Etsisa Kreste, ha U Sebelisa Matla
Etsisa Kreste, ha U Sebelisa Matla
LILEMONG tse ngata tse fetileng, ho ile ha etsoa teko mabapi le tsela eo batho ba itšoarang ka eona ’me e ile ea hlahisa liphello tse thahasellisang haholo. Ba neng ba kopanetse tekong ena ba ile ba aroloa lihlopha tse peli. Sehlopha se seng se ile sa abeloa hore e be balebeli ’me sa laeloa hore se hlokomele se seng, se neng se abetsoe hore e be batšoaruoa. Ho ile ha etsahala’ng?
Ho tlalehoa hore: “Ka matsatsi a ’maloa feela, [balebeli] ba bangata ba ne ba se ba qalile ho hlapaola le ho hlekefetsa, ba bile ba fana ka likotlo khafetsa, empa batšoaruoa bona ba ne ba tlameha ho ikokobetsa ka lebaka la ho tšaba le ho thothomella [balebeli].” Bafuputsi ba ile ba qeta ka ho re: Motho e mong le e mong a ka oela lerabeng la ho sebelisa matla hampe.
Tsela e Nepahetseng le e Fosahetseng ea ho Sebelisa Matla
Ke ’nete hore tšebeliso e nepahetseng ea matla e ka ba le tšusumetso e molemo. E ka fana ka tataiso e nepahetseng ebile e ka ba le melemo e itseng ’meleng, maikutlong le moeeng. (Liproverbia 1:5; Esaia 48:17, 18) Leha ho le joalo, joalokaha teko e boletsoeng ka holimo e bontšitse, ho na le kotsi e lulang e le teng ea ho sebelisa matla ka tsela e feteletseng. Bibele e hlokomelisa ka kotsi ena ’me e re: “Ha mang kapa mang ea khopo a busa, batho baa feheloa.”—Liproverbia 29:2; Moeklesia 8:9.
Ho sebelisa matla hampe ho kotsi, esita le haeba ho etsoa ka sepheo se nepahetseng. Ka mohlala, morao tjena, lekhotla le leng la thuto ea bolumeli la Ireland le ile la kōpa tšoarelo phatlalatsa ka lebaka la tsela eo mesuoe e meng e neng e sebelisitse matla a eona hampe kateng ho bana ba neng ba le tlhokomelong ea eona. Ho hlakile hore, e meng ea mesuoe ena e mengata e ne e etsa sena ka sepheo se setle, empa mekhoa e neng e sebelisoa ke mesuoe e meng e ne e le kotsi haholo. Koranta e ’ngoe e tlalehile hore “ka tsela e itseng bana ba bangata [ba ne ba] tšositsoe ke mabifi a feteletseng le ke sehlōhō sa mesuoe e mengata ea baitlami ba kereke.” (The Irish Times) Joale, ebe u ka sebelisa matla joang e le hore u thuse ba bang hore ba ipabole linthong tseo ba li etsang ho e-na le ho ba khopisa kapa ho ba utloisa bohloko ka mantsoe kapa ka liketso?—Liproverbia 12:18.
Jesu Kreste o Filoe “Matla ’Ohle”
Nahana ka mohlala oa Jesu Kreste. Nakoana pele a nyolohela leholimong, o ile a re ho barutuoa ba hae: “Ke filoe matla ’ohle leholimong le lefatšeng.” (Matheu 28:18) Na mantsoe aa a ile a tšosa barutuoa ba hae? Na ba ile ba nahana hore joale Jesu o ne a tla tšoana le bo-Cesare ba Roma, ba neng ba tumme ka ho felisa mang kapa mang ea neng a hanyetsa kapa a fetohela ’muso?
Bibele e hana e tiile! Jesu Kreste o sebelisa matla a hae joaloka Ntat’ae. Le hoja ho loketse hore ebe Jehova ke eena ’Musi ea matla ’ohle oa Bokahohle, o batla hore batho ba hae ba mo sebeletse ka ho rata, eseng ka ho mo mamela ba sa nahane, ba tšohile kapa ba mamela joaloka makhoba. (Matheu 22:37) Ha ho mohla Jehova a sebelisang matla a hae hampe. Pono e hlakileng e ileng ea fuoa moprofeta Ezekiele e bontša sena.
