Jehova o Balile “Moriri oa Lihlooho Tsa Lōna”
Jehova o Balile “Moriri oa Lihlooho Tsa Lōna”
“Ha ho [serobele] le se seng . . . se tla oela fatše kantle le hore Ntat’a lōna a tsebe. Empa moriri oa lihlooho tsa lōna o baliloe kaofela.”—MATHEU 10:29, 30.
1, 2. (a) Ke hobane’ng ha Jobo a ile a ikutloa eka Molimo o mo lahlile? (b) Na mantsoe a Jobo a bontša hore o ne a furaletse Jehova? Hlalosa.
“MOLIMO, ke hoeletsa ke kōpa thuso ho uena, empa ha u nkarabe; ’me ha ke rapela, ha u nkele hloko. U ntšoara ka tsela e sehlōhō; u ntlhorisa ka matla a hao ’ohle.” Ha ho makatse hore ebe monna eo o ile a bua mantsoe ao, o ne a hlile a le mahlomoleng a maholo! O ne a lahlehetsoe ke sohle seo a neng a e-na le sona, bana ba hae ba ne ba bolailoe ke koluoa e ’ngoe e sa tloaelehang, ’me joale o ne a tšoeroe ke lefu le neng le mo fokolisitse. Lebitso la monna eo ke Jobo ’me teko eo e bohloko e mo hlahetseng e tlalehiloe ka Bibeleng molemong oa rōna.—Jobo 30:20, 21, Today’s English Version.
2 Mantsoe a Jobo a ka ’na a etsa hore ho bonahale eka o ne a furaletse Molimo, empa ho ne ho se joalo. Jobo o ne a mpa a bua ka pelo e bohloko. (Jobo 6:2, 3) Kaha o ne a sa tsebe hore ke Satane ea neng a mo leka, ka phoso o ile a etsa qeto ea hore Molimo o mo lahlile. Ka nako e ’ngoe, Jobo o ile a ba a re ho Jehova: “Ke hobane’ng ha u pata sefahleho sa hao u nkuka ke le sera sa hao?” *—Jobo 13:24.
3. Ha re le mahlomoleng, re ka ’na ra nahana’ng?
3 Kajeno, batho ba Jehova ba bangata ba utloa bohloko ka lebaka la mathata a sa feleng a bakoang ke lintoa, merusu ea lipolotiki le ea sechaba, likoluoa tsa tlhaho, botsofali, bokuli, bofuma bo tšabehang le lithibelo tsa mebuso. Mohlomong le uena u ntse u lekoa ka tsela e itseng. Ka linako tse ling, u ka ’na ua nahana hore Jehova o u patela sefahleho sa hae. U tseba hantle seo Johanne 3:16 e se bolelang, ha e re: “Molimo o ratile lefatše haholo hoo a ileng a fana ka Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši.” Ho ntse ho le joalo, ha u le mahlomoleng ’me ho sa bonahale eka a tla fela, u ka ’na ua ipotsa: ‘Na ehlile Molimo oa nthata? Na oa bona hore ke bothateng bo joang? Na oa ntsotella?’
4. Ke boemo bofe bo sa khaotseng boo Pauluse a neng a lokela ho bo mamella, ’me boemo bo joalo bo ka re ama joang?
4 Nahana ka se ileng sa hlahela moapostola Pauluse. O ile a ngola a re: “Ke ile ka fuoa moutloa nameng, lengeloi la Satane, hore le ’ne le ntjabele.” O ile a eketsa ka ho re: “Ke ile ka kōpa Morena ka tieo ka makhetlo a mararo mabapi le sena e le hore o ka tloha ho ’na.” Jehova o ile a utloa kōpo ea hae. Leha ho le joalo, o ile a bontša Pauluse hore o ne a ke ke a mo rarollela bothata boo ka tsela ea mohlolo. Ho fapana le moo, Pauluse o ne a tla lokela ho itšetleha ka matla a Molimo hore a mo thuse hore a mamelle “moutloa nameng” ea hae. * (2 Bakorinthe 12:7-9) E ka ’na eaba joaloka Pauluse, le uena u ntse u tšoenngoa ke teko e itseng. Mohlomong ua ipotsa, ‘Na ebe taba ea hore ha ho bonahale eka ho na le ntho eo Jehova a e entseng ka teko ea ka, e bontša hore ha a bone boemo ba ka kapa ha a ntsotelle?’ Ho hang, ha ho joalo! Seo Jesu a ileng a se bolella baapostola ba hae nakoana ka mor’a ho ba khetha, se hatisa hore Jehova o amehile haholo ka bahlanka ba hae ba tšepahalang. A re boneng kamoo mantsoe a hae a ka re khothatsang kateng kajeno.
