Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ho Eka ke Pontšo e Tšosang ea Mehla ea Bofelo!

Ho Eka ke Pontšo e Tšosang ea Mehla ea Bofelo!

Ho Eka ke Pontšo e Tšosang ea Mehla ea Bofelo!

‘Re ile ra ba ba tšepahalang le ba lokileng le ba ke keng ba tšoauoa phoso.’—1 BATHES. 2:10.

FUMANA LINTLHA TSA SEHLOOHO:

Tsela eo Delila, Absalome le Judase Iskariota ba ileng ba eka batho ba bang ka eona e re ruta’ng?

Re ka etsisa botšepehi bo bontšitsoeng ke Jonathane le Petrose joang?

Re ka lula re tšepahala ho balekane ba rōna le ho Jehova joang?

1-3. (a) Pontšo e tšosang ea mehla ea bofelo ke efe, ’me e akarelletsa’ng? (b) Re tla araba lipotso life tse tharo?

DELILA, Absalome le Judase Iskariota ba tšoana ka eng? Kaofela ba ne ba sa tšepahale—Delila ha aa ka a tšepahala ho monna ea neng a mo rata e leng Moahloli Samsone; Absalome ho ntate oa hae e leng Morena Davida; Judase ho Monghali oa hae e leng Kreste Jesu. Liketso tse mpe tsa e mong le e mong oa bona li ile tsa bakela ba bang mathata a maholo! Empa ke hobane’ng ha re lokela ho itšoenya ka see?

2 Sengoli se seng sa mehleng ena se akarelletsa ho eka har’a liketso tse mpe tse atileng ka ho fetisisa kajeno. Seo ha sea lokela ho re makatsa. Ha Jesu a ne a fana ka pontšo ea “qetello ea tsamaiso ea lintho,” o ile a re: “Ba bangata ba tla . . . ekana.” (Mat. 24:3, 10) “Ho eka” ho bolela “ho nehelana ka motho e mong matsohong a sera ka bolotsana kapa ka ho hloka botšepehi.” Ho se tšepahale ho joalo ho tiisa hore re phela “matsatsing a ho qetela” ao joalokaha Pauluse a boletse, batho e neng e tla ba “ba sa tšepahaleng, . . . baeki.” (2 Tim. 3:1, 2, 4) Le hoja hangata bangoli ba libuka le ba lifilimi ba etsa hore litšoantšiso le lifilimi li hlahise liketso tsa bolotsana eka li ntle ebile li bontša maikutlo a lerato, bophelong ba sebele ho se tšepahale le ho eka ho utloisa batho bohloko ebile ho ba bakela mahlomola. Ka sebele liketso tse joalo ke pontšo e tšosang ea mehla ea bofelo!

3 Re ka ithuta’ng Bibeleng ka batho ba sa kang ba tšepahala nakong e fetileng? Ke mehlala efe ea batho ba ileng ba bontša hore ba tšepahala e le kannete ho batho ba bang eo re ka e etsisang? Hona ke bo-mang bao re lokelang ho lula re tšepahala ho bona ka tieo? A re ke re boneng.

MEHLALA E LEMOSANG EA NAKONG E FETILENG

4. Delila o ile a eka Samsone joang, hona ke hobane’ng ha seo e ne e le ntho e mpe?

4 Oa pele, nahana ka Delila oa lehlaba-phio eo Moahloli Samsone a neng a mo rata. Samsone o ne a ikemiselitse ho loantša Bafilista lebitsong la batho ba Molimo. Kaha mohlomong marena a mahlano a Bafilista a ne a tseba hore Delila o ne a hlile a sa rate Samsone, a ile a mo fa tjotjo e ngata e le hore a fumane lekunutu la hore na matla a Samsone a ne a tsoa hokae e le hore marena ao a tle a mo tlose tseleng. Delila ea meharo ea chelete o ile a amohela tjotjo eo, empa boiteko ba hae ba ho sibolla lekunutu la Samsone bo ile ba hlōleha ka makhetlo a mararo. Ka mor’a moo, o ile a qophella Samsone “ka mantsoe a hae ka nako eohle ’me a tsoela pele ho mo phehella.” Qetellong, “moea oa [Samsone o ile] oa fela pelo ho isa makhatheng a lefu.” Ke moo a ileng a bolella Delila hore ha aa e-s’o kutoe moriri le ka mohla le hore haeba a ka o kutoa, matla a hae a ne a tla fela. * Ha Delila a se a tseba seo, o ile a beha hlooho ea Samsone liropeng tsa hae eaba oa mo beola ha a ne a robetse, eaba ka mor’a moo o mo neha lira tsa hae hore li etse borata ka eena. (Baahl. 16:4, 5, 15-21) Ruri o ile a etsa ntho e mpe haholo! Ka lebaka la meharo feela, Delila o ile a eka monna ea neng a mo rata.