Ponong ena, Ezekiele o ile a bona libōpuoa tse ’nè tsa mangeloi tse neng li phahamisa bobusi ba Molimo. Sebōpuoa ka seng se ne se e-na le lifahleho tse ’nè. Ezekiele oa ngola o re: “Ha e le sebōpeho sa lifahleho tsa tsona, ka bone ba tsona li ne li e-na le sefahleho sa motho se nang le sefahleho sa tau ka lehlakoreng le letona, ’me ka bone ba tsona li ne li e-na le sefahleho sa poho ka lehlakoreng le letšehali; ka bone ba tsona li ne li boetse li e-na le sefahleho sa ntsu.” (Ezekiele 1:10) Lifahleho tsena tse ’nè li emela litšoaneleho kapa litšobotsi tse khōlō tse ’nè tse leka-lekanang ka ho phethahetseng, tsa Molimo. Ka Lentsoeng la Molimo litšoaneleho tsena li hlalosoa e le: lerato, le emeloang ke sefahleho sa motho; toka, e emeloang ke sefahleho sa tau; le bohlale, bo emeloang ke sefahleho sa ntsu. Litšobotsi tsena tse tharo li tsamaisana le ea bone—e leng matla, joalokaha a bonahatsoa ke sefahleho sa poho. See sohle se bolela’ng? Pono ena e bontša hore kamehla Jehova o sebelisa matla a hae a maholo tumellanong le litšoaneleho tse ling tsa hae tse khōlō.
Kaha o ne a etsisa Ntat’ae, kamehla Jesu Kreste o ne a sebelisa matla a hae ka tsela e lerato, e bohlale le e lokileng. Barutuoa ba hae ba ile ba Matheu 11:28-30) Tšobotsi e hlahelletseng haholo ea Jehova Molimo le Jesu Kreste ke lerato, eseng matla kapa bonatla!—1 Bakorinthe 13:13; 1 Johanne 4:8.
khatholoha haholo ha ba ne ba sebetsa tlas’a bolaoli ba Jesu. (U Sebelisa Matla Joang?
Uena u sebelisa matla joang? Ka mohlala, ka lelapeng, na u sebelisa matla a hao ho tsitlallela hore ho etsoe thato ea hao? Na ba lelapa la hao ba lumellana le liqeto tsa hao hobane ba u tšaba kapa hobane ba u rata? Na matla a hao ke ’ona a etsang hore ba u mamele? Tsena ke lipotso tseo lihlooho tsa malapa li lokelang ho li nahana e le hore lintho li tsamaisoe ka tsela ea puso ea Molimo ka malapeng a tsona.—1 Bakorinthe 11:3.
Ho thoe’ng haeba u e-na le matla a itseng ka phuthehong ea Bokreste? Ha u batla ho netefatsa hore na ebe u sebelisa matla ka nepo, itlhahlobe ka melao-motheo e latelang e bululetsoeng ke Jehova Molimo ’me ea bonahatsoa ke Jesu Kreste.
“Lekhoba la Morena . . . ho hlokahala hore le be bonolo ho bohle, . . . le lule le ithibile bobeng, le rupele ka bonolo ba ratang ho hanyetsa.”—2 Timothea 2:24, 25.
Batho ba bang ba ne ba e-na le matla a maholo a ho laela ka phuthehong ea pele ea Bokreste. Ka mohlala, Timothea, o ne a bile a “laela ba bang hore ba se ke ba ruta thuto e fapaneng.” (1 Timothea 1:3) Leha ho le joalo, re ka kholiseha hore Timothea o ile a bontša litšobotsi tsa bomolimo ho sohle seo a ileng a se etsa, etsoe ha ho pelaelo hore o ile a latela keletso ea Pauluse ea hore a rupele “ka bonolo” le ho ba “bonolo ho bohle” ha a ntse a okametse phutheho ea Bokreste. Kaha o ne a batla a le monyenyane lilemong, ho ne ho hlokahala hore e be ngoana ea hlomphang batho ba baholo le ea hlokomelang bacha ba bang. (1 Timothea 5:1, 2) Ha phutheho ea Bokreste e hlokometsoe ka lerato le joalo, e bonahatsa moea oa lelapa le mofuthu le le nang le lerato, eseng moea oa k’hamphani oa ho se tsotellane, o sehlōhō.—1 Bakorinthe 4:14; 1 Bathesalonika 2:7, 8.
“Babusi ba lichaba ba rena ka thata holim’a tsona le banna ba baholo ba sebelisa bolaoli holim’a tsona. Ha hoa lokela ho ba ka tsela ena har’a lōna; empa mang kapa mang ea batlang ho ba moholo har’a lōna e lokela ho ba mosebeletsi oa lōna.”—Matheu 20:25, 26.