“Le se ke la Tšaba”—Hobane’ng?
5, 6. (a) Jesu o ile a thusa baapostola joang hore ba se ke ba tšaba se neng se tla ba hlahela? (b) Pauluse o ile a bontša joang hore o kholisehile hore Jehova oa mo tsotella?
5 Jesu o ile a fa baapostola matla a fetang a tloaelehileng, ho akarelletsa le “matla holim’a meea e sa hloekang, e le hore ba e leleke le ho phekola lefu la mofuta o mong le o mong le mefokolo ea mofuta o mong le o mong.” Leha ho le joalo, sena se ne se sa bolele hore ba ne ba ke ke ba e-ba le liteko le mathata. Ho fapana le moo, Jesu o ile a hlalosa ka ho qaqileng hore na ba ne ba tla hlaheloa ke lintho life. Leha ho le joalo, o ile a ba phehella a re: “Le se ke la tšaba ba bolaeang ’mele empa ba ke ke ba bolaea moea; empa ho e-na le hoo le tšabe ea ka timetsang moea le ’mele Gehena.”—Matheu 10:1, 16-22, 28.
6 Jesu o ile a phetela baapostola ba hae lipapiso tse peli e le hore a ba thuse ho utloisisa lebaka leo ka lona ba neng ba sa lokela ho tšaba. O ile a re ho bona: “Na lirobele tse peli ha li rekisoe ka chelete ea tšepe ea bohlokoa bo bonyenyane? Empa leha ho le joalo ha ho le se seng sa tsona se tla oela fatše kantle le hore Ntat’a lōna a tsebe. Empa moriri oa lihlooho tsa lōna o baliloe kaofela. Ka hona le se ke la tšaba: le ba bohlokoa ho feta lirobele tse ngata.” (Matheu 10:29-31) Hlokomela hore Jesu o amahanya ho se tšabe tsietsi le ho kholiseha hore Jehova o tsotella e mong le e mong oa rōna. Ka ho hlakileng, moapostola Pauluse o ne a kholisehile joalo. O ile a ngola tjena: “Haeba Molimo a eme le rōna, ke mang ea tla ba khahlanong le rōna? Eena ea sa kang a qenehela esita le Mora oa hae empa a nehelana ka eena bakeng sa rōna bohle, hape ke hobane’ng ha a ke ke a re fa lintho tse ling kaofela ka mosa hammoho le eena?” (Baroma 8:31, 32) Ho sa tsotellehe mathata ao u tobanang le ’ona, le uena u ka kholiseha hore Jehova oa u tsotella hafeela u tšepahala ho eena kamehla. Ntlha ena e tla hlaka haholoanyane ha re lekolisisa temoso eo Jesu a ileng a e fa baapostola ba hae.
Bohlokoa ba Serobele
7, 8. (a) Batho ba ne ba nka lirobele joang mehleng ea Jesu? (b) Kamoo ho bonahalang kateng, ke hobane’ng ha Matheu 10:29 e sebelisa nyenyefatso ea lentsoe la Segerike le bolela’ng “lirobele”?
