Ba ne ba Rata Lentsoe la Molimo
Ba ne ba Rata Lentsoe la Molimo
MELAETSA ea bohlokoa e atisa ho fetoleloa ka lipuo tse ngata e le ho tiisa hore e ka utloisisoa ke batho ba bangata ka hohle kamoo ho ka khonehang. Bibele, e leng Lentsoe la Molimo, e na le molaetsa oa bohlokoa. Le hoja e ngotsoe khale haholo, lintho tse tlalehiloeng ka Bibeleng “li ile tsa ngolloa ho re laea” le ho re fa matšeliso hammoho le tšepo bakeng sa nako e tlang.—Baroma 15:4.
Ka lebaka lena, hoa utloahala hore ebe Bibele e fumaneha ka lipuo tse ngata hobane e na le molaetsa oa bohlokoa ka ho fetisisa melaetseng e kileng ea ngoloa. Ho theosa le lilemo, batho ba ’nile ba ikitlaelletsa ho fetolela Bibele le hoja ba ne ba sitisoa ke ho kula haholo, mebuso e ba thibela, kapa ba ne ba ka ’na ba bolaoa. Hobane’ng? Hobane ba ne ba rata Lentsoe la Molimo. Tlaleho e latelang ke leselinyana feela la histori ea bohlokoa e amanang le ho fetoleloa ha Bibele.
“Molao oa Kreste o Thopothela Hantle ho Manyesemane ka Senyesemane”
Ha John Wycliffe a hlaha hoo e ka bang ka 1330, litšebeletso tsa kereke Engelane li ne li tšoaroa ka Selatine. Ka lehlakoreng le leng, batho feela sechabeng ba ne ba ipuela Senyesemane. Ba ne ba bua Senyesemane ha ba qoqa le baahisani le ha ba rapela Molimo.
Wycliffe eo e neng e le moprista oa K’hatholike, o ne a thella feela ha a bua Selatine. Leha ho le joalo, o ne a nka ho fosahetse ho ruta batho Mangolo ka Selatine, e leng puo eo a neng a e nka e le ea batho ba phahameng. Ha a ngola o ile a re: “Batho ba lokela ho rutoa molao oa Molimo ka puo eo ba e utloisisang habonolo, hobane ho rutoa lentsoe la Molimo.” Kahoo, Wycliffe le bo-mphato ba hae ba ile ba theha sehlopha se tla fetolela Bibele ka Senyesemane. Mosebetsi oo o ile oa nka lilemo tse ka bang 20.
Kereke e K’hatholike ha ea ka ea rata taba ea hore ho be le phetolelo e ncha ea Bibele. The Mysteries of the Vatican, e hlalosa lebaka leo ka
lona kereke e neng e le khahlanong le bohato boo ha e re: “Seo se ile sa thusa litho tsa kereke hore li bapise Bokreste ba pele le Bok’hatholike ba mehleng eo . . . e leng se ileng sa hlakisa hore ho ne ho e-na le phapang e khōlō lithutong tsa Mothehi oa Bokreste le tsa [mopapa] ea neng a ipehile ho ba motlatsi oa hae.”Mopapa Gregory XI o ile a ngola lipolelo tse hlano tse seollang Wycliffe. Empa seo ha sea ka sa thibela mofetoleli eo. O ile a mo araba ka ho re: “Molao oa Kreste o thopothela hantle ho Manyesemane ka Senyesemane. Moshe o ile a utloa molao oa Molimo ka puo ea habo, le baapostola ba Kreste le bona ba ile ba o utloa ka puo ea habo bona.” Hoo e ka bang ka selemo sa 1382, e leng nakoana pele Wycliffe a shoa, sehlopha sa Wycliffe se ile sa lokolla phetolelo ea Senyesemane ea Bibele eohle. Hoo e ka bang lilemo tse leshome hamorao, e mong oa bo-mphato ba hae o ile a lokolla phetolelo e ntlafalitsoeng le eo ho leng bonolo ho e bala.
