Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Jehova o Senola se “Tla Etsahala Haufinyane”

Jehova o Senola se “Tla Etsahala Haufinyane”

Jehova o Senola se “Tla Etsahala Haufinyane”

“Tšenolo ka Jesu Kreste, eo Molimo a ileng a mo fa eona, ho bontša makhoba a hae lintho tse tla etsahala haufinyane.”—TŠEN. 1:1.

U KA ARABA JOANG?

Ke likarolo life tsa setšoantšo se seholohali tse tšoantšetsang ’Muso oa Lefatše oa Manyesemane le Maamerika?

Johanne o hlalosa kamano e pakeng tsa ’Muso oa Lefatše oa Manyesemane le Maamerika hammoho le Machaba a Kopaneng joang?

Daniele le Johanne ba hlalosa ho felisoa ha puso ea batho joang?

1, 2. (a) Boprofeta ba Daniele le ba Johanne bo re thusa hore re etse’ng? (b) Lihlooho tsa pele tse tšeletseng tsa sebata li tšoantšetsa’ng?

BOPROFETA ba Daniele le ba Johanne bo lumellana ka tsela e re thusang hore re utloisise hore na lintho tse ngata tse etsahalang lefatšeng hona joale le tse tla etsahala nakong e tlang li bolela’ng. Re ka ithuta’ng ha re bapisa pono ea Johanne ea sebata le tlaleho ea Daniele ea sebata se tšosang se neng se e-na le linaka tse leshome hammoho le tlhaloso ea Daniele ea setšoantšo se seholohali? Ho feta moo, haeba re utloisisa boprofeta boo hantle seo se tla re susumelletsa hore re etse’ng?

2 A re ke re tšohleng pono ea Johanne ea sebata. (Tšen. khao. 13) Joalokaha re bone sehloohong se fetileng, lihlooho tsa pele tse tšeletseng tsa sebata li tšoantšetsa Egepeta, Assyria, Babylona, Medo-Persia, Greece le Roma. Kaofela ha tsona li ile tsa hloea peō ea mosali. (Gen. 3:15) Roma, e leng hlooho ea botšelela, e ile ea tsoela pele e le oona ’muso o matla oa lipolotiki ka lilemo tse makholo ka mor’a hore Johanne a ngole pono ea hae. Qetellong, hlooho ea bosupa e ne e tla nkela Roma sebaka. Ke ’muso ofe oa lefatše o ileng oa e nkela sebaka, hona o ne o tla tšoara peō ea mosali joang?

BRITHANI LE UNITED STATES E BA MEBUSO E MATLA

3. Sebata se tšosang se nang le linaka tse leshome se tšoantšetsa’ng, hona linaka tse leshome li tšoantšetsa’ng?

3 Re ka tseba hore na hlooho ea bosupa ea sebata seo ho buuoang ka sona ho Tšenolo khaolo ea 13 ke eng ka hore re bapise pono ea Johanne le ea Daniele ea sebata se tšosang se linaka li leshome. * (Bala Daniele 7:7, 8, 23, 24.) Sebata seo Daniele a se boneng se ne se tšoantšetsa ’Muso oa Lefatše oa Roma. (Sheba chate e leqepheng la 12-13.) Lekholong la bohlano la lilemo C.E., ’Muso oa Roma o ile oa tsekoloha. Linaka tse leshome tse ileng tsa hlaha hloohong ea sebata seo se tšosang, li emela mebuso e ileng ea tsoa ’Musong oo oa Roma.

4, 5. (a) Lenaka le lenyenyane le ile la etsa’ng? (b) Hlooho ea bosupa ea sebata ke eng?

4 Bukeng ea Daniele ho buuoa ka ho khetheha ka linaka tse ’nè, kapa mebuso e hlahileng hloohong ea sebata se mabifi. Linaka tse tharo li rojoa ke lenaka le leng “le lenyenyane.” Sena se ile sa phethahala ha Brithani, eo e neng e kile ea e-ba karolo e nyenyane ea ’Muso oa Roma e ne e e-ba ’muso o ikemetseng. Ho fihlela lekholong la bo17 la lilemo, Brithani e ne e se ’muso oa bohlokoa hakaalo. Mebuso e meng e meraro ea linaha tseo e neng e le karolo ea ’Muso oa Roma ea boholo-holo e leng Spain, Netherlands le Fora, e ne e le matla ho e feta. Brithani e ile ea liha mebuso eo ka bonngoe, ea e tlosa boemong ba eona bo phahameng. Bohareng ba lekholo la bo18 la lilemo, Brithani e ne e le haufi le ho ba ’muso o matla oa lefatše. Empa e ne e e-s’o be hlooho ea bosupa ea sebata.