7 Lipapiso tsa Jesu li bontša ka ho hlaka hore Jehova o amehile ka mohlanka e mong le e mong oa Hae. Taba ea pele, ak’u nahane ka lirobele. Mehleng ea Jesu, lirobele li ne li nkoa e le lijo, empa kaha li ne li ja lijalo, batho ba bangata ba ne ba li nka e le linonyana tse senyang masimong. Lirobele li ne li le ngata li bile li le theko e tlaase hoo ka chelete ea kajeno, motho a neng a ka reka tse peli ka chelete e lekanang le lisente tse ka tlaase ho tse 30. Ha chelete eo e ne e eketsoa ka e lekanang le eona, e ne e ka reka lirobele tse hlano eseng tse ’nè—motho o ne a ekeletsoa nonyana e ’ngoe joalokaha eka hase ea bohlokoa ho hang!—Luka 12:6.
8 Hape, nahana ka boholo ba nonyana ena e tsebahalang. Esita le serobele se seholo ha se bapisoa le linonyana tse ling tse ngata, se senyenyane haholo. Leha ho le joalo, lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “lirobele” ho Matheu 10:29 ka ho toba le bolela lirobele tse nyenyane. Ho hlakile hore Jesu o ne a batla hore baapostola ba hae ba nahane ka nonyana eo ho hang e seng ea bohlokoa. Ho joalokaha buka e ’ngoe e re: “Jesu o bua ka nonyana e nyenyane ka ho fetisisa ’me o sebelisa nyenyefatso ea nonyana eo!”
9. Papiso ea Jesu ea lirobele e hlakisa ntlha efe ea bohlokoa?
9 Papiso ea Jesu ea lirobele e hlakisa ntlha ena ea bohlokoa: Se bonahalang e se sa bohlokoa ho batho ke sa bohlokoa ho Jehova Molimo. Ho feta moo, Jesu o ile a tiisa ’nete ena ka ho phaella ka ho re serobele se senyenyane se ke ke sa “oela fatše” Jehova a sa se bona. * Thuto e hlakile. Haeba Jehova Molimo o hlokomela nonyana e nyenyane ka ho fetisisa le eo e seng ea bohlokoa hakaalo, e tlameha ebe o ameha hakaakang ka boemo ba motho ea khethileng ho mo sebeletsa!
10. Polelo e reng: “Moriri oa lihlooho tsa lōna o baliloe kaofela” ke ea bohlokoa hakae?
10 Ho phaella papisong ea hae e mabapi le lirobele, Jesu o ile a re: “Moriri oa lihlooho tsa lōna o baliloe kaofela.” (Matheu 10:30) Polelo ena e khutšoanyane empa e le matla e qaqisa ntlha ea papiso ea Jesu ea lirobele. Nahana feela: Ka tloaelo, hlooho ea motho e na le liqoba tsa moriri tse ka bang 100 000. Hangata liqoba tsa moriri li bonahala li tšoana hantle, ’me ha ho bonahale qoba e ’ngoe ea moriri e lokela ho tšoaroa hantle ho feta e ’ngoe. Leha ho le joalo, Jehova Molimo o ela hloko qoba ka ’ngoe ea moriri o bile oa e bala. Ha ho le joalo, na ho na le karolo leha e le efe ea bophelo ba rōna eo Jehova a ke keng a e tseba? Ka sebele Jehova o utloisisa tsela e ikhethang eo mohlanka e mong le e mong oa hae a entsoeng ka eona. Ruri “o bona seo pelo e leng sona.”—1 Samuele 16:7.
11. Davida o ile a bolela joang hore o kholisehile hore Jehova o amehile ka eena?
11 Davida, eo mathata a neng a mo hloele setha, o ne a kholisehile hore Jehova o mo ela hloko. O ile a ngola a re: “Jehova, u ntlhahlobisisitse ka hohle, ’me ua ntseba. U tseba ho lula ha ka le ho ema ha ka. U etse hloko monahano oa ka u le hōle.” (Pesaleme ea 139:1, 2) Le uena u ka kholiseha hore Jehova oa u tseba. (Jeremia 17:10) U se ke ua potlakela ho nahana hore ha u motho oa bohlokoa hoo mahlo a Jehova a bonang hohle a ke keng a u ela hloko!
