Lintho Tse Etsang Hore ho be Thata ho Tseba Molimo ka Lebitso
Lintho Tse Etsang Hore ho be Thata ho Tseba Molimo ka Lebitso
HO NA le motho ea batlang ho u thibela ho tseba lebitso lena la Jehova le hore u se ke ua ba le kamano e haufi le Eena. Sera see se khopo ke mang? Bibele e re: ‘Molimo oa tsamaiso ena ea lintho o foufalitse likelello tsa ba sa lumelang.’ Molimo oa lefatše lena le khopo ke Satane Diabolose. O batla hore u lule u le lefifing e le hore “tsebo e khanyang ea Molimo” e se ke ea khanya pelong ea hao. Satane ha a batle ha u tseba Jehova ka lebitso lena la hae. Leha ho le joalo, Satane o foufatsa likelello tsa batho joang?—2 Bakorinthe 4:4-6.
Satane o ’nile a sebelisa bolumeli ba bohata ho thibela batho hore ba tsebe Molimo ka lebitso. Ka mohlala, mehleng ea boholo-holo Bajuda ba bang ba ile ba khetha ho iphapanyetsa Mangolo a bululetsoeng eaba ba khetha ho latela mekhoa e neng e etsa hore batho ba se ke ba sebelisa lebitso la Molimo. Lekholong la pele la lilemo la Mehla e Tloaelehileng ea rōna, ho bonahala hore babali ba Bajuda ba ne ba laetsoe hore ba se ke ba bala lebitso la Molimo ka tsela eo le hlahang ka eona ka Mangolong a Halalelang, empa moo le hlahang ba kenye lentsoe ʼAdho·naiʹ, e bolelang “Morena.” Ha ho pelaelo hore sena se ile sa etsa hore batho ba se ke ba hlola ba e-ba le kamano e ntle le Molimo. Ba bangata ha baa ka ba hlola ba rua molemo oa ho ba le kamano e haufi le Molimo. Empa Jesu eena? O ne a nka lebitso Jehova joang?
Jesu le Balateli ba Hae ba Ile ba Tsebahatsa Lebitso la Molimo
Jesu o ile a rapela Ntate oa hae a re: “Ke ba tsebisitse lebitso la hao ’me ke tla le tsebahatsa.” (Johanne 17:26) Ha ho pelaelo hore Jesu o ne a sebelisa lebitso la Molimo ka makhetlo a mangata ha a ne a bala, a qotsa mangolo kapa a hlalosa karolo e itseng ea Mangolo a Seheberu a neng a e-na le lebitso leo la bohlokoa. Kahoo, e tlameha ebe Jesu o ne a sebelisa lebitso la Molimo ka bolokolohi joalokaha baprofeta ba bang ba pele ho eena ba ne ba le sebelisa. Haeba ho ne ho e-na le Bajuda ba neng ba se ba ntse ba qoba ho sebelisa lebitso la Molimo nakong ea ha Jesu a sa le lefatšeng, ha ho pelaelo hore Jesu o ne a ke ke a latela mokhoa oo oa bona. O ile a nyatsa baeta-pele ba bolumeli ka matla ha a ne a re: “Kahoo le entse lentsoe la Molimo lefeela ka lebaka la neano ea lōna.”—Matheu 15:6.
Balateli ba Jesu ba tšepahalang ba ile ba tsoela pele ho tsebahatsa lebitso la Molimo ka mor’a hore Jesu a shoe a be a tsosoe. (Sheba lebokose le reng “Na Bakreste ba Pele ba ne ba Sebelisa Lebitso la Molimo?”) Ka Pentekonta ea 33 C.E., e leng lona letsatsi leo phutheho ea Bokreste e ileng ea thehoa ka lona, moapostola Petrose o ile a qotsa boprofeta ba Joele, eaba o re ho matšoele a Bajuda le ba neng ba sokolohetse Bojudeng: “E mong le e mong ea ipiletsang lebitsong la Jehova o tla pholoha.” (Liketso 2:21; Joele 2:32) Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ile ba thusa batho ba lichaba tse ngata hore ba tsebe Jehova ka lebitso lena la hae. Ke kahoo sebokeng sa baapostola le banna ba baholo ba Jerusalema morutuoa Jakobo a ileng a re: ‘Molimo o ile a lebisa tlhokomelo ea hae lichabeng hore a nke ho tsona batho bakeng sa lebitso la hae.’—Liketso 15:14.