Kaha mehleng eo ho ne ho e-s’o qaptjoe mechine ea khatiso, motho o ne a lokela ho ba hlokolosi ha a etsa mosebetsi o boima oa ho kopitsa buka ka ’ngoe e ngotsoeng ka letsoho, e leng mosebetsi o neng o ka nka likhoeli tse leshome kaofela! Empa taba ea hore batho ba ne ba tla qetella ba e-na le Bibele e ne e tšoentse kereke hoo moareka-bishopo e mong a ileng a re o tla khaola mang kapa mang ea e balang. Ha ho se ho fetile lilemo tse 40 Wycliffe a shoele, lekhotla la mopapa le ile la ntša taelo, eaba baruti ba epolla masapo a hae, baa chesa ’me ba lahlela molora oa hae Nōkeng ea Swift. Ho ntse ho le joalo, batho ba batlang ’nete ka lipelo tsa bona tsohle ba ile ba ’na ba batla ho fumana Bibele ea Wycliffe. Moprofesa William M. Blackburn, o itse: “Ho ile ha etsoa likopi tse ngata tsa Bibele ea Wycliffe, tsa abeloa batho ba bangata tsa ba tsa fetela melokong e latelang.”
Bibele e Neng e ka Utloisisoa le ke Moshanyana ea Tšoarang Teu
Hoo e ka bang lilemo tse 200 hamorao, ho ne ho se ho sa buuoe Senyesemane sa mehleng ea Wycliffe. ’Moleli e mong oa evangeli ea neng a lula pel’a Bristol, o ile a nyahama ha a elelloa hore ke batho ba ’maloa haholo ba neng ba utloisisa Bibele. Ka lekhetlo le leng, ’moleli eo, e leng William Tyndale, o ile a utloa ha serutehi se seng se bolela hore ho ne ho ka ba molemo ha ba e-na le molao oa mopapa ho e-na le ho ba le molao oa Molimo. Ha Tyndale a araba o ile a bolela hore haeba Molimo a ka mo lumella, ho e-s’o ee kae, o tla etsa bonnete ba hore esita le batho ba sa rutehang joaloka moshanyana ea tšoarang teu, ba ba le tsebo e eketsehileng ea Bibele ho feta batho ba rutehileng.
Wycliffe o ne a sebelisitse Vulgate ea Selatine ha a fetolela Bibele ea Senyesemane ’me o ne a e ngotse ka letsoho. Ka 1524, ka mor’a hore Tyndale a falle Engelane a ee Jeremane, o ile a qala ho fetolela Bibele ka ho toba ho tsoa Seheberung le Segerikeng sa pele eaba o e isa setsing sa khatiso se Cologne hore ba mo hatisetse eona. Nakoana ka mor’a moo lira tsa Tyndale li ile tsa utloela ka phetolelo eo eaba li susumetsa lekhotla la Senate la Cologne hore le ntše taelo e reng Libibele tseo kaofela li tšoaroe.
Tyndale o ile a balehela motseng oa Worms, Jeremane, moo a ileng a fihla a tsoela pele ka mosebetsi oa hae. Nakoana ka mor’a moo, likopi tsa Senyesemane tsa Mangolo a Segerike a fetoletsoeng ke Tyndale, li ile tsa romeloa Engelane ka lenyele. Le pele likhoeli tse tšeletseng li feta, ho ne ho se ho rekisitsoe Libibele tse ngata haholo hoo
babishopo ba ileng ba lokela ho bitsa seboka sa tšohanyetso, ka mor’a moo ha ntšoa taelo ea hore Libibele tseo li chesoe.E le ho thibela taba e neng e se e atile ea ho bala Bibele le seo ho neng ho thoe ke bokhelohi ba Tyndale, mobishopo oa London o ile a laela Monghali Thomas More hore a ngole lipolelo tse hlaselang Tyndale. More o ne a hlile a khopisitsoe ke taba ea hore Tyndale o ne a sebelisitse lentsoe “phutheho” ho fapana le “kereke,” le “e moholo” kapa “moholo” ho fapana le “moprista.” Mantsoe ana a ne a etsa hore batho ba be lekhonono ka matla a mopapa le ka phapang e teng pakeng tsa baruti le batho feela ba kenang kereke. Thomas More o ile a boela a nyatsa phetolelo ea Tyndale ka ho fetolela lentsoe la Segerike a·gaʹpe e le “lerato” ho e-na le “liphallelo.” Buka ea If God Spare My Life, e re: “Khopolo ena le eona e ne e ka ’na ea baka mathata ka Kerekeng, kaha ho hlakile hore ho nka liphallelo e se tsa bohlokoa ho ne ho ka ’na ha fokotsa likoleke tse neng li kena ka bongata, ha etsa hore batho ba se hlole ba tsotella mangolo a tšoarelo ea libe a etsang hore ba se nke nako e telele pelekatoring le ho siela Kereke mafa, e leng seo ba tšepahalang ba neng ba khothalletsoa hore ba se etse ha ba itokisetsa tsela ea ho ea leholimong.”