5 Le hoja Brithani e ile ea e-ba ’muso o matla, likolone tsa eona tse Amerika Leboea li ile tsa ikarola ho eona. Leha ho le joalo, United States e ile ea e-ba matla, e sirelelitsoe ke lebotho la Brithani la sesole sa metsing. Nakong eo letsatsi la Morena le neng le qala ka eona ka 1914, Brithani e ne e le ’muso o matla ka ho fetisisa ’me United States e le naha e nang le liindasteri tse khōlō ka ho fetisisa lefatšeng. * Nakong ea Ntoa ea I ea Lefatše, United States e ile ea theha maqhama a ikhethang le Brithani. Joale hlooho ea bosupa ea sebata e ile ea hlahella e le ’Muso oa Lefatše oa Manyesemane le Maamerika. Hlooho ee e ile ea tšoara peō ea mosali joang?

6. Hlooho ea bosupa e ’nile ea tšoara batho ba Molimo joang?

6 Nakoana ka mor’a hore letsatsi la Morena le qale, hlooho ea bosupa e ile ea hlasela batho ba Molimo—e leng barab’abo Kreste ba ntseng ba le lefatšeng. (Mat. 25:40) Jesu o ile a bontša hore nakong ea ho ba teng ha hae, masala a peō a ne a tla be a etsa mosebetsi oo a a fileng ’ona lefatšeng. (Mat. 24:45-47; Bagal. 3:26-29) ’Muso oa Lefatše oa Manyesemane le Maamerika o ile oa loantša bahalaleli bao. (Tšen. 13:3, 7) Nakong ea Ntoa ea I ea Lefatše, o ile oa hatella batho ba Molimo, oa thibela tse ling tsa lingoliloeng tsa bona oa ba oa hlahlela baemeli ba lekhoba le tšepahalang chankaneng. Hlooho ea bosupa ea sebata e ile ea batla e felisa mosebetsi oa boboleli. Jehova o ile a bona esale pele hore sena se ne se tla etsahala ’me o ile a se senolela Johanne. Molimo o ile a boela a bolella Johanne hore karolo ea bobeli ea peō e ne e tla tsosolosoa ’me e ne e tla boela e phethe mosebetsi oa boboleli ka mafolofolo. (Tšen. 11:3, 7-11) Histori ea bahlanka ba Jehova ea kajeno e tiisa hore lintho tsena li ile tsa etsahala.

’MUSO OA LEFATŠE OA MANYESEMANE LE MAAMERIKA LE MAOTO A TŠEPE LE LETSOPA

7. Hlooho ea bosupa ea sebata e amana joang le setšoantšo se seholohali?

7 Hlooho ea bosupa ea sebata e amana joang le setšoantšo se seholohali? Brithani e ne e le karolo ea ’Muso oa Roma. Kaha United States e tsoile ho Brithani, re ka bolela hore United States le eona e tsoile ’Musong oa Roma le hoja e se ka ho toba. Leha ho le joalo, ho etsahala’ng ka maoto a setšoantšo? Ho boleloa hore ke motsoako oa tšepe le letsopa. (Bala Daniele 2:41-43.) Tlhaloso ena e tsamaisana le nako eo ka eona hlooho ea bosupa—e leng ’Muso oa Lefatše oa Manyesemane le Maamerika—o neng o tla ba matla. Feela joalokaha ntho e entsoeng ka tšepe e kopaneng le letsopa e se matla joaloka e entsoeng ka tšepe feela, le ’Muso oa Lefatše oa Manyesemane le Maamerika ha o matla joaloka ’muso oo o tsoileng ho oona. Ka tsela efe?

8, 9. (a) ’Muso oa bosupa oa lefatše o bontšitse joang hore o na le matla a kang a tšepe? (b) Letsopa le maotong a setšoantšo le tšoantšetsa’ng?

8 Ka linako tse ling hlooho ea bosupa ea sebata e ’nile ea bontša litšobotsi tse kang tsa tšepe. Ka mohlala, e ile ea bontša hore e matla ka hore e hlōle Ntoeng ea I ea Lefatše. Nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše, matla a kang a tšepe a hlooho ea bosupa a ile a boela a bonahala. * Ka mor’a ntoa eo, ka linako tse ling hlooho ea bosupa e ile ea bontša litšobotsi tse kang tsa tšepe. Leha ho le joalo, ho tloha qalong, tšepe eo e ne e se e ntse e kopane le letsopa.