Leha ho le joalo, sera sena se khahlanong le ho sebelisoa ha lebitso la Molimo ha sea ka sa tela. Satane o ile a qala ho jala bofetoheli hang-hang ka mor’a hore baapostola ba shoe. (Matheu 13:38, 39; 2 Petrose 2:1) Ka mohlala, mongoli ea neng a ipitsa Mokreste, Justin Martyr, o ile a hlaha hoo e ka bang nakong eo moapostola oa ho qetela Johanne a ileng a shoa ka eona. Leha ho le joalo, Justin libukeng tsa hae o ile a pheta hangata hore Mofani oa tsohle ke “Molimo ea se nang lebitso.”
Ha Bakreste ba bakoenehi ba ne ba kopitsa Mangolo a Segerike a Bakreste, ha ho pelaelo hore ba ile ba ntša lebitso la Jehova eaba ba kenya Kyʹri·os bakeng sa lona, e leng lentsoe la Segerike le bolelang
“Morena.” Ba ile ba etsa se tšoanang le Mangolong a Seheberu. Kaha bangoli ba bakoenehi ba Bajuda ba ne ba se ba sa bitse lebitso la Molimo ha ba bala, moo le hlahang ka Mangolong ba ile ba kenya ʼAdho·naiʹ ka makhetlo a fetang 130. Bibele e nang le tšusumetso e khōlō e ileng ea fetoleloa ka Selatine ’me ea phethoa ke Jerome ka 405 C.E., e bitsoang Vulgate, le eona e ile ea ntša lebitso la Molimo.Boiteko ba Morao Tjena ba ho Felisa Lebitso la Molimo
Mehleng ena litsebi li hlokometse hore lebitso lena la Jehova le hlaha ka makhetlo a ka bang 7 000 ka Bibeleng. Kahoo, Libibele tse ling tse sebelisoang haholo, tse kang Jerusalem Bible ea K’hatholike, La Biblia Latinoamérica ea Sepanishe ea K’hatholike, le Bibele e tloaelehileng ea Reina-Valera eo le eona e leng ea Sepanishe, li sebelisa lebitso la Molimo ka bolokolohi. Libibele tse ling li fetoletse lebitso la Molimo e le “Yahweh.”
Ntho e soabisang ke hore likereke tse ngata tse tšehetsang ho fetoleloa ha Libibele ka lichelete li qobella bangoli hore ba ntše lebitso la Molimo liphetolelong tsa bona tsa Bibele. Ka mohlala, lengolong la la 29 June, 2008, le neng le leba ho bapresidente ba tšoarang liboka tsa babishopo ba K’hatholike, Vatican e ile ea re: “Lilemong tsa morao tjena ho na le mokhoa o khukhunetseng ka kerekeng oa ho bitsa lebitso la Molimo oa Iseraele.” Lengolo leo le ile la fana ka taelo ena e hlakileng: “Lebitso la Molimo . . . ha lea lokela ho sebelisoa kapa hona ho bitsoa.” Ho feta moo, “ha Bibele e fetoleloa ka lipuo tsa kajeno, . . . tetragrammaton e halalelang [e leng litlhaku tse ’nè tsa Seheberu tse emelang lebitso la Molimo] e lokela ho fetoleloa e le Adonai/Kyrios: ‘Morena.’” Ho hlakile hore morero oa taelo ena ea Vatican e ne e le hore lebitso la Molimo le se ke la hlola le sebelisoa.
Maprostanta le ’ona ha aa ka a hlompha lebitso lena la Jehova. ’Muelli oa Bibele ea Senyesemane e hatisitsoeng ka 1978, ea New International Version, e neng e tšehelitsoe ke kereke ea Prostanta ka lichelete, o ile a re: “Jehova ke lebitso le khethollang Molimo ’me e ne e tlameha ebe re le sebelisitse. Empa kaha re sebelisitse chelete e kaalo ka lidolara tse limilione tse peli le kotara [liranta tse limilione li 17] hore e fetoleloe, ka sebele e ne e tla ba ho lahlela chelete eo ka metsing, haeba, ka mohlala, ha re fetolela Pesaleme ea 23 re ne re ka re, ‘Yahweh ke molisa oa ka.’”