Thomas More o ile a khothalletsa hore “bakhelohi” ba chesoe, e leng se ileng sa etsa hore Tyndale a fenethoe ’me setopo sa hae se chesetsoe thupeng ka October 1536. Hamorao Thomas More, le eena o ile a pongoa hlooho ka mor’a hore morena a qale ho mo hloea. Leha ho le joalo, ka 1935 Kereke ea Roma e K’hatholike e ile ea mo etsa mohalaleli, ’me ka selemo sa 2000, Mopapa John Paul oa II a tlotla More ka ho re ke mohalaleli oa bo-ralipolotiki.
Tyndale ha aa ka a fuoa litlotla tsa mofuta oo. Leha ho le joalo, pele ho lefu la hae, motsoalle oa hae ea bitsoang Miles Coverdale o ile a kopanya likarolo tse sa tšoaneng tsa phetolelo ea Tyndale hore e be Bibele e le ’ngoe e feletseng—e leng phetolelo ea pele ea Senyesemane e fetoletsoeng ho tsoa lipuong tsa mathomo! Joale moshanyana e mong le e mong ea tšoarang teu o ne a ka ipalla Lentsoe la Molimo. Ho thoe’ng ka ho fetoleloa ha Bibele ka lipuo tse ling ntle ho Senyesemane?
“Ntho eo ho Bonahalang Eka e ke ke ea Khoneha”
Le hoja litho tsa lelapa labo le metsoalle ea hae li ne li mo hanyetsa, moromuoa ea tsoang Brithani ea bitsoang Robert Morrison, e leng monna ea neng a labalabela feela ho bona a finyeletse sepheo sa hae sa hore ho hatisoe Bibele ea Sechaena, o ile a nka leeto le eang Chaena ka 1807. Mosebetsi oa hae oa ho fetolela o ne o se bonolo. Charles Grant, eo ka nako eo e neng e le motsamaisi oa East India Company, o ile a re: “Mosebetsi oo e ne e le ntho eo ho bonahalang eka e ke ke ea khoneha.”
Hang ha a fihla, Morrison o ile a utloa hore motho leha e le ofe oa Chaena ea neng a ka ruta batho ba lichaba tse ling Sechaena o ne a tla ahloleloa lefu. E le hore a itšireletse a be a sireletse le batho ba neng ba lumetse ho mo ruta puo eo, Morrison o ile a lula ka tlung ka nako e itseng. Tlaleho e ’ngoe e re “ka mor’a hore a qete lilemo tse peli a ntse a ithuta, o ne a se a ka bua Semandarin,
ho se bala le ho se ngola, a bile a tseba le lipuo tsa moo tse ’maloa.” Khabareng, moemphera o ile a ntša taelo ea hore motho ea neng a ka hatisa libuka leha e le life tsa Bokreste o ne a entse tlōlo ea molao e lokeloang ke kahlolo ea lefu. Ho sa tsotellehe tšokelo eo, ka la 25 November, 1819, Morrison o ile a qeta ho fetolela Bibele eohle ka Sechaena.Ka 1836, ho ne ho se ho hatisitsoe Libibele tse feletseng tse ka bang 2 000, likopi tsa Mangolo a Segerike tse 10 000 le likarolo tsa Mangolo tse fetoletsoeng ka Sechaena tse 31 000. Ho rata Lentsoe la Molimo ho ne ho entse hore ho etsahale “ntho eo ho bonahalang eka e ke ke ea khoneha.”
Bibele ka Har’a Mosamo
Libeke tse peli ka mor’a hore moromuoa oa Moamerika, Adoniram Judson le mofumahali oa hae, Ann, ba nyalane ka February 1812, ba ile ba nka leeto le lelelele ’me ba qetella ba lula Burma ka 1813. * Hang-hang ba ile ba qala ho ithuta Seburma, e leng e ’ngoe ea lipuo tse thata ka ho fetisisa lefatšeng. Ka mor’a lilemo tse ’maloa ba ithuta puo eo, Judson o ile a ngola: “Re ithuta puo e buuang ke batho ba lulang karolong e ’ngoe ea lefatše, ba nahanang ka tsela e fapaneng le ea rōna ka ho feletseng . . . Ha re na dikishinari ebile ha ho na motho ea ka re hlalosetsang lentsoe leha le le leng.”
