Jehova o Rata Batho ba ‘Behang Litholoana ka Mamello’
‘Ha e le e mobung o motle, ena ke . . . ba behang litholoana ka mamello.’—LUKA 8:15.
1, 2. (a) Bara le barali babo rona ba sebetsang tšimong eo batho ba sa thabeleng molaetsa oa Bibele ba re khothatsa joang? (Sheba setšoantšo se qalong.) (b) Jesu o ile a re’ng ka ho ruta “sebakeng sa habo”? (Sheba naletsana.)
NTATE-MOHOLO SERGIO le nkhono Olinda ke banyalani ba bo-pula-maliboho ba lilemong tsa bo-80 ba lulang United States. Morao tjena kaha ba se ba opeloa ke mangole, ba thatafalloa ke ho tsamaea. Empa le hona joale ka mor’a lilemo tse mashome, ba ntse ba tsoha hoseng ba e-ea sebakeng se phetheselang se toropong ’me ba fihla moo ka hora ea bosupa. Ba ema haufi le setopo sa libese ebe ba fa batho ba fetang moo lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng. Le hoja batho ba bangata ba sa ba nkele hloohong, banyalani bao ba tsoela pele ho ema moo lifahleho tsa bona li elile. Ha tali e antša ba khutlela hae ba iketlile. Ka letsatsi le hlahlamang ka nako e tšoanang ba moo hape. Banyalani bana ba phathahane ka ho ruta molaetsa oa Bibele matsatsi a tšeletseng bekeng, selemo ho pota.
2 Lefatšeng ka bophara bara le barali babo rona ba qetile lilemo tse ngata ba ruta molaetsa oa ’Muso libakeng tseo batho * Taba ea hore ebe u tšoere ka thata joalo ho sebeletsa Jehova, u khothatsa bahoeletsi ba bang le bao e leng khale ba li bona. Balebeli ba potoloho ba re ba ikutloa ba le morolo ha ba sebetsa tšimo le bara le barali babo rona ba sebetsang tšimo eo batho ba sa thabeleng molaetsa oa Bibele. Ba re botšepehi ba bara le barali babo rona bo ba susumelletsa ho mamella le hore ba be sebete tšimong. Ba boetse ba re mohlala oa bona o ba ama lipelo.
ba sa thabeleng molaetsa. Ntate-moholo Sergio le nkhono Olinda ke ba bang ba bona. Haeba u boemong bo tšoanang le bona rea u babatsa hore ebe u mameletse.3. Re tl’o hlahloba lipotso life tse tharo, hona hobane’ng?
3 E le ho re thusa hore re phethe mosebetsi oo Jesu a re fileng oona ka botlalo, a re hlahlobeng likarabo tsa lipotso tsena tse tharo: Ke hobane’ng ha re ka ikutloa re nyahame ka linako tse ling? Re ka atleha joang tšimong eo batho ba sa thabeleng molaetsa oa Bibele? Re ka thusoa ke’ng hore re atlehe ho mamella?
KE HOBANE’NG HA RE KA IKUTLOA RE NYAHAME?
4. (a) Tsela eo Bajuda ba ileng ba etsa lintho ka eona e ile ea ama Pauluse joang? (b) Ke hobane’ng ha Pauluse a ile a ikutloa joalo?
4 Haeba u kile oa ikutloa u nyahame ha u sebetsa tšimo eo batho ba teng ba sa mameleng, u ikutloa ka tsela eo Pauluse a neng a ikutloa ka eona. Ha a ntse a etsa tšebeletso ea hae e nkileng lilemo tse ka bang 30, o ile a thusa batho ba bangata hore e be barutuoa ba Kreste. (Lik. 14:21; 2 Bakor. 3:2, 3) Leha ho le joalo, ha aa ka a atleha ho thusa Bajuda ba bangata hore e be barapeli ba Jehova. Ho e-na le hoo, batho ba bangata ba ile ba mo hanyetsa le ho mo hlorisa. (Lik. 14:19; 17:1, 4, 5, 13) Tsela eo ba ileng ba etsa lintho ka eona e ile ea ama Pauluse joang? O ile a re: “Ke bolela ’nete mabapi le Kreste . . . ha ke re: Ke utloa bohloko bo boholo, sello se sa feleng se teng pelong ea ka.” (Bar. 9:1-3) Ke hobane’ng ha Pauluse a ne a ikutloa joalo? O ne a rata mosebetsi oa boboleli. O ne a ruta Bajuda molaetsa oa Bibele hobane a ba utloela bohloko. O ile a utloa bohloko haholo ha ba hana ho mamela.