5. (a) Absalome o ile a bontša joang hore ha a tšepahale ho Davida, ’me seo se ile sa senola eng ka eena? (b) Davida o ile a ikutloa joang ha Akitofele e ne e e-ba lehlaba-phio?

5 Mohlala oa bobeli, nahana ka Absalome oa molotsana. Ka lebaka la ho labalabela botumo, o ne a ikemiselitse ho inkela borena ba ntate oa hae Morena Davida, ka likhoka. Absalome o ile a qala ka ho “hapa lipelo tsa batho ba Iseraele” ka hore a ithatise bona, ka ho ba etsetsa litšepiso tsa bohata le ka lerato la boikaketsi. O ne a ba kopa a bile a ba aka, joalokaha eka o amehile e le kannete ka bona le litlhoko tsa bona. (2 Sam. 15:2-6) Absalome o ile a ba a hapa le Akitofele, e leng motšepuoa oa Davida ea ileng a fetoha lehlaba-phio eaba o ikopanya le batho ba neng ba batla ho phethola ’muso. (2 Sam. 15:31) Pesalemeng ea 3 le ea 55, Davida o hlalosa kamoo ho se tšepahale hoo ho ileng ha mo ama kateng. (Pes. 3:1-8; bala Pesaleme ea 55:12-14.) Absalome o ile a senola kamoo a sa hlompheng bobusi ba Molimo kateng ka hore ka boikakaso a lohe mano a ho tsoa morena ea khethiloeng ke Jehova tlaase. (1 Likron. 28:5) Qetellong, bofetoheli boo ha boa ka ba atleha, ’me Davida o ile a tsoela pele ho busa e le motlotsuoa oa Jehova.

6. Judase o ile a eka Jesu joang, ’me lebitso la Judase le ’nile la amahanngoa le eng?

6 Joale, nahana ka seo Judase Iskariota oa moeki a ileng a se etsa ho Kreste. Pasekeng ea ho qetela eo Jesu a ileng a e keteka le baapostola ba hae ba 12, o ile a re ho bona: “Kannete ke re ho lōna, E mong oa lōna o tla nkeka.” (Mat. 26:21) Hamorao bosiung bona boo, ha Jesu a ne a e-na le Petrose, Jakobo le Johanne serapeng sa Gethesemane, o ile a re ho bona: “Bonang! Moeki oa ka o atametse.” Hang-hang Judase o ile a hlaha moo serapeng a e-na le batho bao a neng a entse ’momori le bona, ’me “ha a e-ea ka ho toba ho Jesu a re: ‘Lumela, Rabi!’ ’me a mo aka ka lerato.” (Mat. 26:46-50; Luka 22:47, 52) Judase o ile a ‘eka mali a lokileng’ eaba o nehelana ka Jesu ho lira tsa Hae. Judase eo ea ratang chelete o ile a eka Jesu hore a fumane chelete e kae? Hore feela a fumane likotoana tsa silevera tse 30! (Mat. 27:3-5) Ho tloha ka nako eo, lebitso Judase le ’nile la amahanngoa le “moeki,” haholo-holo ea ekang motho eo a ikentseng motsoalle oa hae.

7. Ke’ng eo re ithutileng eona bophelong ba (a) Absalome le Judase le (b) Delila?

7 Re ithutile’ng mehlaleng ee e lemosang? Absalome le Judase ba ile ba shoa lefu le hlabisang lihlong ka lebaka la ho fetohela le ho eka batlotsuoa ba Jehova. (2 Sam. 18:9, 14-17; Lik. 1:18-20) Lebitso la Delila le tla lula le amahanngoa le bolotsana le lerato la boikaketsi. (Pes. 119:158) Ruri ke habohlokoa hore re qobe mokhoa leha e le ofe oo re ka bang le oona oa ho rata botumo kapa oa ho ba meharo, e leng lintho tse ka etsang hore Jehova a se hlole a re amohela! Ena ke mehlala e matla e ka re thusang hore re qobe ntho leha e le efe e ka etsang hore re se ke ra tšepahala.

ETSISA MOHLALA OA BATHO BA ILENG BA TŠEPAHALA

8, 9. (a) Ke hobane’ng ha Jonathane a ile a etsa kano ea hore o tla tšepahala ho Davida? (b) Re ka etsisa mohlala oa Jonathane joang?