Mathata a puo ha aa ka a etsa hore Judson a tele. O ile a qeta ho fetolela Mangolo a Segerike a Bakreste ka Seburma ka June 1823. Hamorao Burma e ile ea kena ntoeng. Kaha ho ne ho belaelloa hore ke sehloela, Judson o ile a kenngoa teronkong, a tlangoa ka lipara tse tharo tsa mahlaahlela a tšepe a neng a tlameletsoe palong e telele e le ho mo thibela ho tsamaea. Ha Francis Wayland a ngola bukeng ea bophelo ba Judson ea 1853, o ile a re: “Hang hoba a lumelloe ho kopana le Mofumahali Judson ’me a bue le eena ka Senyesemane, e ’ngoe ea lintho tsa pele tseo Monghali Judson a ileng a batla ho tseba ka eona, e ne e le phetolelo e ngotsoeng ka letsoho ea Testamente e Ncha.” Kaha buka eo e ngotsoeng ka letsoho e ne e epetsoe ka tlung ’me Ann a tšaba hore e tla tšoana e senngoa ke mongobo kapa hona ho jeoa ke hlobo, o ile a e rōkella ka har’a mosamo eaba o o isa ho monna oa hae teronkong. Le hoja maemo a ne a le thata haholo, buka eo e ile ea pholoha.
Ka mor’a ho qeta likhoeli tse ngata a le teronkong, Judson o ile a lokolloa. Empa o ile a thaba ka nakoana feela. Hamorao selemong sona seo, Ann o ile a tšoaroa ke feberu e bohale, eaba o shoa libeke li se kae ka mor’a moo. Ho ile ha feta feela likhoeli tse tšeletseng, eaba morali oa hae, Maria, ea neng a habile ho qeta lilemo tse peli o kula hampe ’me oa hlokahala. Le hoja Judson a ne a nyahame, o ile a qalella ka mosebetsi oa hae. Qetellong Bibele e feletseng e ile ea fela ka 1835.
Na U Rata Lentsoe la Molimo?
Ho hang tsela eo bafetoleli bana ba ileng ba bontša ka eona hore ba rata Lentsoe la Molimo hase ntho e ncha. Iseraeleng ea boholo-holo, mopesaleme e mong o ile a binela Jehova Molimo pina e reng: “Molao oa hao ke o rata hakaakang! Ke nahanisisa ka oona letsatsi lohle.” (Pesaleme ea 119:97) Bibele hase feela buka e tsotehang. E na le molaetsa oa bohlokoa. Na u nahanisisa ka Lentsoe la Molimo ka ho le bala kamehla? U ka kholiseha hore haeba u etsa joalo ’me u ikitlaelletsa ho sebelisa seo u ithutang sona, u ‘tla thaba ha u etsa’ joalo.—Jakobo 1:25.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
^ ser. 22 Hona joale Burma e tsejoa e le Myanmar, ’me Seburma se tsejoa e le Semyanmar.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 8]
“Molao oa Kreste o thopothela hantle ho Manyesemane ka Senyesemane.”—JOHN WYCLIFFE
[Litšoantšo tse leqepheng la 9]
William Tyndale le leqephe la Bibele ea Tyndale
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Tyndale: From the book The Evolution of the English Bible
[Litšoantšo tse leqepheng la 10]
Robert Morrison le phetolelo ea hae ea Bibele ea Sechaena
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng]
In the custody of the Asian Division of the Library of Congress
Robert Morrison, engraved by W. Holl, from The National Portrait Gallery Volume IV, published c.1820 (litho), Chinnery, George (1774-1852) (after)/Private Collection/Ken Welsh/The Bridgeman Art Library International
[Litšoantšo tse leqepheng la 11]
Adoniram Judson le phetolelo ea hae ea Bibele ea Seburma
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Judson: Engraving by John C. Buttre/Dictionary of American Portraits/Dover
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 8]
Wycliffe: From the book The History of Protestantism (Vol. I); Bible: Courtesy of the American Bible Society Library, New York