5. (a) Ke’ng e re susumelletsang ho ruta batho Bibele? (b) Ke hobane’ng ha ho sa makatse hore ka linako tse ling re ikutloe re nyahame?
5 Le rona re bolella batho molaetsa oa Bibele hobane re ba utloela bohloko. (Mat. 22:39; 1 Bakor. 11:1) Rea tseba hore Jehova o hlohonolofatsa batho ba khethang ho mo sebeletsa. Ha re nahana ka batho ba sebaka seo re phelang ho sona, re ee re lakatse hore eke ba ka be ba tseba hore na ba fetoa ke’ng. Kahoo, re ba khothalletsa hore ba ithute ’nete ka Jehova le hore na o rerile ho etsetsa batho eng. Ha re etsa joalo, re re ho batho bao re ba bolellang molaetsa oa Bibele: ‘Re u tliselitse mpho e ntle. Re kopa u e amohele.’ Ha batho ba sa e amohele re utloa ‘bohloko.’ Ho ikutloa ka tsela ena ha ho bontše hore re haelloa ke tumelo, empa ho bontša hore re rata ho ruta batho molaetsa oa Bibele. Le hoja re ee re nyahame, re tsoela pele ho mamella. Morali’abo rona Elena ea nang le lilemo tse ka holimo ho 25 e le pula-maliboho, o re: “Mosebetsi oa ho ruta batho Bibele oa nthatafalla. Empa ha ho na mosebetsi o mong oo nka o etsang ntle le ona.” Le rona re ikutloa joaloka eena.
RE KA ATLEHA JOANG TŠIMONG?
6. (a) Re tl’o hlahloba potso efe? (b) Re tla thusoa ke’ng ho fumana karabo ea eona?
6 Re ka kholiseha joang hore re tla atleha ho etsa mosebetsi oa boboleli ho sa tsotellehe hore na re o etsa hokae? E le hore re fumane karabo ea potso ena, re tl’o hlahloba lipapiso tse peli tseo Jesu a ileng a bua ka tsona ha a ne a hatisa bohlokoa ba ho ‘beha Mat. 13:23) Ea pele ke ea sefate sa morara.
litholoana.’ (7. (a) Ke bo-mang ba emeloang ke “molemi,” “sefate sa morara” le “makala?” (b) Re tl’o fumana karabo ea potso efe?
7 Bala Johanne 15:1-5, 8. Hlokomela hore Jesu o ile a re ho baapostola ba hae: “Ntate o tlotlisoa ka sena, hore le ’ne le behe litholoana tse ngata ’me le be barutuoa ba ka.” Jesu o ile a hlalosa Jehova e le “molemi,” eena e le “sefate sa morara sa ’nete” ’me barutuoa ba hae bona e le “makala.” * Joale balateli ba Jesu ba lokela ho beha litholoana life? Papisong ena Jesu ha aa hlalosa ka ho hlaka hore na litholoana tseo ke’ng, empa o buile taba ea bohlokoa e tla re thusa hore re fumane karabo.
8. (a) Ke hobane’ng ha papiso ee e sa bolele hore ho beha litholoana ke ho thusa batho hore e be balateli ba Jesu? (b) Jehova o lebeletse’ng ho rona?