“U Tšele Meokho ea ka ka Lekukeng la Hao”
12. Re tseba joang hore Jehova o tseba hantle mahlomola ao batho ba hae ba leng ho ’ona?
12 Hase feela hore Jehova o tseba mohlanka e mong le e mong oa hae empa o boetse o tseba hantle mahlomola ao e mong le e mong a leng ho ’ona. Ka mohlala, ha Baiseraele ba ne ba hateletsoe e le makhoba, Jehova o ile a re ho Moshe: “Ntle ho pelaelo ke bone mahloreho a sechaba sa ka se Egepeta, ’me ke utloile mohoo oa sona ka lebaka la ba se qobellang ho sebetsa; hobane ke tseba hantle bohloko boo se bo utloang.” (Exoda 3:7) Ho tšelisa hakaakang ho elelloa hore ha re mamella teko, Jehova o bona se etsahalang ebile o utloa mehoo ea rōna! Ka sebele, ha a iphapanyetse mahlomola a rōna.
13. Ke eng se bontšang hore kannete Jehova o utloela bahlanka ba hae bohloko?
13 Ntlha ea hore Jehova o amehile ka batho ba nang le kamano le eena e bonahala haholoanyane tseleng eo a neng a ikutloa ka eona ka Baiseraele. Le hoja hangata mahlomola a bona a ne a bakoa ke manganga a bona, Esaia o ile a ngola tjena malebana le Jehova: “Nakong ea mahlomola ’ohle a bona le eena o ile a hlomoha.” (Esaia 63:9) Kahoo, joaloka mohlanka ea tšepahalang oa Jehova, u ka kholiseha hore ha u utloile bohloko, Jehova le eena o utloile bohloko. Na seo ha se u susumeletse ho tobana le masisa-pelo ka sebete le ho tsoela pele u mo sebeletsa ka hohle kamoo u ka khonang?—1 Petrose 5:6, 7.
14. Pesaleme ea 56 e ile ea qaptjoa tlas’a maemo afe?
14 Se hlakisang hore Morena Davida o ne a kholisehile hore Jehova o ne a amehile ka eena a bile a mo utloela bohloko, se hlaha ho Pesaleme ea 56, eo Davida a ileng a e qapa ha a ntse a baleha Morena Saule oa ’molai. Davida o ile a balehela Gathe, ’me eitse ha Bafilista ba lemoha hore ke eena, o ile a tšoha hore ba tla mo tšoara. O ile a ngola tjena: “Lira tsa ka li ’nile tsa omana letsatsi lohle, etsoe ho na le ba bangata ba ntoantšang ka ho iphahamisa.” Ka lebaka la hore Davida o ne a le kotsing, o ile a retelehela ho Jehova. O ile a re: “Letsatsi lohle ba ntse ba sitisa litaba tsa ka; menahano eohle ea bona e khahlanong le ’na bakeng sa bobe.”—Pesaleme ea 56:2, 5.
15. (a) Davida o ne a bolela’ng ha a kōpa Jehova ho tšela meokho ea hae ka lekukeng kapa ho e ngola bukeng? (b) Haeba re mameletse boemo bo lekang tumelo ea rōna, re ka kholiseha ka eng?
15 Kahoo, Davida o ile a bua mantsoe ana a thahasellisang a tlalehiloeng ho Pesaleme ea 56:8 a reng: “U tlalehile ho ba ha ka ’malehi. U tšele meokho ea ka ka lekukeng la hao. Na ha e bukeng ea hao?” Ruri tlhaloso ena e ama maikutlo hobane e bontša tsela e lerato eo Jehova a hlokomelang batho ka eona! Ha re sithabetse, re ka ’na ra llela ho Jehova. Esita le Jesu, motho ea phethahetseng, o ile a etsa joalo. (Baheberu 5:7) Davida o ne a kholisehile hore Jehova oa mo bona ebile o tla hopola mahlomola a hae, joalokaha eka o boloka meokho ea hae ka lekukeng kapa o e ngola bukeng. * Mohlomong u nka hore meokho ea hao e ne e tla nka karolo e khōlō ka lekukeng leo kapa e ne e tla tlatsa maqephe a mangata a buka eo. Haeba ho joalo, khoba matšoafo. Bibele ea re kholisa: “Jehova o haufi le ba lipelo li robehileng; o pholosa ba sithabetseng moeeng.”—Pesaleme ea 34:18.
