Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 21

PINA EA 21 Le ’Ne le Batle ’Muso Pele

Batlang Motse o Tla Tšoarella

Batlang Motse o Tla Tšoarella

“Re ntse re batlana le [motse] o tlang.”BAHEB. 13:14.

NTLHA-KHOLO

Kamoo lengolo la Baheberu khaolo ea 13 le ka re tsoelang molemo kateng kajeno le nakong e tlang.

1. Jesu o ile a bolela’ng esale pele mabapi le se tla etsahala Jerusalema?

 MATSATSI pele Jesu Kreste a shoa, o ile a fana ka boprofeta bo hlakileng bo neng bo tla phethahala ka lekhetlo la pele nakong ea matsatsi a ho qetela pele Jerusalema le tempele li felisoa. O ile a lemosa balateli ba hae hore ka le leng motse oa Jerusalema o tla ‘pota-potoa ke masole.’ (Luka 21:20) Jesu o ile a ba bolella hore hang feela ha ba bona masole ao, e leng masole a Roma, ba lokela ho tloha Judea hang-hang.—Luka 21:​21, 22.

2. Ke eng eo moapostola Pauluse a ileng a e hopotsa Bakreste ba Baheberu ba leng Judea le Jerusalema?

2 Lilemo tse ’maloa pele masole a Roma a pota-pota Jerusalema, moapostola Pauluse o ile a ngola lengolo le matla leo hona joale le tsejoang e le buka ea Baheberu. Lengolong leo, Pauluse o ile a fa Bakreste ba Judea le Jerusalema keletso ea bohlokoa e neng e tla ba thusa hore ba itokiselletse lintho tse neng li tla etsahala. Ho ne ho tl’o etsahala eng? Jerusalema e ne e tl’o felisoa. Haeba Bakreste bao ba ne ba batla ho pholoha, ba ne ba lokela ho itokiselletsa ho siea matlo le likhoebo tsa bona. Kahoo, ha a bua ka motse oa Jerusalema, Pauluse o ile a re: “Hona joale ha re na motse o tšoarellang.” O ile a boela a re: “Empa re ntse re batlana le o tlang.”—Baheb. 13:14.

3. “Motse o nang le metheo ea ’nete” ke eng, hona ke hobane’ng ha re o batla?

3 Ho ka etsahala hore ebe batho ba ile ba tšeha le ho soma Bakreste ba ileng ba etsa qeto ea ho tloha Jerusalema le Judea, empa qeto eo e ile ea pholosa bophelo ba bona. Le rona kajeno rea songoa hobane ha re behe tšepo ea rona ho batho kapa chelete le ho batla bophelo bo mabothobotho lefatšeng lena. Joale ke hobane’ng ha re khetha ho phela ka tsela ee? Rea tseba hore haufinyane ’Muso oa Molimo o tl’o felisa lefatše lena le khopo. Re batlana le “motse o nang le metheo ea ’nete,” motse “o tlang,” e leng ’Muso oa Molimo. a (Baheb. 11:10; Mat. 6:33) Sehloohoaneng ka seng re tl’o bua ka: (1) kamoo keletso eo Pauluse a e ngotseng a susumetsoa ke moea oa Molimo e thusitseng Bakreste ba mehleng ea Jesu ho tsoela pele ba batla motse “o tlang,” (2) kamoo Pauluse a ba thusitseng ho itokiselletsa liketsahalo tse tlang le (3) kamoo keletso ena e ka re thusang kateng kajeno.

TŠEPA JEHOVA EA KE KENG A U FURALLA

4. Ke hobane’ng ha motse oa Jerusalema e ne e le oa bohlokoa ho Bakreste?

4 Jerusalema e ne e le motse oa bohlokoa ho Bakreste. Ka selemo sa 33, ho ile ha thehoa phutheho ea pele ea Bakreste motseng oo, ’me sehlopha se busang sa mehleng eo se ne se le moo. Ho ekelletsa moo, Bakreste ba bangata ba motseng oo ba ne ba e-na le matlo a bona ’me ba se ba ruile haholo. Leha ho le joalo, Jesu o ile a lemosa balateli ba hae hore ba ne ba tla lokela ho tsoa Jerusalema le Judea.—Mat. 24:16.

5. Pauluse o ile a thusa Bakreste hore ba itokiselletse se neng se larile ka pele joang?

5 Pauluse o ile a thusa Bakreste hore ba be le pono e tšoanang le ea Jehova ka motse oa Jerusalema, e le hore ba itokiselletse se neng se larile ka pele. Pauluse o ile a ba hopotsa hore tempele, boprista le mahlabelo a neng a etsetsoa Jerusalema, ha li sa halalela ho latela tsela eo Jehova a shebang lintho ka eona. (Baheb. 8:13) Boholo ba batho ba lulang motseng oo ha baa ka ba amohela Mesia. Tempele e Jerusalema e ne e se e se setsi sa borapeli ba ’nete ba Jehova, ’me e ne e tl’o felisoa.—Luka 13:​34, 35.