Ho phaella moo, likereke li ’nile tsa sitisa batho ba Latin America hore ba tsebe lebitso la Molimo. Steven Voth eo e leng moeletsi oa mokhatlo o bitsoang United Bible Societies (UBS), o ngotse tjena: “Ntho eo Maprostanta a Latin America a ntseng a phehisana khang ka eona ke e mabapi le ho sebelisoa ha lebitso lena Jehová . . . Ntho e thahasellisang ke hore batho ba bangata le ba ntseng
ba eketseha ba Kereke ea morao tjena ea Pentekonta . . . ba ile ba re ba batla hore ho sebelisoe Bibele ea Reina-Valera e hatisitsoeng ka 1960, empa lebitso le sebelisitsoeng moo la Jehová, le ntšoe. Ho e-na le hoo, moo le hlahang ho sebelisoe lentsoe Señor [Morena].” Ho latela Voth, mokhatlo oa UBS o ile oa hana kōpo eo qalong, empa hamorao oa e amohela ’me oa hatisa Bibele ea Reina-Valera “e se e se na lebitso Jehová.”Ho hlakola lebitso la Molimo Lentsoeng la hae le ngotsoeng, ebe ho ngoloa “Morena” bakeng sa lona ho sitisa babali hore ba tsebe hore na ha e le hantle Molimo ke mang. Mantsoe ao a fetoloang a baka pherekano. Ka mohlala, ’mali a ka ’na a se ke a tseba hore na lentsoe “Morena” le bolela Jehova kapa le bolela Mora oa hae, Jesu. Ka lebaka leo, lengolong leo ho lona moapostola Petrose a neng a qotsa Davida ha a re: “Jehova o itse ho Moren’a ka [Jesu ea tsositsoeng]: ‘Lula ka letsohong la ka le letona,’” Libibele tse ngata joaloka Bibele ea Sesotho, li fetoletse mantsoe ana tjena: “Morena o itse ho Morena oa ka.” (Liketso 2:34) Ho feta moo, David Clines, moqoqong oa hae o ngotsoeng o bitsoang “Yahweh le Molimo oa Thuto ea Bokreste,” o re: “Taba ea hore ebe Yahweh e hlakotsoe likelellong tsa Bakreste e entse hore ho lebisoe tlhokomelo haholo ho Kreste.” Kahoo, batho ba bangata ba kenang kereke ha ba hlokomele hore Molimo oa ’nete eo Jesu a neng a mo rapela ke Molimo ea nang le lebitso—e leng Jehova.
Satane o sebelitse ka thata ho foufatsa likelello tsa batho hore ba se ke ba tseba ka Molimo. Leha ho le joalo, u ntse u ka ba le kamano e haufi le Jehova.
U ka Khona ho Tseba Jehova ka Lebitso Lena la Hae
Satane o loantšitse lebitso la Molimo haholo ’me ka bohlale o sebelisitse bolumeli ba bohata ho le loantša. Leha ho le joalo, ’nete ke hore ha ho na matla a teng maholimong kapa lefatšeng a ka thibelang ’Musi Morena Jehova hore a etse hore lebitso la hae le tsejoe ke batho ba batlang ho tseba ’nete ka eena le ka seo a se reretseng batho ba tšepahalang.
Lipaki Tsa Jehova li tla thabela ho u thusa hore u tsebe hore na u ka atamela ho Molimo joang ka ho ithuta Bibele. Li latela mohlala oa Jesu, ea ileng a re ho Molimo: “Ke ba tsebisitse lebitso la hao.” (Johanne 17:26) Ha u ntse u nahanisisa ka mangolo a bontšang hore na ke mesebetsi efe e fapaneng eo Jehova a e entseng molemong oa ho hlohonolofatsa batho, u tla tseba litšobotsi tse ngata tse ntle tsa botho ba hae bo babatsehang.