9 Ke khale bahlanka ba Jehova ba batla ho utloisisa hore na maoto a setšoantšo a tšoantšetsa’ng. Daniele 2:41 e hlalosa motsoako oa tšepe le letsopa e le “’muso” o le mong eseng e mengata. Kahoo, letsopa le bolela hore ho na le ntho e etsang hore ’Muso oa Lefatše oa Manyesemane le Maamerika o se ke oa ba matla joaloka ’Muso oa Roma, oo ho ileng ha boleloa hore ke meomo e entsoeng ka tšepe. Ho boleloa hore letsopa ke “bana ba moloko oa batho” kapa batho feela ba tloaelehileng. (Dan. 2:43) ’Musong oa Lefatše oa Manyesemane le Maamerika, batho ba ’nile ba tsohela ’muso matla ba batla litokelo tsa bona, ba etsa matšolo a ho loanela litokelo tsa botho, ba theha mekhatlo ea basebetsi le mekhatlo e loanelang boipuso. Batho feela ba tloaelehileng ba sitisa ’Muso oa Lefatše oa Manyesemane le Maamerika hore o etse lintho ka matla a kang a tšepe. Batho ba na le maikutlo a sa tšoaneng litabeng tsa lipolotiki. Ho feta moo, haeba moeta-pele a hlōla likhetho ka palo e nyenyane feela, ha a be le matla a lekaneng ho phethahatsa seo a se tšepisitseng bakhethi. Daniele o ile a bolela esale pele a re: “’Muso oo o tla ba matla ’me ka karolo e ’ngoe e tla ba o pshatlehang.”—Dan. 2:42; 2 Tim. 3:1-3.

10, 11. (a) Ke sefe se tla etsahala ka “maoto” nakong e tlang? (b) Re ka fihlela qeto efe ka palo ea menoana ea maoto?

10 Lekholong la bo21 la lilemo, Brithani le United States li ’nile tsa tsoela pele ka maqhama a ikhethang ao li nang le ’ona, ’me hangata li sebetsa ’moho litabeng tsa lefatše. Boprofeta ba setšoantšo se seholohali le ba sebata bo tiisa hore ha ho sa na ’muso o mong oa lefatše o tla nkela ’Muso oa Lefatše oa Manyesemane le Maamerika sebaka. E ka ’na eaba ’muso ona oa lefatše ha o matla joaloka o emeloang ke meomo ea tšepe, empa o ke ke oa putlama ka booona.

11 Na palo ea menoana ea maoto ea setšoantšo see e na le seo e se bolelang? Nahana ka sena: Liponong tse ling, Daniele o bua ka palo e tobileng—ka mohlala, o bolela hore na linaka tse lihloohong tsa libata tse fapa-fapaneng li kae ka palo. Lipalo tseo ke tsa bohlokoa. Leha ho le joalo, ha Daniele a hlalosa setšoantšo, ha a bolele hore na menoana ea sona ea maoto e mekae. Kahoo, ho bonahala eka palo ea menoana ea maoto e ne e se ea bohlokoa joalokaha e ne e se taba ea bohlokoa hore na setšoantšo se na le liphaka, matsoho, menoana ea matsoho, meomo kapa maoto a makae. Daniele o bolela ka ho toba hore menoana ea maoto e entsoe ka tšepe le letsopa. Ho latela tlhaloso ea hae, re ka fihlela qeto ea hore ’Muso oa Lefatše oa Manyesemane le Maamerika ke oona o tla beng o busa ha “lejoe” le emelang ’Muso oa Molimo le otla maoto a setšoantšo.—Dan. 2:45.

’MUSO OA MANYESEMANE LE MAAMERIKA LE SEBATA SE LINAKA LI PELI

12, 13. Sebata se linaka li peli se tšoantšetsa’ng, hona se etsa’ng?

12 Le hoja ’Muso oa Lefatše oa Manyesemane le Maamerika e le motsoako oa tšepe le letsopa, pono eo Jesu a ileng a e bontša Johanne e bontša hore ’muso ona o tla tsoela pele ho phetha karolo ea bohlokoa matsatsing a ho qetela. Ka tsela efe? Johanne o ile a bona pono ea sebata se linaka li peli se buang joaloka drakone. Sebata see se makatsang se tšoantšetsa’ng? Se na le linaka tse peli, kahoo ke mebuso e ’meli. Johanne o boetse o bona ’Muso oa Lefatše oa Manyesemane le Maamerika empa o phetha karolo e ikhethang.—Bala Tšenolo 13:11-15.