8 Bibele e boetse e bua ka batho ba bangata ba tšepahalang. A re ke re bueng ka ba babeli ba bona ’me re bone seo re ka ithutang sona ho bona, re qale ka monna ea ileng a tšepahala ho Davida. Mohlomong Jonathane, e leng mora e moholo oa Morena Saule, e ka be e bile mohlahlami boreneng ba Iseraele. Leha ho le joalo, Jehova o ile a khetha Davida hore e be eena morena oa Iseraele ea latelang. Jonathane o ile a hlompha qeto ea Molimo. Ha aa ka a ba lefufa eaba o nka hore Davida ke sera. Ho e-na le hoo, “moea oa Jonathane [o ile] oa tlamahana le moea oa Davida” ha Jonathane a ne a etsa kano ea hore o tla tšepahala ho Davida. O ile a ba a fa Davida liaparo tsa hae, sabole, seqha le lebanta, e le ha a mo apesa tlotla ea borena. (1 Sam. 18:1-4) Jonathane o ile a etsa sohle seo a neng a ka se khona ho ‘matlafatsa letsoho la Davida,’ hoo a bileng a beha bophelo ba hae kotsing hore a emele Davida ka pel’a Saule. Ka botšepehi Jonathane o ile a re ho Davida: “U tla ba morena oa Iseraele, ’me ke tla ba oa bobeli ho uena.” (1 Sam. 20:30-34; 23:16, 17) Ha ho makatse hore ebe ka mor’a lefu la Jonathane, Davida o ile a bolela kamoo a neng a mo rata kateng le kamoo a neng a utloile bohloko kateng ka hore a mo binele koli-ea-malla.—2 Sam. 1:17, 26.

9 Jonathane o ne a tseba hore na o ne a lokela ho tšepahala ho mang. O ne a ikokobelletsa ’Musi Jehova ka hohle-hohle, a bile a tšehetsa Davida ka botlalo kaha e ne e le eena motlotsuoa oa Molimo. Ka ho tšoanang, esita le haeba kajeno re sa fuoa boikarabelo bo khethehileng ka phuthehong, ka boithatelo re lokela ho tšehetsa barab’abo rōna ba khethetsoeng ho etella pele har’a rōna.—1 Bathes. 5:12, 13; Baheb. 13:17, 24.

10, 11. (a) Ke hobane’ng ha Petrose a ile a khomarela Jesu ka botšepehi? (b) Re ka etsisa Petrose joang, ’me seo se lokela ho re susumelletsa hore re etse’ng?

10 Mohlala o mong o motle oo re tla o tšohla ke oa moapostola Petrose, ea ileng a bolela phatlalatsa hore o tla tšepahala ho Jesu. Kreste o ile a sebelisa papiso ho thusa barutuoa ba hae ho utloisisa hore na e ne e le habohlokoa hakae hore ba bontše tumelo maling a hae le ’meleng oa hae oo haufinyane o neng o tla etsoa sehlabelo. Papiso eo e ne e se ntho e hlileng e etsahalang empa barutuoa ba hae ba bangata ba ile ba re taba eo ea tšosa eaba ba khaotsa ho mo latela. (Joh. 6:53-60, 66) Kahoo, Jesu o ile a retelehela ho baapostola ba hae ba 12 eaba oa ba botsa: “Le lōna ha le batle ho tsamaea, na ha ho joalo?” Petrose ke eena ea ileng a araba ka ho re: “Morena, re tla tloha re ee ho mang? Ke uena ea nang le lipolelo tsa bophelo bo sa feleng; ’me re lumetse ’me rea tseba hore u Mohalaleli oa Molimo.” (Joh. 6:67-69) Na see se ne se bolela hore Petrose o ne a utloisisa sohle seo Jesu a sa tsoa se bua ka sehlabelo seo A neng a le haufi le ho se etsa? Mohlomong o ne a sa utloisise sohle. Leha ho le joalo, Petrose o ne a ikemiselitse ho tšepahala ho Mora oa Molimo ea tlotsitsoeng.

