Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

‘Ba Ile ba Tloha ka Sekepe ho ea Cyprase’

‘Ba Ile ba Tloha ka Sekepe ho ea Cyprase’

‘Ba Ile ba Tloha ka Sekepe ho ea Cyprase’

KE KAMOO buka ea Liketso e qalang tlaleho ea eona ea liphihlelo tsa baromuoa ba Bakreste e leng Pauluse, Barnabase le Johanne Mareka ha ba ne ba etetse Cyprase hoo e ka bang ka 47 C.E. (Liketso 13:4) Ka nako eo, joalokaha ho le joalo le kajeno, Cyprase e ne e le sebaka sa boemo bo phahameng haholo ka bochabela ho Mediterranean.

Baroma ba ne ba batla sehlekehleke seo ka mahlo a matšo, ’me se ile sa e-ba tlas’a taolo ea bona ka 58 B.C.E. Pele ho moo, histori ea Cyprase e ne e thahasellisa haholo. E ile ea haptjoa ke Bafoenisia, Bagerike, Baassyria, Bapersia le Baegepeta. Masole a Bolumeli, Mafranke, le batho ba Venice ba ile ba fihla moo Mehleng e Bohareng, ba lateloa ke Maottoman. Ka 1914 Mabrithani a ile a hapa sehlekehleke sena ’me a se busa ho fihlela se fumana boipuso ka 1960.

Hona joale bohahlauli ke mohloli o moholo oa chelete e kenang naheng eo, empa mehleng ea Pauluse Cyprase e ne e e-na le matlotlo a mangata a tlhaho, ao Baroma ba ileng ba a tlatlapa hore ba tlatse lipolokelo tsa matlotlo tsa Roma. Koporo e ile ea sibolloa qalong ea histori ea sehlekehleke sena, ’me ho hakanngoa hore ho elella qetellong ea mehla ea puso ea Roma, ho ne ho se ho ntšitsoe koporo ea lithane tse 250 000. Leha ho le joalo, ho ile ha sebelisoa karolo e khōlō ea moru bakeng sa ho hloekisa koporo ena. Boholo ba meru ea sehlekehleke sena bo ne bo se bo le sieo ha Pauluse a fihla sehlekehlekeng sena.

Cyprase Tlas’a Baroma

Ho ea ka Encyclopædia Britannica, Juliase Cesare o ile a nehelana ka Cyprase ho Egepeta ’me, hamorao, ha latela Mark Antony. Leha ho le joalo, tlas’a Augustuse, e ile ea khutlela ho Roma—’me joalokaha Luka, mongoli oa Liketso, a ngotse ka nepo—e ile ea busoa ke motsamaisi oa profinse, ea neng a ikarabella ka ho toba Roma. Sergiase Pauluse e ne e le motsamaisi oa profinse ha Pauluse a ne a bolela moo.—Liketso 13:7.

Pax Romana, e leng khotso ea machaba e neng e qobelloa ke Roma, e ile ea khothalletsa ho atolosoa ha merafo le liindasteri tsa Cyprase, e leng se ileng sa hōlisa khoebo haholo. Chelete e ile ea eketsoa hape ke boteng ba mabotho a sesole a Roma le baeti ba bolumeli ba neng ba tla ka bongata ho tla hlompha Aphrodite, molimo ea sebeletsoang oa sehlekehleke sena. Ka lebaka leo, ho ile ha etsoa ’mila e mecha, ha hahoa boema-kepe le mehaho e majabajaba ea sechaba. Segerike se ile sa lula e ntse e le puo e sebelisoang haholo linthong tsa molao, ’me batho ba bangata ba ne ba rapela moemphera oa Roma, hammoho le Aphrodite, Apollo le Zeuse. Batho ba ne ba hafa ka nkatana ’me ba phela hamonate ka kahisano le ka setso sa bona.

Pauluse o ile a tsamaea moo ho neng ho pheloa bophelo ba mofuta ona ha a ntse a haola le Cyprase ’me a ruta batho ka Kreste. Leha ho le joalo, Bokreste bo ile ba tlisoa Cyprase pele Pauluse a fihla moo. Tlaleho ea Liketso e re bolella hore ka mor’a lefu la moshoela-tumelo oa pele oa Mokreste, Setefane, Bakreste ba bang ba pele ba ile ba balehela Cyprase. (Liketso 11:19) Barnabase, e leng mphato oa Pauluse, ebile e le letsoalloa la Cyprase, o ne a tseba sehlekehleke sena hantle, ’me ha ho pelaelo hore ke eena ea neng a tšoaneleha hantle ho bontša Pauluse libaka leetong lena la boboleli.—Liketso 4:36; 13:2.

Ho Hlahloba Libaka Tseo Pauluse a Tsamaileng ho Tsona

Ha ho bonolo ho lokolisa libaka tseo Pauluse a tsamaileng ho tsona Cyprase. Leha ho le joalo, baepolli ba lintho tsa khale ba tseba hantle haholo ’mila e metle ea mehleng ea puso ea Roma. Ka lebaka la sebaka seo sehlekehleke sena se leng ho sona, esita le litsela tse khōlō tsa kajeno, boholo ba tsona li litseleng tseo ho ka etsahalang hore ebe baromuoa bao ba pele ba ne ba tsamaea ka tsona.