Mopatriareka Jobo o ile a ba le “kamano e haufi-ufi le Molimo,” ’me le uena u ka ba le eona. (Jobo 29:4) Ha u tseba Lentsoe la Molimo, u ka tseba Jehova ka lebitso lena la hae. Tsebo e joalo e tla u kholisa hore Jehova o tla phetha seo a itseng se boleloa ke lebitso la hae—“Ke Tla Ba eng kapa eng eo ke ratang ho ba eona.” (Exoda 3:14, The Emphasized Bible) Kahoo, joang kapa joang o tla phethahatsa lintho tsohle tse ntle tseo a li tšepisitseng batho.
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 6]
Na Bakreste ba Pele ba ne ba Sebelisa Lebitso la Molimo?
Mehleng ea baapostola ba Jesu lekholong la pele la lilemo C.E., liphutheho tsa Bokreste li ile tsa thehoa libakeng tse ngata. Litho tsa liphutheho tseo li ne li kopana hangata ho ithuta Mangolo. Na Bakreste bao ba lekholong la pele la lilemo ba ile ba fumana lebitso Jehova Mangolong ao ba neng ba a sebelisa ka nako eo?
Kaha Segerike e ne e le eona puo e neng e sebelisoa hohle, liphutheho tse ngata li ne li sebelisa Septuagint ea Segerike, eo e leng phetolelo ea Mangolo a Seheberu e ileng ea phethoa lekholong la bobeli la lilemo B.C.E. Litsebi tse ling li bolela hore ho tloha ha Septuagint e ne e fetoleloa, ho ile ha ntšoa lebitso la Molimo ’me ha kenngoa Kyʹri·os, e leng lentsoe la Segerike le bolelang “Morena.” Empa bopaki bo bontša hore ha ho joalo.
Likhechana tse bontšitsoeng mona ke karolo ea Septuagint ea Segerike ea lekholong la pele la lilemo B.C.E. Li bontša lebitso la Jehova ka ho hlaka le ngotsoeng ka litlhaku tse ’nè tsa Seheberu יהוה (YHWH). Moprofesa George Howard o ile a re: “Re na le mefuta e meraro ea Libibele tsa Septuagint ea Segerike tsa pele ho mehla ea Bokreste ’me ha ho na le e ’ngoe ea tsona moo Litlhaku Tse ’Nè Tsa Seheberu Tse Emelang Lebitso la Molimo li fetoletsoeng e le kyrios ebile ha e le hantle ha ho moo li fetoletsoeng teng. Joale re batla re kholisehile hore e ne e le tloaelo ea Bajuda pele ho Testamente e Ncha, nakong ea eona le ka mor’a eona hore ba ngole lebitso la Molimo . . . hona Mangolong a Segerike.”—Biblical Archaeology Review.
Na baapostola ba Jesu le barutuoa ba hae ba sebelisitse lebitso la Molimo mangolong a bululetsoeng ao ba a ngotseng? Moprofesa Howard o re: “Ha phutheho eo ho buuoang ka eona Testamenteng e Ncha e ne e sebelisa kapa e qotsa Septuagint moo e nang le lebitso la Molimo ka Seheberu, ha ho pelaelo hore bangoli ba Testamente e Ncha ba ne ba kenyelletsa Litlhaku Tse ’Nè Tse Emelang Lebitso la Molimo ho seo ba se qotsang.”
Kahoo, re ka etsa qeto ea hore Bakreste ba pele ba ne ba bala lebitso la Molimo phetolelong ea bona ea Mangolo a Seheberu le ea Mangolo a Segerike a Bakreste.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
All photos: Société Royale de Papyrologie du Caire
[Setšoantšo se leqepheng la 4, 5]
Karolo ea buka ea Esaia ea Meqolo e Fumanoeng Leoatleng le Shoeleng, e tšoailoeng lebitso la Molimo
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Shrine of the Book, Photo © The Israel Museum, Jerusalem
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Likereke li ntšitse lebitso la Molimo Bibeleng ka lebaka la lineano tsa Bajuda kapa ka lebaka la chelete
[Setšoantšo se leqepheng la 8]
Jesu o ile a beha mohlala o motle ka ho tsebahatsa lebitso la Molimo