8 Ha Jesu a bua ka Ntate oa hae, o ile a re: “Lekala le leng le le leng le ho ’na, le sa beheng, oa le rema.” Jehova o re nka re le bahlanka ba hae hafeela re beha litholoana. (Mat. 13:23; 21:43) Leha le joalo, papiso ena ha e bolele hore ho beha litholoana ke ho thusa batho hore e be balateli ba Jesu. (Mat. 28:19) Haeba ho ne ho le joalo, Bakreste ba sa atleheng ho thusa batho ka lebaka la maemo a tšimo, ba ne ba tla be ba tšoana le makhasi a sa beheng papisong eo Jesu a buileng ka eona. Ho hlakile hore taba ena e ne e ke ke ea utloahala. Re ke ke ra qobella batho hore e be balateli ba Jesu. Ho etsa joalo ho ne ho tla be ho le khahlanong le tsela eo Jehova a etsang lintho ka eona. Hobane’ng? Hobane ha a qobelle batho hore ba etse lintho tseo ba ke keng ba li khona. Taelo e ’ngoe le e ’ngoe eo Jehova a re fang eona ha e thata.—Deut. 30:11-14.
9. (a) Re ka beha litholoana ha re etsa mosebetsi ofe? (b) Re tl’o hlahloba papiso efe hona hobane’ng?
9 Ha e le hantle re lokela ho beha litholoana life? Ho hlakile hore ho beha litholoana ho itšetlehile ka tsela eo re sebetsang ka eona. Ke mosebetsi ofe o re thusang hore re behe litholoana? Ke oa ho ruta batho ka ’Muso oa Molimo. * (Mat. 24:14) Papiso ea Jesu e buang ka mojali e tiisa taba ena. A re hlahlobeng papiso ea bobeli eo Jesu a buileng ka eona.
10. (a) Papisong ea mojali, peo le mobu li emela’ng? (b) Lehlaka la koro le hlahisa’ng?
10 Bala Luka 8:5-8, 11-15. Papisong ea mojali, peo ke “lentsoe la Molimo,” kapa molaetsa oa ’Muso. Mobu o emela pelo ea motho ea tšoantšetso. Peo e oetseng mobung o motle e ile ea atleha ’me ea hlahisa lehlaka la koro. Kahoo ‘la hlahisa litholoana tse lekholo.’ Empa koro ee e tl’o hlahisa lihloohoana tse joang? Na e tla hlahisa mahlaka a mang? Che! e hlahisa peo e ncha. Le eona e tla hola ebe e hlahisa mahlaka a mang. Papisong ena, peo e le ’ngoe e ile ea hlahisa tse lekholo. Papiso ee e amana joang le mosebetsi oa rona oa boboleli?
11. (a) Papiso ea mojali e amana joang le mosebetsi oa boboleli? (b) Re hlahisa peo e ncha joang?
11 E le hore re tle re khone ho bapisa, a re re lilemo tse ngata tse fetileng Lipaki kapa batsoali ba rona bao e leng Lipaki ba ile ba re bolella litaba tse molemo. Ba ile ba thaba ha ba bona re amohela molaetsa oa ’Muso. Joalokaha mobu o motle o ile oa amohela peo, le rona re ile ra amohela molaetsa ’me ra tsepama ho ’ona. Hamorao molaetsa oa ’Muso o ile oa thopothela lipelong tsa rona ’me oa hola, oa beha litholoana. Joalokaha koro e sa hlahise mahlaka a macha, empa e hlahisa * Re hlahisa peo e ncha joang? Ha re buisana le batho ka molaetsa oa Bibele, ho tšoana le ha re jala le ho hasanya peo e ncha, e ileng ea thopothela lipelong tsa rona. (Luka 6:45; 8:1) Kahoo, papiso ena e re ruta hore ha re lula re phatlalatsa molaetsa oa Bibele, re “beha litholoana ka mamello.”
peo, le rona ha re bolelle batho ba bacha ka ’Muso feela re ba bolella litaba tseo ba neng ba sa li tsebe.12. (a) Re ithuta’ng papisong ea Jesu ea sefate sa morara le ea mojali? (b) Thuto eo e u ama joang?
