlakileng. Ka mohlala, lesela la tente le leholo le mebala-bala, le ne le rōkiloe ka “line ea boleng bo botle e lohiloeng le tšoele e putsoa le boea bo fetotsoeng ’mala hore bo be bopherese bo bofubelu le khoele e ’mala o sekareleta oa kokase.” Mohlomong ba ile ba tla le bongata ba masela ana Egepeta nakong ea Phallo. Ntho e ’ngoe e ileng ea etsoa ka hloko le ho feta ke lesira le leholo le mebala le neng le khabisitsoe ka ho rōkella litšoantšo tsa likerubime ’me le arola “Sehalalelo le Sehalalelisiso” karolong e ka hare ea tabernakele. (Exoda 26:1, 31-33) Ho ile ha fanoa ka litaelo tse tšoanang ho ba neng ba sebetsa ka masela a tempele e Jerusalema, ba tataisoa ke Morena Solomone.—2 Likronike 2:1, 7.

Ha re sheba lintlha tse hlalositsoeng ka Bibeleng, re ka hlokomela hore Baheberu ba boholo-holo ba ne ba ikemiselitse ba bile ba bontša bokhoni ba ho sebelisa thepa eo ba neng ba e-na le eona. Seo re se bonang ke hore e ne e se batho ba sotlehang, ba sa tsebeng ho apara, ba aparang liaparo tse mpe, empa e ne e le batho ba nang le liaparo tsa meseho le mebala e sa tšoaneng, tseo ba li aparang liketsahalong tse sa tšoaneng le ho latela linako tsa selemo esita le hore na lelapa le eme joang moruong.

Bibele e re bolella hore Baiseraele ba ne ba fuoe naha e ntle, “naha e phallang lebese le mahe a linotši,” hore e be lehae la bona. (Exoda 3:8; Deuteronoma 26:9, 15) Ha ba ntse ba tšoarelletse borapeling ba ’nete ba Jehova, o ne a ba hlohonolofatsa. Bophelo bo ne bo le monate ’me le batho ba ne ba thabile ba bile ba khotsofetse. Ka mohlala, Bibele e re: “Bajuda le Baiseraele ba lula ba sireletsehile, e mong le e mong tlas’a sefate sa hae sa morara le tlas’a sefate sa hae sa feiga, ho tloha Dane ho ea Beerseba, ka matsatsi ’ohle a [Morena] Solomone.”—1 Marena 4:25.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 7 Ho fumana boitsebiso bo eketsehileng ka mekhoa ena, sheba mabokose a sehloohong sena.

[Lebokose/Litšoantšo tse maqepheng a 26, 27]

Boea le Line

Mehleng ea Bibele ho ne ho ruuoa linku bakeng sa lebese le boea ba tsona. Ha sehoai se e-na le linku tse seng kae feela, se ne se khona ho fumana boea bo lekaneng bakeng sa liaparo tsa lelapa. Haeba se ne se e-na le mohlape o moholo, sehoai se ne se ka rekisetsa batho ba etsang masela ba motseng boea bo salang. Metseng e meng ho ne ho e-na le mekhatlo ea batho ba etsang masela. Ho tloha mehleng ea pele, ho kuta linku e ne e le o mong oa mesebetsi eo batho ba e etsang selemong.—Genese 31:19; 38:13; 1 Samuele 25:4, 11.

Line, e leng lesela le neng le ratoa haholo bakeng sa liaparo, e ne e etsoa ka likhoele tsa semela sa folaxe. (Exoda 9:31) Semela seo se ne se heloa ha se se se hōtse hantle. Lehlaka la sona le ne le omisoa letsatsing ebe le thapisoa metsing. Ha le se le omme, le ne le tuloa, ebe lea ohloa hore e be likhoele tsa ho loha. Babusi le batho ba maemong a phahameng ba ne ba rata ho apara liaparo tsa line.

[Setšoantšo]

Semela sa folaxe se omisitsoeng pele se thapisoa metsing

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 27]

Ho Ohla

Khoele e le ’ngoe—e kang ea folaxe, ea boea ba nku kapa ba pōli—e khaoha habonolo ebile e khutšoanyane haholo hore e ka sebelisoa. Ka hona, likhoele tse ’maloa li lohelloa ’moho, kapa lia ohloa, e le hore ho etsoe khoele e botenya le e bolelele bo hlokahalang. Bibele e re: “Mosali ea nang le bokhoni . . . o otlolletse matsoho toloking, ’me matsoho a hae a tšoara thupa e ohlang.” (Liproverbia 31:10, 19) Mona ho hlalosoa mokhoa oa ho ohla, oo ho oona ho neng ho sebelisoa toloki le thupa, lintho tsena e ne e le lithupa tse peli tse tloaelehileng.