13 Sebata sena se khothalletsa batho hore ba etse setšoantšo sa sebata se nang le lihlooho tse supileng. Johanne o ile a ngola hore setšoantšo sa sebata se ne se tla ba teng, se nyamele ’me se be teng hape. Seo ke sona se ileng sa etsahala hantle ka mokhatlo o neng o buelloa ke Brithani le United States, e leng mokhatlo o neng o reretsoe ho kopanya le ho emela mebuso ea lefatše. * Mokhatlo ona o ile oa hlaha ka mor’a Ntoa ea I ea Lefatše ’me o ne o bitsoa Selekane sa Lichaba. O ile oa nyamela ha Ntoa ea II ea Lefatše e qala. Nakong ea ntoa eo, bahlanka ba Molimo ba ile ba bolela hore ho latela boprofeta ba Tšenolo, setšoantšo sa sebata se ne se tla nyoloha hape. Se ile sa fela sa nyoloha—e se e le Machaba a Kopaneng.—Tšen. 17:8.

14. Ke ka tsela efe setšoantšo sa sebata e leng “morena oa borobeli”?

14 Johanne o ile a hlalosa hore setšoantšo seo sa sebata ke “morena oa borobeli.” Ka tsela efe? Ha ho bontšoe hore ke hlooho ea borobeli ea sebata seo ho builoeng ka sona qalong. Empa feela e le setšoantšo sa sebata seo. Matla ao se nang le ’ona a tsoa lichabeng tseo e leng litho tsa mokhatlo oa Machaba a Kopaneng, haholo-holo ’Muso oa Lefatše oa Manyesemane le Maamerika, e leng oona o ka sehloohong o tšehetsang mokhatlo oo. (Tšen. 17:10, 11) Empa setšoantšo sena se fuoa matla a hore e be morena ea tla etsa ntho e tla ama lefatše lohle.

SETŠOANTŠO SA SEBATA SE HAROLA SEOTSOA

15, 16. Seotsoa se tšoantšetsa’ng, ’me ho etsahetse’ng ka tšehetso eo se neng se e-na le eona?

15 Johanne o bolela hore seotsoa se palame sebata se ’mala o sekareleta—e leng setšoantšo sa sebata—’me sea se laola. Se bitsoa “Babylona e Moholo.” (Tšen. 17:1-6) Ka nepo seotsoa sena se tšoantšetsa malumeli ’ohle a bohata, ’me a ka sehloohong ke likereke tsa Bokreste-’mōtoana. Malumeli a bohata a ’nile a bolela phatlalatsa hore a tšehetsa setšoantšo sa sebata ’me a ’nile a leka ho se susumetsa.

16 Leha ho le joalo, letsatsing la Morena, Babylona e Moholo e ’nile ea bona metsi, e leng batho ba e tšehetsang, a psha ka potlako. (Tšen. 16:12; 17:15) Ka mohlala, ha setšoantšo sa sebata se ne se qala ho hlaha, likereke tsa Bokreste-’mōtoana—e leng karolo ea Babylona e Moholo e nang le tšusumetso e khōlō—li ne li e-na le matla a maholo linaheng tsa Bophirimela. Kajeno, sechaba ha se sa hlompha likereke hammoho le baruti ba tsona ebile ha se sa li tšehetsa. Ha e le hantle, batho ba bangata ba lumela hore bolumeli bo kenya letsoho likhohlanong tse bang teng sechabeng kapa ke bona bo li bakang. Batho ba bang ba bolela phatlalatsa hore bolumeli bohle bo lokela ho felisoa.

17. Ke sefe se tla etsahala bolumeling ba bohata haufinyane, hona hobane’ng?

17 Leha ho le joalo, bolumeli ba bohata bo ke ke ba iphella feela. Seotsoa se tla lula se e-na le matla, se tla leka ho susumetsa marena hore a etse thato ea sona ho fihlela ha Molimo a susumetsa lipelo tsa ba boholong. (Bala Tšenolo 17:16, 17.) Haufinyane Jehova o tla etsa hore mekhatlo ea tsamaiso ea lipolotiki ea Satane, e emeloang ke Machaba a Kopaneng, e hlasele bolumeli. E tla felisa tšusumetso ea bona hammoho le maruo a bona. Mohlomong lilemong tse mashome a seng makae tse fetileng, batho ba bangata ba ne ba nahana hore bolumeli bo tla lula bo le matla bo bile bo hlomphuoa. Kajeno, seotsoa ha sea tsitsa mokokotlong oa sebata se ’mala o sekareleta. Leha ho le joalo, se ke ke sa oa butle. Se tla oa ka potlako ’me se tla oa habohloko.—Tšen. 18:7, 8, 15-19.