12 Re ithuta’ng papisong ea Jesu ea sefate sa morara le ea mojali? Li re thusa ho utloisisa hore ho beha litholoana ha hoa itšetleha ka tsela eo batho ba arabelang ka eona tšimong. Ho e-na le hoo, ho itšetlehile ka ho etsa mosebetsi oa boboleli ka matla ’ohle a rona. Pauluse o ile a tiisa taba ena ha a re: “Motho e mong le e mong o tla amohela moputso oa hae ho ea ka mosebetsi oa hae.” (1 Bakor. 3:8) Moputso o ba teng ka lebaka la mosebetsi, eseng ho ea ka litholoana tsa mosebetsi oo. Morali’abo rona Matilda ea nang le lilemo tse 20 e le pula-maliboho o re: “Hoa nthabisa ho tseba hore Jehova o hlohonolofatsa boiteko ba rona.”
RE KA THUSOA KE’NG HORE RE ATLEHE HO MAMELLA?
13, 14. Ho ea ka Baroma 10:1, 2 ke mabaka afe a entseng hore Pauluse a se ke a emisa ho bolella batho molaetsa oa Bibele le hoja ba ne ba sa o thabele?
13 Re ka thusoa ke’ng hore re lule re atleha ho beha litholoana ka mamello? Joalokaha re bone, Pauluse o ile a nyahama ka lebaka la Bajuda ba neng ba sa batle ho mamela molaetsa oa ’Muso. Leha ho le joalo, ha aa ka a tlohela ho ba bolella. Hlokomela hore na o ile a boela a re’ng ha a ne a hlalosa tsela eo a ikutloang ka eona ka Bajuda lengolong la hae le eang ho Bakreste ba Roma: “Khahleho ea pelo ea ka le thapeli ea ka ho Molimo bakeng sa bona e bakeng sa poloko ea bona. Etsoe kea ba pakela hore ba chesehela Molimo; empa eseng ho ea ka tsebo e nepahetseng.” (Bar. 10:1, 2) Ke mabaka afe ao Pauluse a buileng ka ’ona a ileng a mo thusa hore a tsoele pele ka tšebeletso ea hae?
Bar. 11:13, 14) La bobeli ke hore Pauluse o ile a etsa “thapeli . . . ho Molimo bakeng sa bona.” O ile a rapela Molimo hore a thuse Bajuda hore ba amohele molaetsa oa ’Muso. La boraro, Pauluse o ile a eketsa ka hore “ba chesehela Molimo.” O ile a bona hore ba ka khona ho etsa lintho tse nepahetseng. Haeba batho ba thusoa hore ba chesehe ka tsela e nepahetseng, ba ka khona ho fetola bophelo ba bona hore ebe barutuoa ba Kreste. Pauluse o ne tseba taba ena hantle.
14 La pele ke hore Pauluse o ile a hlalosa hore na ke hobane’ng ha a ile a tsoela pele ho bolella Bajuda molaetsa oa Bibele. O ne a susumetsoa ke “khahleho ea pelo ea [hae].” O ne a labalabela hore Bajuda ba bang ba tle ba pholohe. (15. Re ka etsisa Pauluse joang? Fana ka mehlala.
15 Re ka etsisa Pauluse joang? Ntho ea pele ke hore re lokela ho lula re e-na le tabatabelo ea ho bua ka Bibele le batho bohle ba nang le “tšekamelo e nepahetseng bakeng sa bophelo bo sa feleng.” Ea bobeli, re rapela Jehova hore a thuse batho ba lipelo li ntle hore ba mamele lentsoe la hae. (Lik. 13:48; 16:14) Morali’abo rona Silvana ea nang le lilemo tse isang ho tse 30 e le pula-maliboho o re: “Pele ke kena ha motho tšimong, ke rapela Jehova hore ke be le maikutlo a bonolo.” Re boetse re rapela Molimo hore a re tataise ka mangeloi hore a re lebise ho batho ba batlang ho utloa litaba tse molemo. (Mat. 10:11-13; Tšen. 14:6) Mor’abo rona Robert ea nang le lilemo tse ka holimo ho 30 e le pula-maliboho o re: “Hoa thabisa ho sebetsa le mangeloi hobane aa tseba hore na ho etsahala’ng bophelong ba batho bao re buang le bona.” La boraro ke hore re na le tšepo ea hore batho bao ba ka khona ho sebeletsa Molimo. Mor’abo rona Carl eo e leng moholo ea nang le lilemo tse ka holimo ho 50 a kolobelitsoe o re: “Ke sheba ntho e nyenyane feela e bontšang hore motho o thabela molaetsa oa Bibele, e kang ho bososela, sefahleho se elileng kapa ho botsa potso e bontšang hore o batla ho tseba.” Joaloka Pauluse, le rona re ka khona ho mamella ho beha litholoana.