11 Petrose ha aa ka a nahana hore e tlameha ebe Jesu o ne a e-na le maikutlo a fosahetseng le hore hamorao O ne a tla koenehela seo A se buileng. Ho e-na le hoo, ka boikokobetso Petrose o ile a hlokomela hore Jesu o ne a e-na le “lipolelo tsa bophelo bo sa feleng.” Kajeno, re etsa joang ha re fumana ntlha e re thatafallang kapa e sa lumellaneng le monahano oa rōna ha re bala lingoliloeng tsa rōna tsa Bokreste tse tsoang ho “motsamaisi ea tšepahalang”? Re lokela ho ikitlaelletsa ho utloisisa ntlha eo ho e-na le ho lebella hore e tla fetoloa hore e lumellane le maikutlo a rōna.—Bala Luka 12:42.

LULA U TŠEPAHALA HO MOLEKANE OA HAO OA LENYALO

12, 13. Ho tla joang hore banyalani ba tsoane tlaase, hona ke hobane’ng ha ho ke ke ha boleloa hore motho o etsoa ke hobane a le lilemong tse itseng?

12 Ho eka ha mofuta ofe kapa ofe, ke ntho e mpe e sa lokelang ho lumelloa hore e senye khotso le bonngoe ka malapeng a Bakreste le ka phuthehong. Re ntse re nahanne ka seo, a re ke re tšohleng hore na re ka ema re tiile joang tabeng ea ho tšepahala ho balekane ba rōna ba lenyalo le ho Molimo oa rōna.

13 Bofebe ke o mong oa mefuta e bohloko ka ho fetisisa ea ho eka. Motho ea febang ha a sa tšepahala ho molekane oa hae oa lenyalo ’me o se a shebane le motho e mong. Molekane ea tsoiloeng tlaase o sala a se na mang-oee—’me bophelo ba hae boa ferekana. Ho tla joang hore see se etsahale ho batho ba babeli ba kileng ba ratana? Hangata, ntho ea pele e bakang bothata bona ke ha molekane e mong a se a sa tsotelle hore na e mong o ikutloa joang. Moprofesa oa Kahisano Gabriella Turnaturi o hlalosa hore “ho eka ho ka etsahala hobane banyalani ba se ba sa etse sohle seo ba ka se khonang ho matlafatsa kamano ea bona.” Sena se ka etsahala le ho banyalani bao e seng e le khale ba le lenyalong. Ka mohlala, monna e mong ea lilemo li 50, o hlala mosali oa hae ea tšepahalang eo ba nang le lilemo tse 25 ba nyalane e le hore a nkane le mosali e mong ea mo hapileng maikutlo. Batho ba bang ba emela sena ka ho re ke pherekano ea batho ba lilemong tse bohareng. Leha ho le joalo, ho e-na le ho etsa hore ho utloahale eka ke ntho e ke keng ea qojoa, a re e bitseng seo e hlileng e leng sona—e leng ho eka ho etsoang ke batho ba lilemong tse bohareng. *

14. (a) Jehova o ikutloa joang ka bolotsana bo etsoang lenyalong? (b) Jesu o itse’ng ka ho tšepahala lenyalong?

14 Jehova o ikutloa joang ka batho ba tlohelang balekane ba bona ka mabaka ao e seng a Mangolo? Molimo oa rōna “o hloile tlhalo,” ’me o buile mantsoe a matla khahlanong le batho ba tšoarang balekane ba bona hampe le ba ba lahlang. (Bala Malakia 2:13-16.) Tumellanong le Ntate oa hae, Jesu o ile a ruta hore motho a ke ke a leleka kapa a nyahlatsa molekane ea se nang molato eaba o etsa eka ha ho letho le etsahetseng.—Bala Matheu 19:3-6, 9.

15. Banyalani ba ka etsa joang hore e mong a lule a tšepahala ho e mong?

15 Banyalani ba ka etsa joang hore e mong a lule a tšepahala ho e mong? Lentsoe la Molimo le re: “U thabe le mosali [kapa monna] oa bocha ba hao,” ’me le boetse le re, “Thabela bophelo le mosali [kapa monna] eo u mo ratang.” (Liprov. 5:18; Moek. 9:9) Ha balekane ba lenyalo ba ntse ba hōla, ba lokela ho etsa sohle seo ba ka se khonang ho matlafatsa kamano ea bona, ba hlokomelane ’meleng le maikutlong. Sena se bolela hore e mong o lokela ho ela e mong hloko, ba lokela ho qeta nako hammoho le hore ba be le kamano e haufi haholoanyane. Ba lokela ho tsepamisa likelello tsa bona tabeng ea ho sireletsa lenyalo la bona le ho matlafatsa kamano ea bona le Jehova. E le hore banyalani ba finyelle seo, ba lokela ho ithuta Bibele hammoho, ba sebetse tšimo hammoho khafetsa ba be ba rapelle tlhohonolofatso ea Jehova hammoho.

