Melao-motheo eo U e Khethang
Melao-motheo eo U e Khethang
NA U tataisoa ke melao-motheo? Kapa na u nka hore melao ea boitšoaro ha e sa sebetsa? ’Nete ke hore motho e mong le e mong o tataisoa ke melao-motheo ea mofuta o itseng, eo a lumelang hore ke ea bohlokoa. Molao-motheo o ka hlalosoa ka hore ke “melao ea se nepahetseng eo motho a ipehelang eona.” Melao-motheo e susumetsa liqeto tsa rōna le tsela eo re e nkang bophelong. Melao-motheo e ka sebetsa joaloka sesupa-tsela.
Ka mohlala, Jesu o ile a phehella balateli ba hae hore ba boloke Molao oa Khauta, o ho Matheu 7:12 o reng: “Ka hona, lintho tsohle tseo le batlang hore batho ba le etse tsona, le lōna ka ho tšoanang le ba etse tsona.” Balateli ba Confucius ba boloka molao-motheo oa li le jen, o buang ka lintho tse kang mosa, boikokobetso, tlhompho le botšepehi. Esita le batho bao e seng balumeli ba na le lintho tse tlang pele kapa tse ba tataisang boitšoarong.
Re Lokela ho Khetha Melao-motheo ea Mofuta Ofe?
Leha ho le joalo, re lokela ho hopola hore melao-motheo e ka ’na ea e-ba metle kapa ea e-ba mebe. Ka mohlala, palo e ntseng e eketseha ea batho e susumetsoa ke boikhabi. Batho ba bangata ba fetola boikhabi molao-motheo ha ba furalla litekanyetso tse phahameng tsa boitšoaro. Boikhabi ke pontšo ea boithati, ’me hangata bo tsamaisana le ho rata leruo ho sa nahaneleng. Mookameli e mong oa TV oa Chaena o ile a re: “Re na le melao-motheo e ’meli feela. Oa pele ke ho khotsofatsa takatso ea ho reka. Oa bobeli ke ho bokella chelete.”
Boikhabi bo ka sebetsa joaloka makenete. Makenete e ama sesupa-tsela joang? Ha li bapile, nale ea sesupa-tsela e leba hosele. Ka tsela e tšoanang, boikhabi bo ka ferekanya sesupa-tsela sa motho sa boitšoaro, kapa molao oa boitšoaro bo nepahetseng ka ho etsa hore litakatso tsa motho li tle pele ho ntho e ’ngoe le e ’ngoe.
Na u ka makatsoa ke ho tseba hore boikhabi ha bo qale kajeno? Maikutlo ana a boikhabi a simolohile serapeng sa Edene ha batsoali ba rōna ba pele ba furalla molao oa boitšoaro o neng o behiloe ke ’Mōpi oa rōna. Ketso ena e ile ea fetola sesupa-tsela sa bona sa boitšoaro. Joaloka bana ba Adama le Eva, batho ba tšoenngoa ke boikutlo bona bo bitsoang boikhabi.—Genese 3:6-8, 12.
Ho ata ha boikutlo bona ho bonahala ka ho khetheha nakong eo boprofeta ba Bibele bo e bitsang ‘matsatsi a qetello,’ a tšoauoang ka “linako tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona.” Batho ba bangata ke “baithati.” Ha ho makatse hore ebe re tlas’a khatello e matla hakana ea hore le rōna re bontše boikhabi.—2 Timothea 3:1-5.
Mohlomong u lumellana le mocha ea bitsoang Olaf, ea ileng a ngolla lekala le leng la Europe la Lipaki tsa Jehova a re: “Ho thata haholo hore motho a lule a hloekile boitšoarong, haholo rōna bacha. Re kōpa hore le ’ne le re hopotse bohlokoa ba ho khomarela melao-motheo ea Bibele.”
Olaf o ile a bontša hore o na le temoho. Melao-motheo ea Molimo e ka re thusa ho khomarela litekanyetso tse phahameng tsa boitšoaro, re le bacha kapa re le batho ba baholo. Hape li ka re etsa hore re hanele boikhabi. Haeba u lakatsa ho ithuta ho eketsehileng ka hore na melao-motheo ea Bibele e ka u thusa joang ka sebele, re kōpa u hlahlobe sehlooho se latelang.
[Litšoantšo tse leqepheng la 4]
Kajeno batho ba bangata ha ba natse litlhoko tsa ba bang