Ho ba Motsoalle ea Nang le Kamano e Haufi-ufi le Molimo
16, 17. (a) Re tseba joang hore Jehova ha a iphapanyetse mathata a batho ba hae? (b) Jehova o entse’ng e le hore batho ba be le kamano e haufi-ufi le eena?
16 Taba ea hore Jehova ‘o balile moriri oa lihlooho tsa rōna’ e re bontša hore re tlotliloe ka ho rapela Molimo ea re bonang le ea re baballang. Le hoja re tla lokela ho letela lefatše le lecha le tšepisitsoeng e le hore bohloko bohle le mahlomola ’ohle a fele, hona joale, Jehova o etsetsa batho ba hae ntho e ’ngoe e hlollang. Davida o ile a ngola tjena: “Kamano e haufi-ufi le Jehova ke ea ba mo tšabang, le selekane sa hae, e le ho etsa hore ba se tsebe.”—Pesaleme ea 25:14.
17 “Kamano e haufi-ufi le Jehova.” Batho ba sa phethahalang ba ka ’na ba nka taba ena e le e ke keng ea etsahala. Leha ho le joalo, Jehova o mema ba mo tšabang hore e be baeti tenteng ea hae. (Pesaleme ea 15:1-5) Ebe ke eng seo Jehova a se etsetsang baeti ba hae? Ho latela Davida, o etsa hore ba tsebe selekane sa hae. Jehova o ba bolella liphiri tsa hae, o senolela baprofeta “taba ea hae ea lekunutu” e le hore ba ka tseba merero ea hae le seo ba lokelang ho se etsa e le hore ba phele tumellanong le eona.—Amose 3:7.
18. Re tseba joang hore Jehova o batla hore re be le kamano e haufi le eena?
18 Ruri hoa thabisa ho tseba hore rōna re le batho ba sa phethahalang re ka ba metsoalle e nang le kamano e haufi-ufi le Ea Phahameng ka ho Fetisisa, Jehova Molimo. Ha e le hantle, o re khothalletsa hore re be metsoalle ea hae ea mofuta oo. Bibele e re: “Atamelang ho Molimo, ’me o tla atamela ho lōna.” (Jakobo 4:8) Jehova o batla hore re be le kamano e haufi le eena. Ha e le hantle, o se a ntse a nkile mehato ea ho tiisa hore ho ba joalo. Sehlabelo sa Jesu sa thekollo se re file monyetla oa hore re be metsoalle ea Molimo ea Matla ’Ohle. Bibele e re: “Ha e le rōna, rea rata, hobane o ile a re rata pele.”—1 Johanne 4:19.
19. Mamello e ka tiisa kamano ea rōna le Jehova joang?
19 Kamano eo e haufi ea tiea ha re mamella mathata. Morutuoa Jakobo o ile a ngola a re: “Mamello mosebetsi oa eona e ke e be o feletseng, e le hore le ka ba ba feletseng le ba phethahetseng ka litsela tsohle, le sa haelloe ke letho.” (Jakobo 1:4) Ho mamella mathata ho phetha “mosebetsi” ofe? Hopola “moutloa nameng” oo Pauluse a neng a e-na le oona. Tabeng ea hae, mamello e ile ea phetha karolo efe? Pauluse o ile a bua tjena mabapi le liteko tsa hae: “Ka hona, ho e-na le hoo ka nyakallo e khōlō ke tla ithorisa mabapi le mefokolo ea ka, e le hore matla a Kreste a ka lula holim’a ka joaloka tente. Ka hona ke khahlisoa ke mefokolo, lithohako, maemo a ho hloka, mahloriso le mathata, ka lebaka la Kreste. Etsoe ha ke fokola, joale ke ha ke le matla.” (2 Bakorinthe 12:9, 10) Phihlelo ea Pauluse e bontša hore Jehova o ne a tla mo fa matla—haeba ho hlokahala, a mo fe “matla a fetang se tloaelehileng” e le hore a ka mamella. Ka lehlakoreng le leng, sena se ile sa mo atametsa haufi le Kreste le Jehova Molimo.—2 Bakorinthe 4:7; Bafilipi 4:11-13.