Pauluse, Barnabase le Johanne Mareka ba ile ba tsamaea ka sekepe ho tloha Seleusia ho ea koung ea Salamise. Ke hobane’ng ha ba ile ba ea Salamise, ha motse-moholo le kou e khōlō li ne li le Pafose? Lebaka ke hore, Salamise e ne e le lebōpong le ka bochabela, lik’hilomithara tse 200 feela ho tloha Seleusia, karolong ea naha eo e seng sehlekehleke. Le hoja pusong ea Roma Salamise e ne e nketsoe sebaka ke Pafose joaloka motse-moholo, Salamise e ile ea lula e le setsi sa setso, thuto hammoho le khoebo sehlekehlekeng sena. Salamise e ne e e-na le baahi ba bangata ba Bajuda, ’me baromuoa ba ile ba qala “ho phatlalatsa lentsoe la Molimo ka lisynagogeng tsa Bajuda.”—Liketso 13:5.

Kajeno, Salamise e setse e le lithako feela. Ho ntse ho le joalo, lintho tse fumanoeng ke baepolli ba lintho tsa khale li paka hore motse ona o ne o le motle o bile o ruile haholo. Sebaka sa ’maraka, e leng setsi sa lipolotiki le sa mesebetsi ea bolumeli, se tsejoa mohlomong e le sebaka se seholohali sa ho bokana sa Baroma se kileng sa epolloa sebakeng sa Mediterranean. Lithako tsa sona, tseo e leng tsa ho tloha mehleng ea Augustuse Cesare, li senotse matlo a khabisitsoeng fatše ka mokhoa o rarahaneng ka thepa ea mebala e sa tšoaneng, libaka tsa boikoetliso tsa ka tlung, libate tse ntle, lebala la lipapali le la boithabiso, mabitla a matle, le lebala le leholo la liketsahalo le nkang batho ba 15 000! Haufi le moo ho na le lithako tsa tempele e ntle ea Zeuse.

Leha ho le joalo Zeuse o ile a sitoa ho thibela hore motse o se ke oa ripitloa ke litšisinyeho tsa lefatše. Ka 15 B.C.E. tšisinyeho e khōlō ea lefatše e ile ea ripitla karolo e khōlō ea Salamise, le hoja hamorao Augustuse a ile a e tsosa. Ka 77 C.E., e ile ea senngoa hape ke tšisinyeho ea lefatše, ’me ea boela ea tsosoa. Lekholong la bone la lilemo, Salamise e ile ea senngoa ke letoto la litšisinyeho tsa lefatše, ’me ha ea ka ea hlola e tšoana le pele ka botle ba eona. Mehleng e Bohareng, boema-kepe ba eona bo ne bo se bo tletse lehlabathe ’me bo lahliloe kherehloa.

Ha ho boleloe hore na batho ba Salamise ba ile ba nka khato efe ka seo Pauluse a neng a ba boleletse sona. Empa Pauluse o ne a tlameha ho bolela le metseng e meng. Ha baromuoa ba tloha Salamise, ba ne ba ka khetha ho tsamaea ka litsela tse tharo tse khōlō: e ’ngoe e ne e leba lebōpong le ka boroa, e parola mokoloko oa lithaba tsa Kyrenia; e ’ngoe e leba ka bophirimela e parola lesabasaba la Mesaoria ho ea fihla karolong e khōlō ea sehlekehleke; ’me ea boraro e sika le lebōpo le ka boroa.

Ho latela neano, ho boleloa hore Pauluse o ile a sebelisa tsela ea boraro. E haola har’a masimo a nonneng a mobu o ikhethang o mofubelu. Lik’hilomithara tse ka bang 50 ka boroa-bophirimela, tsela ena e fihla motseng oa Larnaca pele e khelohela ka leboea ho elella ka har’a naha.

“Ba Phollelitse le Sehlekehleke Sohle”

Tsela ena e khōlō e ne e khaoletsa ho ea motseng oa boholo-holo oa Ledra. Kajeno sebakeng sena ho hahiloe Nicosia, e leng motse-moholo. Bopaki leha e le bofe ba hore motse ona oa boholo-holo o kile oa e-ba teng ha bo sa le eo. Empa ka har’a marako a motse oa Venice oa lekholong la bo16 la lilemo a pota-potileng setsi sa Nicosia ho na le seterata se phetheselang se sesesaane se bitsoang Ledra Street. Hore na ebe Pauluse o ile a ea Ledra kapa che, ha re tsebe. Bibele e re bolella feela hore ba ile ‘ba pholletsa le sehlekehleke sohle.’ (Liketso 13:6) The Wycliffe Historical Geography of Bible Lands e re “mohlomong sena se bolela hore ba ile ba batla ba etela metse eohle ea Bajuda e Cyprase.”

Ka sebele Pauluse o ne a rata ho finyella batho ba bangata kamoo ho ka khonehang Cyprase. Kahoo, mohlomong o ile a sebelisa tsela e ka boroa e tlohang Ledra ’me e pholletsa ho ea Amathus le Kourion—e leng metse e ’meli e meholo e hōlang e nang le baahi ba bangata.