6. Ke hobane’ng ha khopotso ea Pauluse e hlahang lengolong la Baheberu 13:​5, 6 e ne e le nakong ho Bakreste?

6 Ha Pauluse a ngolla Baheberu, Jerusalema e ne e le motse o atlehileng. Mongoli e mong oa Roma oa mehleng eo o ile a re Jerusalema “ke motse o tummeng haholo karolong e ka Bochabela ea lefatše.” Bajuda ba tsoang libakeng tse ngata ba ne ba ea moo ho ea keteka mekete e neng e tšoaroa selemo le selemo, e leng se neng se etsa hore moruo oa motse oo o atlehe. Ha ho potang hore Bakreste ba bang le bona ba ile ba etsa chelete e ngata. Mohlomong ke lona lebaka leo Pauluse a ileng a re ho bona: “Le se ke la rata chelete empa le khotsofalle lintho tseo le nang le tsona.” O ile a boela a qotsa mantsoe a matla a kholisang a hlahang ka Mangolong, a bontšang kamoo Jehova ka boeena a re tiisetsang hore: “Ho hang nke ke ka u tlohela kapa ka u furalla.” (Bala Baheberu 13:​5, 6; Deut. 31:6; Pes. 118:6) Bakreste ba lulang Jerusalema le Judea ba ne ba tla hloka kholiso ena. Hobane’ng? Hobane nakoana ka mor’a hore ba fumane lengolo lena, ba ne ba tla lokela ho siea matlo a bona, likhoebo tsa bona le boholo ba lintho tseo ba neng ba e-na le tsona. Joale ba ne ba tla lokela ho qala bophelo bo bocha, e leng ntho eo e neng e ke ke ea e-ba bonolo.

7. Ke hobane’ng ha re lokela ho tšepa Jehova haholo hona joale?

7 Seo re ithutang sona: Ke’ng se larileng ka pele? Re lebelletse ho felisoa ha lefatše lena nakong ea “mahlomola a maholo.” (Mat. 24:21) Joaloka Bakreste ba mehleng ea Jesu, re lokela ho lula re falimehile ebile re itokisitse. (Luka 21:​34-36) Nakong ea mahlomola a maholo, re ka ’na ra lokela ho siea tse ling kapa lintho tsohle tsa rona, re tšepile ka ho felletseng hore Jehova a ke ke a lahla batho ba hae. Le hona joale, pele mahlomola ao a qala, re na le monyetla oa ho bontša hore na re tšepa mang. Ipotse, ‘Na lintho tseo ke li etsang le lipakane tseo ke ipehetseng tsona li bontša hore ha kea tšepa maruo empa ke tšepile Molimo ea tšepisang hore o tla ntlhokomela?’ (1 Tim. 6:17) Ke ’nete hore re ka ithuta ho se ileng sa etsahalla Bakreste ba mehleng ea pele, empa “mahlomola a maholo” ’ona e tla be e le ntho e-s’o bonoe. Joale re tla tseba joang seo re lokelang ho se etsa ha mahlomola a maholo a qala?

MAMELA BA ETELLANG PELE

8. Jesu o ile a fa barutuoa ba hae litaelo life?

8 Lilemo tse ’maloa ka mor’a hore Bakreste ba fumane lengolo la Baheberu le tsoang ho Pauluse, ba ile ba bona masole a Roma a pota-pota motse oa Jerusalema. Seo e ne e le pontšo ea hore ke nako ea hore ba balehe. Motse oa Jerusalema o ne o tl’o felisoa. (Mat. 24:3; Luka 21:​20, 24) Empa ba ne ba tla balehela hokae? Jesu o ile a re: “Ba leng Judea ba balehele lithabeng.” (Luka 21:21) Ho ne ho e-na le lithaba tse ngata sebakeng seo. Joale ba ne ba tla balehela thabeng efe?