Ka letsoho le leng, mosali o tšoara thupa, eo ho eona likhoele li thatetsoeng ka bohlasoa feela. Ka letsoho le leng, o hula likhoele, o li thatela ’moho hore e be khoele e tenya, ebe o e haka sehokelong kapa hakising ka lehlakoreng le leng la toloki. Ka lehlakoreng le leng la toloki ho na le lebili le boima, le etsang hore toloki e ’ne e bilike. Ha a leketlisitse toloki a ntse a e bilikisa, likhoele li khona hore li ’ne li harelane li etse khoele e botenya bo hlokahalang. Khoele e ohliloeng e thateloa toloking, joaloka bobining, ’me mosebetsi oo o phetoa ka tsela ena ho fihlela likhoele tse neng li le thupeng e se e le khoele e le ’ngoe e telele, e seng e loketse ho dauoa kapa ho loha.

[Lebokose/Litšoantšo tse maqepheng a 28, 29]

Ho Daea

Ka mor’a ho ohla le ho hloekisa ulu le khoele ea folaxe—kapa lesela—li dauoa ka mebala e fapa-fapaneng. Ho li inela hangata ka daeng ho etsa hore ’mala e be o tebileng le ho feta. Ka lebaka la hore dae e tura haholo, e saletseng leseleng ea tlhotloa e le hore e tle e sebelisoe hape. Joale khoele kapa lesela le neng le dauoa lea anehoa.

Kaha ba ne ba se na lidae tse entsoeng ka lik’hemik’hale, batho ba mehleng ea boholo-holo ba ne ba etsa lidae tse sa thunyeng tsa mebala ea mefuta-futa ka lintho tse tsoang liphoofolong kapa limeleng. Ka mohlala, dae e tšehla e ne e etsoa ka makhasi a sefate sa almonde le makhapetla a tholoana ea kharenate, ’me dae e ntšo eona e ne e etsoa ka makhapetla a kutu ea sefate sa kharenate. Dae e khubelu e ne e tsoa metsong ea semela se bitsoang madder kapa kokoanyaneng ea kermes. Ea ’mala o moputsoa e ne e tsoa paleseng ea indigo. Ha ho kopanngoa mebala e tsoang ho likhofu tse fapaneng tsa leoatle, ho ne ho ka etsoa mebala e sa tšoaneng, ho tloha ho o bopherese bo bofubelu, o moputsoa, ho ea ho o bofubelu bo lefifi.

Ho ne ho hlokahala likhofu tse kae e le hore ho dauoe seaparo? Khofu e le ’ngoe e ne e ntša dae e fokolang hoo, ho latela liphuputso tse ling, ho neng ho hlokahala tse ka bang 10 000 e le hore li ntše dae e lekaneng ho daea seaparo se selelele sa ka holimo ka ’mala o tebileng oo ka tloaelo ho neng ho thoe ke bopherese ba boreneng. Nakong ea puso ea Morena Nabonidase oa Babylona, ulu e neng e dauoe ka bopherese ho ne ho thoe e turu ka makhetlo a 40 ho feta e neng e dauoe ka mebala e meng. Ka lebaka la hore Tyre ea boholo-holo e ne e le eona e tsebahalang haholo ka ho rekisa ’mala ona o turu, ’mala o pherese o ile oa tsebahala e le bopherese ba Tyre.

[Litšoantšo]

Khaketla ea khofu ea leoatle

Sekoti sa dae e pherese se fumanoeng Tel Dor, Iseraele, sa lekholong la bo2 kapa la bo3 la lilemo B.C.E.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

The Tel Dor Project

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 29]

Ho Loha

Ho ne ho sebelisoa foreimi ho loha likhoele tse ohliloeng hore li etse masela a boholo bo hlokoang a tla etsa liaparo kapa lintho tse ling. Likhoele tse ling li hareloa ho ea ka bolelele ba foreimi, tse ling li hareloa ho ea ka bophara ba foreimi. Likhoele tse eang le bophara ba foreimi li ne li lohelloa ho tse eang le bolelele ba eona, li mathisoa ka holimo le ka tlaase.

Foreimi e lohang e neng e sebelisoa mehleng ea Bibele e ne e le e sephara e aloang fatše, kapa e telele e emisoang. Liforeiming tse ling tse telele, ho ne ho hokelloa lintho tse boima lintlheng tsa likhoele tse tšekaletseng. Ho fumanoe lintho tsena tse boima tsa boholo-holo libakeng tse fapaneng Iseraele.

Ka tloaelo ho loha e ne e le ntho e etsoang ke malapa, empa libakeng tse ling motse kaofela o ne o ikopanya hore ho etsoe khoebo. Ka mohlala, ho 1 Likronike 4:21, re fumana moo ho buuoang ka “ntlo ea ba sebetsang ka lesela la boleng bo botle,” ho bonahala e ne e le mokhatlo oa batho ba ikopantseng ho etsa mosebetsi oo.

[Setšoantšo se maqepheng a 26, 27]

“Tšoele e putsoa le boea bo fetotsoeng ’mala hore bo be bopherese bo bofubelu.”—Exoda 26:1