20. Ke eng e re kholisang hore Jehova o tla re tšehetsa le ho re tšelisa ha re le mathateng?
20 Mohlomong Jehova o lumeletse liteko tsa hao hore li ’ne li tsoele pele. Haeba ho joalo, hopola seo a se tšepisang ba mo tšabang. O itse: “Ho hang nke ke ka u tlohela kapa ka u furalla.” (Baheberu 13:5) A ka u tšehetsa le ho u tšelisa. Jehova o balile ‘moriri oa hlooho ea hao.’ O bona mamello ea hao. O utloa bohloko boo u bo utloang. Kannete oa u tsotella. ’Me a ke ke a ‘lebala mosebetsi oa hao le lerato leo u ileng ua le bontša bakeng sa lebitso la hae.’—Baheberu 6:10.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
^ ser. 2 Mantsoe a kang ao a ile a buuoa ke Davida ea lokileng le bara ba Kora ba tšepahalang.—Pesaleme ea 10:1; 44:24.
^ ser. 4 Bibele ha e bolele ka ho toba hore na ha Pauluse a ne a re o na le “moutloa nameng” o ne a bua ka eng. E ka ’na eaba o ne a kula, mohlomong a sa bone hantle mahlong. Kapa mohlomong poleloana e reng “moutloa nameng” e bua ka baapostola ba bohata le ba bang ba neng ba hanyetsa hore Pauluse ke moapostola ba bile ba le khahlanong le tšebeletso ea hae.—2 Bakorinthe 11:6, 13-15; Bagalata 4:15; 6:11.
^ ser. 9 Litsebi tse ling li bontša hore e ka ’na eaba ha ho thoe serobele se oela fatše, seo hase bue feela ka ho shoa ha sona. Li re poleloana ea Segerike sa pele e fana ka maikutlo a ha nonyana e lula e le hore e ka sela. Haeba ho joalo, seo se ne se tla fana ka maikutlo a hore Molimo ha a amehe ka nonyana eo feela ha e shoa, empa o lemoha sohle seo e se etsang letsatsi ka leng ebile o ameha ka sona.—Matheu 6:26.
^ ser. 15 Mehleng ea khale, makuka a ne a etsoa ka matlalo a suiloeng a linku, a lipōli le a likhomo. Ho ne ho tšeloa lebese, botoro, chisi kapa metsi ka makukeng ao. Matlalo a neng a suiloe ka ho feletseng a ne a tšela oli kapa veine.
Na U sa Hopola?
• Ke maemo afe a ka etsang hore motho a nke hore Molimo o mo lahlile?
• Re ka ithuta eng papisong ea Jesu ea lirobele le ea hore moriri oa lihlooho tsa rōna o baliloe?
• Hore meokho ea motho e tšeloa ka “lekukeng” la Jehova kapa hore e ngoloa “bukeng” ea hae ho bolela’ng?
• Re ka ba le “kamano e haufi-ufi le Jehova” joang?
[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]
[Setšoantšo se leqepheng la 22]
Ke hobane’ng ha Jehova a sa ka a tlosa “moutloa nameng” oo Pauluse a neng a e-na le oona?
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Re ithuta eng papisong ea Jesu ea lirobele?
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
© J. Heidecker/VIREO
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
Ho bala Bibele kamehla ho ka u kholisa hore Molimo o amehile ka uena