“U SE KE UA LUMELLA LETSOHO LA HAO HORE LE PHOMOLE”
16, 17. (a) Re ithuta’ng taelong e hlahang ho Moeklesia 11:6? (b) Etsa mohlala oa hore na mosebetsi oa rona oa ho jala o ka ama batho ba bang joang.
16 Le haeba re bona eka mosebetsi oo re o etsang oa ho bolela ka ’Muso ha o thuse batho, ha rea lokela ho khella fatše mosebetsi oa ho jala peo. (Bala Moeklesia 11:6.) Ho feta moo, batho ba bangata ha ba re mamele leha ho le joalo, baa re bona ha re etsa mosebetsi ona. Ba bona moaparo oa rona o hlomphehang, boitšoaro ba rona bo botle le ho bososela ha rona. Ha nako e ntse e-ea, boitšoaro ba rona bo botle bo ka ba thusa ho fetola maikutlo a fosahetseng ao ba neng ba e-na le ’ona ka rona. Ntate-moholo Sergio le nkhono Olinda bao re buileng ka bona pejana ba ile ba hlokomela taba ena.
17 Ntate-moholo Sergio o re: “Ka lebaka la ho kula, re ile ra nka nako re sa ee toropong moo re neng re ema teng ka litoroli. Ha re khutlela, batho ba tloaetseng ho feta moo ba ile ba re botsa ba re: ‘Le ntse le ipatile kae? Re ne re le hopotse.’” Nkhono Olinda o bua a thabile o re: “Batho ba khannang libese ba ile ba re phahamisetsa matsoho ’me ba re hoelehetsa ba re: ‘Joale lea sebetsa!’ Ba ba ba ikopela limakasine.” Banyalani bao ba ile ba makala haholo ha ntate e mong a tla ’me a ba fa lipalesa a bile a ba leboha ka mosebetsi oo ba o etsang.
18. Ke hobane’ng ha u ikemiselitse ho ‘beha litholoana ka mamello’?
18 Haeba re sa ‘lumelle matsoho a rona hore a phomole’ ho jaleng peo ea ’Muso, re tla be re itela bakeng sa ho fana ka “bopaki ho lichaba tsohle.” (Mat. 24:14) Ka holim’a tsohle, re thaba haholo hobane rea tseba hore Jehova oa re amohela, hobane o rata bohle ba “ba behang litholoana ka mamello.”
^ ser. 2 Jesu le eena o ile a bontša hore ho ne ho se bonolo hore a rute “sebakeng sa habo” joalokaha ho bontšitsoe libukeng tse ’nè tsa likosepele.—Mat. 13:57; Mar. 6:4; Luka 4:24; Joh. 4:44.
^ ser. 7 Le hoja makala ao ho buuang ka ’ona papisong ena a hlalosa batho ba nang le tšepo ea ho ea phela leholimong, empa papiso ena e na le thuto ea bohlokoa bakeng sa bahlanka ba Jehova kaofela.
^ ser. 9 Ho ‘beha litholoana’ ho boetse ho amahanngoa le ho bontša “litholoana tsa moea,” sehloohong sena le se latelang, re tla bua haholoanyane ka ‘litholoana tsa melomo ea rona’ kapa ho bolela ka ’Muso.—Bagal. 5:22, 23; Baheb. 13:15.
^ ser. 11 Maemong a mang, ha Jesu a bua ka mosebetsi oa ho etsa barutuoa o ile a etsa mohlala ka ho jala le ho kotula.—Mat. 9:37; Joh. 4:35-38.