9. Ke hobane’ng ha Bakreste ba ne ba ka ’na ba ipotsa hore na ba lokela ho balehela lithabeng life? (Sheba ’mapa.)

9 Nahana ka tse ling tsa lithaba tseo Bakreste ba ka beng ba balehetse ho tsona. Ka mohlala, lithaba tsa Samaria, lithaba tsa Galilea, Thaba ea Hermone, lithaba tsa Lebanone le lithaba tse ka mose ho Noka ea Jordane. (Sheba ’mapa.) Ho ne ho ka bonahala eka metse e meng lithabeng tseo e ne e sireletsehile. Ka mohlala, motse oa Gamla, o ne o le sebakeng se holimo lithabeng hoo ho neng ho le thata haholo ho fihla ho oona. Bajuda ba bang ba ne ba bona motse oo e le sebaka se sireletsehileng seo ba ka balehelang ho sona. Leha ho le joalo, Baroma ba ile ba hlasela le ho felisa motse oo, ’me batho ba bangata ba lulang moo ba ile ba shoa. b

Ho na le lithaba tse ngata tseo Bakreste ba pele ba neng ba ka balehela ho tsona, empa ha se kaofela ha tsona li neng li sireletsehile (Sheba serapa sa 9)


10, 11. (a) E ka ’na eaba Jehova o ile a fana ka tataiso joang? (Baheberu 13:​7, 17) (b) Bakreste ba ile ba rua molemo joang ka hore ba mamele ba etellang pele? (Sheba setšoantšo.)

10 Ho bonahala eka Jehova o ile a tataisa Bakreste a sebelisa ba etellang pele ka phuthehong. Hamorao, rahistori Eusebius o ile a ngola a re: “Molimo o ile a senolela banna ba khethiloeng ba Jerusalema hore ba laele phutheho . . . hore e balehe motseng pele ho ntoa, ’me ba ee motseng oa Perea o bitsoang Pela.” Ho bonahala eka Pela e ne e le sebaka se loketseng. E ne e se hole le Jerusalema, ’me seo se ne se etsa hore ho be bonolo ho fihla teng. Hape batho ba bangata ba motse oa Pela e ne e se Bajuda, kahoo ba ne ba sa leke ho loana le Baroma.—Sheba ’mapa.

11 Bakreste ba ileng ba balehela lithabeng ba ile ba sebelisa keletso ea Pauluse ea ho ‘mamela ba etellang pele’ ka phuthehong. (Bala Baheberu 13:​7, 17.) Ka lebaka la seo, batho ba Molimo ba ile ba pholoha. Histori e paka hore Molimo ha aa ka a lahla batho ‘ba emetseng motse o nang le metheo ea ’nete,’ e leng ’Muso oa Molimo.—Baheb. 11:10.

Pela eona e ne e sireletsehile (Sheba serapa sa 10 le 11)


12, 13. Ke joang Jehova a ileng a tataisa batho ba hae linakong tse thata?

12 Seo re ithutang sona: Jehova o sebelisa ba etellang pele ho fa batho ba hae tataiso e tobileng. Mangolo a na le mehlala e mengata e bontšang kamoo Jehova a ileng a fana ka balisa ho tataisa batho ba hae linakong tse thata. (Deut. 31:23; Pes. 77:20) Le rona kajeno re bone bopaki bo bongata bo bontšang kamoo Jehova a tsoelang pele ho sebelisa ba etellang pele kateng.

13 Ka mohlala, ha seoa sa COVID-19 se ne se qala, “ba . . . etellang pele” ba ile ba fana ka tataiso e hlokahalang. Baholo ba ile ba fuoa tataiso ea hore na liphutheho li ka kopana joang bakeng sa liboka le ho tsoela pele li sebeletsa Jehova. Nakoana ka mor’a hore seoa se qale, re ile ra tšoara kopano ka lipuo tse fetang 500 re sebelisa Inthanete, TV le radio. Kopano e tšoanang le eena e ne e-s’o ka e ba teng pele ho mong. Ha rea ka ra khaotsa ho fumana lijo tsa moea. Seo se ile sa etsa hore re lule re momahane. Re ka kholiseha hore ho sa tsotellehe liteko tseo re tla tobana le tsona nakong e tlang, Jehova o tla tsoela pele ho thusa ba etellang pele hore ba etse liqeto tse bohlale. Ntle le ho tšepa Jehova le ho mamela litaelo tsa hae, ke makhabane afe a tla re thusa ho lula re itokiselitse mahlomola a maholo le ho etsa liqeto tse bohlale nakong eo e thata?

BONTŠA LERATO LA BANA BA MOTHO LE KAMOHELO EA BAETI

14. Ho ea ka Baheberu 13:​1-3, ke makhabane afe ao Bakreste ba neng ba lokela ho a bontša pele Jerusalema e felisoa?

14 Ha mahlomola a maholo a qala, re tl’o hloka ho bontša bara ba bo rona hore rea ba rata ho feta leha e le neng pele. Nakong eo, re tla tlameha ho latela mohlala oa Bakreste ba neng ba lula Jerusalema le Judea. Ba ne ba lula ba bontša hore ba rata bana ba bo bona. (Baheb. 10:​32-34) Empa lilemo pele Jerusalema e felisoa, Bakreste ba ne ba lokela ho bontša hore ba “ratana joaloka bana ba motho” le “ho amohela baeti” ho feta le ha e le neng pele. c (Bala Baheberu 13:​1-3.) Le rona re lokela ho etsa se tšoanang ha bofelo ba lefatše lena bo ntse bo atamela.