Kourion e lutse tsullung lilomong tse okametseng leoatle tse batlang li tšekaletse ho ea mabōpong a tlaase. Motse ona o motle haholo oa Bagerike le Baroma o ile oa hlaseloa ke tšisinyeho ea lefatše e tšoanang le e ileng ea senya Salamise ka 77 C.E. Ho na le lithako tsa tempele e nehetsoeng ho Apollo ea ho tloha ka 100 C.E. Lebala la lipapali le ne le ka nka bashebelli ba 6 000. Bophelo bo mabothobotho boo batho ba bangata ba Kourion ba neng ba bo phela bo ka bonoa mekhabisong e metle e entsoeng fatše ka thepa ea mebala e sa tšoaneng matlong a barui.

Ba ea Pafose

Ho tloha Kourion tsela e bohehang ke botle ba tlhaho e lopallela bophirimela har’a sebaka sa tlhahiso ea veine, e nyoloha butle-butle ho fihlela moo ka tšohanyetso e bang le motheō o tšabehang, e tsoelipana ho theosa le lilomo e lebile mabōpong a tletseng majoe a maholo a boreleli. Ho ea ka tšōmo ea Bagerike, sebaka sena ke sona seo molimotsana Aphrodite a ileng a tsoalloa ho sona leoatleng.

Aphrodite e ne e le molingoana ea ratoang haholo oa Bagerike Cyprase ’me o ile a rapeloa ka matla ho fihlela lekholong la bobeli la lilemo C.E. Setsi sa borapeli ba Aphrodite se ne se le Pafose. Ka nako e ’ngoe le e ’ngoe ea selemo, o ne a etsetsoa mokete oa semetletsa o mo hlomphang. Baeti ba tsoang Asia Minor, Egepeta, Greece, haesita le ba tsoang hōle Persia ba ne ba tla Pafose bakeng sa mekete. Ha Cyprase e ne e le pusong ea marena a lesika la Ptolemy, baahi ba Cyprase ba ile ba bolelloa ka borapeli ba Bo-Faro.

Motse-moholo oa Baroma oa Cyprase e ne e le Pafose ebile e le sebaka seo motsamaisi oa profinse a neng a busa a le ho sona, ’me e ne e filoe matla a ho etsa chelete ea koporo. Le eona e ile ea ripitloa ke tšisinyeho ea lefatše ka 15 B.C.E., ’me joalokaha ho etsahetse ka Salamise, Augustuse o ile a fana ka chelete ea hore motse oo o tsosolosoe. Lintho tse epollotsoeng li bontšitse hore lekholong la pele la lilemo, barui ba ne ba kena-kene Pafose—ho ne ho e-na le literata tse sephara, matlo a barui a khabisitsoeng ka bokhabane, likolo tsa ’mino, libaka tsa boikoetliso tsa ka tlung le lebala la lipapali.

Ena e ne e le eona Pafose eo Pauluse, Barnabase, le Johanne Mareka ba ileng ba e etela, ’me ke mona moo motsamaisi oa profinse Sergiase Pauluse—“monna ea kelello”—a ileng “a batla ka tieo ho utloa lentsoe la Molimo” ho sa tsotellehe ho hanyetsoa ka mabifi ke Elymase oa moloi. Motsamaisi enoa oa profinse “o ne a hloletsoe ke thuto ea Jehova.”—Liketso 13:6-12.

Ka mor’a ho phetha mosebetsi oa bona oa boboleli ka katleho Cyprase, baromuoa bao ba ile ba tsoela pele ka mosebetsi oa bona Asia Minor. Leeto leo la pele la Pauluse la boromuoa e ne e le la bohlokoahali ho phatlalatsoeng ha Bokreste ba ’nete. Buka e bitsoang St. Paul’s Journeys in the Greek Orient e re leeto leo ke “tšimoloho ea sebele ea leeto la Bokreste le la . . . mosebetsi oa Pauluse oa boromuoa.” E phaella ka ho re: “Kaha Cyprase e ne e le mateanong a litsela tsa leoatle tse eang Syria, Asia Minor le Greece, ho ne ho bonahala e le sebaka sa pele se loketseng bakeng sa leeto la baromuoa.” Empa e ne e le feela bohato ba pele. Lilemo tse ka bang 2 000 hamorao, mosebetsi oa boromuoa oa Bokreste o ntse o tsoela pele, ’me ka sebele ho ka boleloa hore litaba tse molemo tsa ’Muso oa Jehova li fihlile “karolong e hōle-hōle ea lefatše.”—Liketso 1:8.

[Limmapa tse leqepheng la 20]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

CYPRASE

NICOSIA (Ledra)

Salamise

Pafose

Kourion

Amathus

Larnaca

LITHABA TSA KYRENIA

LESABASABA LA MESAORIA

LITHABA TSA TROODOS

[Setšoantšo se leqepheng la 21]

A tletse moea o halalelang, Pauluse o ile a foufatsa Elymase oa moloi ha a le Pafose