Privacy Settings

To provide you with the best possible experience, we use cookies and similar technologies. Some cookies are necessary to make our website work and cannot be refused. You can accept or decline the use of additional cookies, which we use only to improve your experience. None of this data will ever be sold or used for marketing. To learn more, read the Global Policy on Use of Cookies and Similar Technologies. You can customize your settings at any time by going to Privacy Settings.

Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na ‘U ba le Mokete Kamehla’?

Na ‘U ba le Mokete Kamehla’?

“Matsatsi ’ohle a ea hlorileng a mabe; empa ea pelo e ntle o ba le mokete kamehla.”—Liproverbia 15:15.

MANTSOE aa a bolela’ng? A bolela boemo ba motho ba kelello le tsela eo a ikutloang ka eona. Motho “ea hlorileng” o lula a nahana ka lintho tse sithabetsang—e leng se etsang hore matsatsi a hae a be “mabe,” kapa a mo sulafalle. Ho fapana le hoo, “ea pelo e ntle” o leka ho nahana ka lintho tse hahang—e leng se etsang hore a thabe ’me a be le “mokete kamehla.”

Kaofela ha rōna re na le mathata a ka re amohang thabo. Leha ho le joalo, re ka khona ho etsa lintho tse tla re thusa ho lula re thabile ho sa tsotellehe mathata ao re thulanang le ’ona. Hlokomela seo Bibele e se buang.

  • U se ke ua itumella ho nyahamisoa ke ho nahana ka mathata a letsatsi le hlahlamang. Jesu Kreste o ile a re: “Le se ke la tšoenyeha ka la hosane; le tla ba le matšoenyeho a lona a lekaneng. Ha ho hlokahale hore le eketse mathata a tlisoang ke letsatsi ka leng.”—Matheu 6:34, Good News Translation.

  • Leka ho nahana ka lintho tse ntle tse u etsahaletseng. Ha e le hantle, ha u ikutloa u nyahame, u ka etsa lethathamo la lintho tseo tse ntle ’me ua nahana ka tsona. Hape, u se ke ua lula u nahana ka liphoso tsa nakong e fetileng kapa lintho tse mpe tseo u kileng ua li etsa. Ithute ho tsona ’me u tsoele pele ka bophelo. E-ba joaloka mokhanni ea qekotsang seipone. Hopola hore “ho na le tšoarelo ea ’nete ho [Molimo].”—Pesaleme ea 130:4.

  • Ha u nyahamisoa ke matšoenyeho, bua le motho ea ka u hlasimollang. Liproverbia 12:25 e re: “Ho tšoenngoa ke lipelaelo” ho etsa hore lipelo tsa rōna li “thulame, empa lentsoe le molemo le etsa hore e thabe.” Mohlomong “lentsoe [leo] le molemo” le ka tsoa ho setho sa lelapa kapa motsoalle eo re mo tšepang—ea sa rateng ho nyatsa-nyatsa, empa ea “lerato ka linako tsohle.”—Liproverbia 17:17.

Lipolelo tse bohlale tse tsoang ka Bibeleng li ’nile tsa thusa batho ba bangata hore ba thabe esita le maemong a thata. E se eka lipolelo tseo tsa bohlokoa li ka u thusa le uena.