Babusi ba bang ba lefatše ba bahatelli ba “rena ka thata” holim’a bafo ba bona ba ba qobella hore ba etse thato ea bona le ho tsitlallela hore ba etse lintho ka tsela e itseng, ba ba tšosa ka hore ba tla fuoa kotlo haeba ba sa mamele. Leha ho le joalo, Jesu Kreste o ile a hatisa taba ea ho sebeletsa ba bang eseng ho ba hatella. (Matheu 20:27, 28) Kamehla o ne a tšoara barutuoa ba hae ka lerato, le ka mosa. Ha u latela mohlala oa Jesu, ho ba bonolo haholo hore ba bang ba sebelisane le uena hantle. (Baheberu 13:7, 17) Hape ho ba bonolo haholo hore haeba ho le matleng a bona, ba etse lintho tse itseng u sa ba kōpa, ba etsa joalo ka ho rata eseng ka ho qobelloa.—Matheu 5:41.
“Lisang mohlape oa Molimo o tlhokomelong ea lōna, eseng . . . ka ho rena ka thata holim’a bao e leng lefa la Molimo, empa le e-ba mehlala ho mohlape.”—1 Petrose 5:2, 3.
Kajeno balebeli baa tseba hore ba ikarabella ho Molimo bakeng sa boiketlo ba moea ba litho tsohle tsa phutheho. Ba nka boikarabelo bona ka botebo. Ha ba ntse ba hlokomela mohlape oa Molimo, ba loanela ho etsa joalo ka ho rata, ka tabatabelo le ka lerato. Joaloka moapostola Pauluse, ba sebetsa ka thata ho matlafatsa tumelo ea ba leng tlhokomelong ea bona, eseng ka ho laola tumelo ea bona.—2 Bakorinthe 1:24.
Haeba ho hlokahala hore ho fanoe ka keletso e tšoanetseng, baholo ba e fana ka moea o mosa bakeng sa ho khutlisetsa mofosi tseleng kapa ho thusa Mokreste-’moho le bona hore a hatele pele moeeng. Ba hopola khopotso ea moapostola Pauluse e reng: “Barab’eso, esita le hoja motho a nka mohato o fosahetseng pele a o hlokomela, lōna ba nang le litšoaneleho tsa moea le leke ho khutlisetsa motho ea joalo tseleng ka moea o bonolo, ha ka bomong le ntse le ipehile leihlo, esere le lōna le ka lekoa.”—Bagalata 6:1; Baheberu 6:1, 9-12.
“Tsoelang pele le mamellana le ho tšoarelana ka bolokolohi . . . Le ikapese lerato, etsoe ke tlamo e phethahetseng ea bonngoe.”—Bakolose 3:13, 14.
U sebetsana joang le batho leha e le bafe ba ka ’nang ba hlōleha ho boloka melao ea Bokreste ka ho feletseng? Na u amohela hore ha baa phethahala, joalokaha Jehova le Jesu Kreste ba amohela hore ha baa phethahala? (Esaia 42:2-4) Kapa na u tsitlallela hore tabeng e ’ngoe le e ’ngoe ho bolokoe molao joalokaha o ngotsoe? (Pesaleme ea 130:3) Hopola, ho nepahetse ho bontša mosa haeba ho khoneha le ho tiisa letsoho hafeela ho hlokahala hore u etse joalo. Ho bontša lerato ho tla etsa hore uena le batho bao u nang le matla holim’a bona le tšepane.
Haeba u filoe matla leha e le afe, ikitlaelletse ho etsisa Jehova Molimo le Jesu Kreste ha u a sebelisa. Hopola kamoo mopesaleme a hlalositseng kateng tsela e hlollang eo Jehova a sebelisang matla a hae ka eona ho batho ba hae. Davida o ile a bina a re: “Jehova ke Molisa oa ka. Nke ke ka hloka letho. O nthobatsa makhulong a tletseng joang; o ntsamaisa haufi le libaka tsa phomolo tse noselitsoeng hantle. O khatholla moea oa ka. O ntsamaisa litseleng tsa ho loka ka lebaka la lebitso la hae.” Ka ho tšoanang, mabapi le Jesu rea bala: “Ke ’na molisa ea khabane, ’me ke tseba linku tsa ka le linku tsa ka lia ntseba, feela joalokaha Ntate a ntseba le ’na ke tseba Ntate; ’me ke nehelana ka moea oa ka molemong oa linku.” Na ho na le mehlala e molemo ho feta ee tabeng ea ho sebelisa matla ka lerato?—Pesaleme ea 23:1-3; Johanne 10:14, 15.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 18]
Tsela eo Jehova a sebelisang matla ka eona, kamehla e lumellana ka ho phethahetseng le toka ea hae, bohlale le lerato
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Ka linako tse ling, baholo ba tlameha ho eletsa bafosi ka lerato
[Setšoantšo se leqepheng la 19]
Pauluse o ile a eletsa Timothea hore e be ngoana ea hlomphang le ea hlokomelang bacha ba bang
[Setšoantšo se leqepheng la 20]
Jesu Kreste o bontša bohlale, toka, le lerato ha a sebelisa matla a hae