LULA U TŠEPAHALA HO JEHOVA

16, 17. (a) Botšepehi ba rōna ho Molimo bo ka ’na ba lekoa joang ka lapeng le ka phuthehong? (b) Ke mohlala ofe o bontšang hore ho mamela taelo ea Molimo ea hore re khaotse ho itsoakanya le beng ka rōna ba khaotsoeng ho ka ba le melemo?

16 Ho na le litho tsa phutheho tse entseng libe tse tebileng tse ileng tsa khalemeloa “ka tieo, e le hore [li] ka phela hantle tumelong.” (Tite 1:13) Ba bang bona ho ile ha hlokahala hore ba khaoloe ka lebaka la boitšoaro ba bona. “Ba koetlisitsoeng ke [taeo],” e ba thusitse hore ba lokise kamano ea bona le Molimo. (Baheb. 12:11) Re tla etsa joang haeba re e-na le mong ka rōna kapa motsoalle ea haufi ea khaotsoeng? Ha ho le joalo, re tlameha ho bontša hore na re tšepahala ho Molimo kapa ho motho eo. Jehova o re shebile ho bona hore na re tla mamela taelo ea hae ea hore re se ke ra itsoakanya le mang kapa mang ea khaotsoeng.—Bala 1 Bakorinthe 5:11-13.

17 Nahana ka mohlala ona o bontšang hore na ho ka ba le molemo ofe haeba ba lelapa ba tšehetsa ka botšepehi taelo ea Jehova ea hore re se ke ra itsoakanya le beng ka rōna ba khaotsoeng. Mohlankana e mong o ne a e-na le lilemo tse fetang leshome a khaotsoe, ’me nakong eo ntate oa hae, ’mè oa hae le barab’abo ba bane, ba ile ba ‘khaotsa ho itsoakanya’ le eena. Ka linako tse ling o ne a leka ho kenella linthong tseo ba li etsang, empa hoa babatseha hore ebe e mong le e mong ka lapeng o ne a ema a tiile hore a se ke a itsoakanya le eena. Ka mor’a hore a khutlisetsoe ka phuthehong, o ile a bolela hore kamehla o ne a hloloheloa ho ba le ba lelapa labo, haholo-holo bosiu ha a le mong. Empa, o ile a lumela hore haeba ba lelapa labo ba ne ba ile ba itsoakanya le eena le haeba e ne e le ka nako e fokolang feela, seo se ka be se ile sa mo khotsofatsa. Leha ho le joalo, kaha ha ho le ea mong lapeng labo ea ileng a mo buisa le hanyenyane feela, takatso e matla ea ho ba le bona ke eona e ileng ea mo susumelletsa hore a tsosolose kamano ea hae le Jehova. Haeba u ka lekeha hore u tlōle taelo ea Molimo ea hore u se ke ua itsoakanya le beng ka uena ba khaotsoeng, e ka ba hantle hore u nahane ka seo.

18. Ka mor’a hore re tšohle melemo ea ho tšepahala le litholoana tsa ho se tšepahale, u ikemiselitse ho etsa’ng?

18 Re phela lefatšeng le nang le batho ba bolotsana le ba sa tšepahaleng. Leha ho le joalo, ka phuthehong ea Bokreste ho na le batho ba bangata ba tšepahalang ba re behelang mohlala o motle oo re ka o etsisang. Tsela eo ba phelang ka eona ea ba buella, joalokaha eka e re: “Le lipaki, Molimo le eena ke eona, kamoo re ileng ra ba ba tšepahalang le ba lokileng le ba ke keng ba tšoauoa phoso ho lōna balumeli.” (1 Bathes. 2:10) E se eka kaofela ha rōna re ka lula re tšepahala ho Molimo re bile re tšepahala e mong ho e mong.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 4 Mohloli oa matla a Samsone e ne e se moriri ka booona, empa e ne e le se emeloang ke moriri oo, e leng kamano e khethehileng eo Samsone a neng a e-na le eona le Jehova hobane e ne e le Monazari.

^ ser. 13 E le hore u fumane thuso ea hore na u ka sebetsana le ho se tšepahale ha molekane oa lenyalo joang, sheba sehlooho se reng, “Seo U ka se Etsang ha Molekane a U Soetsa,” Molula-Qhooeng oa June 15, 2010, leqepheng la 29-32.

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Setšoantšo se leqepheng la 10]

Petrose o ile a tšepahala ho Mora oa Molimo ea tlotsitsoeng le hoja ba bang ba ile ba khaotsa ho Mo latela