15. Ke hobane’ng ha Bakreste ba Baheberu ba ne ba lokela ho bontšana lerato la bana ba motho le ho amohela baeti ka mor’a hore ba balehe?

15 Ha masole a Roma a pota-pota Jerusalema ’me ka tšohanyetso a tloha motseng, Bakreste ba ile ba baleha ba nkile lintho tse seng kae. (Mat. 24:​17, 18) Ba ne ba lokela ho thusana ha ba le tseleng e eang lithabeng le ha ba se ba le matlong a bona a macha. Ho hlakile hore ho ne ho e-na le lintho tse ngata tseo ba neng ba tla ‘li hloka ka potlako.’ Sena se ne se tla fa Bakreste monyetla oa hore ba bontše lerato la ’nete la bana ba motho le ho amohela baeti ka hore ba tšehetsane le ho arolelana seo ba nang le sona.—Tite 3:14.

16. Re ka bontša Bakreste-’moho ba hlokang thuso ea rona hore rea ba rata joang? (Sheba setšoantšo.)

16 Seo re ithutang sona: Lerato le re susumetsa hore re tšehetse Bakreste-’moho ha ba hloka thuso ea rona. Haesale batho ba Molimo ba bangata ba ikemiselitse ho hlokomela bara le barali ba bo bona ba balehileng linaheng tsa habo bona ka lebaka la lintoa le likoluoa tsa tlhaho, ka ho ba fa lintho tseo ba li hlokang le ho ba khothatsa. Morali oa bo rona oa Ukraine ea ileng a tloha ha hae ka lebaka la ntoa, o ile a re: “Re ile ra bona letsoho la Jehova ha a re tataisa le ho re thusa a sebelisa bara ba bo rona. Ba ile ba re amohela ka mofuthu le ho re thusa haholo ha re ne re le Ukraine, Hungary le hona joale mona Jeremane.” Batho ba bontšang kamohelo e mofuthu ea baeti ho bara le barali ba bo rona le ho ba hlokomela ka lintho tseo ba li hlokang, ke lithulusi ka matsohong a Jehova.—Liprov. 19:17; 2 Bakor. 1:​3, 4.

Bakreste ba baphaphathehi ba hloka thuso ea rona (Sheba serapa sa 16)


17. Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa ho hlaolela lerato la bana ba motho le ho amohela baeti hona joale?

17 Ho hlakile hore re tla hloka ho thusana haholo nakong e tlang ho feta hona joale. (Hab. 3:​16-18) Jehova o ntse a re koetlisa hona joale hore re hlaolele lerato la bana ba motho le ho amohela baeti, e leng makhabane a bohlokoa ka ho fetisisa a tla re thusa nakong eo.

HO TL’O ETSAHALA’NG NAKONG E TLANG?

18. Re ka etsisa Bakreste ba Baheberu ba mehleng ea Jesu joang?

18 Joalokaha histori e paka, Bakreste ba ileng ba balehela lithabeng ba ile ba qoba tlokotsi e ileng ea oela Jerusalema. Ba ile ba siea motse, empa Jehova ha aa ka a ba lahla le ka mohla. Joale ho tla etsahala’ng mehleng ea rona? Ha re tsebe hantle hore na ho tla etsahala’ng nakong e tlang. Empa Jesu o re lemositse hore re lule re itokisitse. (Luka 12:40) Re boetse re na le keletso eo Pauluse a ileng a e ngolla Baheberu, e leng keletso e ntseng e sebetsa ho rona joalokaha e ne e sebetsa mehleng ea pele. Jehova ka boeena o re kholisitse hore a ke ke a re tlohela kapa hona ho re lahla. (Baheb. 13:​5, 6) E se eka re ka tsoela pele re batla ka tieo motse o tšoarellang, e leng ’Muso oa Molimo, ’me re thabele litlhohonolofatso tsa ka ho sa feleng tseo o tla li tlisa.—Mat. 25:34.

PINA EA 157 Khotso e Tla ba Teng Qetellong!

a Mehleng ea Bibele, hangata motse o ne o busoa ke morena. Motse o joalo o ne o ka nkoa e le ’muso.—Gen. 14:2.

b Sena se etsahetse ka selemo sa 67, nakoana ka mor’a hore Bakreste ba balehe Judea le Jerusalema.

c Lentsoe le fetoletsoeng e le “lerato la bana ba motho” le ka bolela lerato le pakeng tsa batho ba amanang haufi-ufi, empa Pauluse o le sebelisa ho hlalosa lerato le teng ka phuthehong.