LIBATA LIA FELISOA

18. (a) Sebata se tla etsa’ng, ’me qetello ea seo e tla ba efe? (b) Daniele 2:44 e bolela hore ’Muso oa Molimo o tla felisa mebuso efe? (Sheba lebokose le leqepheng la 17.)

18 Ka mor’a hore bolumeli ba bohata bo felisoe, sebata e leng tsamaiso ea Satane ea lefatše ea lipolotiki, se tla susumetsoa hore se hlasele ’Muso oa Molimo. Ha marena a lefatšeng a sa khone ho fihla leholimong, a tla ntšetsa bohale ba ’ona ho batho ba tšehetsang ’Muso oa Molimo lefatšeng. Sena se tla etsa hore ntoa ea Molimo ea makhaola-khang e qale. (Tšen. 16:13-16; 17:12-14) Daniele o hlalosa se tla etsahala ntoeng eo. (Bala Daniele 2:44.) Sebata seo ho buuoang ka sona ho Tšenolo 13:1, setšoantšo sa sona hammoho le sebata se linaka li peli, li tla timetsoa.

19. Re ka kholiseha ka eng, hona ee ke nako ea ho etsa’ng?

19 Re phela nakong eo ho busang hlooho ea bosupa. Ha ho sa tla ba le lihlooho tse ling tse tla hlaha ho sebata sena pele se timetsoa. ’Muso oa Lefatše oa Manyesemane le Maamerika e tla be e le oona o busang ha bolumeli ba bohata bo felisoa. Boprofeta ba Daniele le ba Johanne bo phethahetse ka hohle-hohle. Re ka kholiseha hore haufinyane bolumeli ba bohata bo tla felisoa ’me ntoa ea Armagedone e tla qala. Molimo o re boleletse sena esale pele. Na re tla mamela litemoso tsee tsa boprofeta? (2 Pet. 1:19) Ena ke nako ea hore re be ka lehlakoreng la Jehova le hore re tšehetse ’Muso oa hae.—Tšen. 14:6, 7.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 3 Hangata ka Bibeleng, palo leshome, e tšoantšetsa sehlopha se feletseng—tabeng ena e tšoantšetsa mebuso eohle e tsoileng ’Musong oa Roma.

^ ser. 5 Le hoja ’Muso oa Brithani le United States e ’nile ea e-ba teng ho tloha lekholong la bo18 la lilemo, Johanne o bua ka mebuso eo ha e e-ba ’Muso o le mong qalong ea letsatsi le Morena. Ha e le hantle, lipono tse tlalehiloeng bukeng ea Tšenolo, li phethahala “letsatsing la Morena.” (Tšen. 1:10) Hlooho ea bosupa e ile ea qala ho sebetsa e le ’muso oa lefatše o kopaneng ho tloha nakong ea Ntoa ea I ea Lefatše.

^ ser. 8 Daniele o ile a bona esale pele tšenyo eo morena enoa a neng a tla e baka nakong ea ntoa, o ile a ngola a re: “O tla baka tšenyo ka tsela e hlollang [e tšabehang].” (Dan. 8:24) Ka mohlala, United States e ile ea hlasela sera sa ’Muso oa Manyesemane le Maamerika ka libomo tse peli tsa athomo. Libomo tsena li ile tsa baka tšenyo e khōlō.

^ ser. 13 Sheba Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi! leqepheng la 240, 241, 253.

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Lebokose leqepheng la 17]

‘MEBUSO EE KAOFELA’ KE EFE?

Boprofeta bo ho Daniele 2:44 bo bolela hore ’Muso oa Molimo “o tla silakanya o felise mebuso ena kaofela.” Boprofeta boo bo bua feela ka mebuso e tšoantšetsoang ke likarolo tse fapa-fapaneng tsa setšoantšo.

Ho thoe’ng ka mebuso e meng ea batho? Boprofeta bo tšoanang le boo bo bukeng ea Tšenolo, bo hlakisa taba ena ka tsela e batsi. Bo bontša hore “marena a lefatše lohle leo ho ahiloeng ho lona” a tla bokelloa khahlanong le Jehova ka “letsatsi le leholo la Molimo ea Matla ’Ohle.” (Tšen. 16:14; 19:19-21) Kahoo, hase mebuso e tšoantšetsoang ke likarolo tse fapa-fapaneng tsa setšoantšo feela e tla felisoa empa ho tla felisoa le mebuso eohle ea batho ka ntoa ea Armagedone.