SEHLOOHO SE KA NTLE
U ka Phela Nako e Kae?
SEKOLOPATA se bitsoang Harriet se shoele ka 2006, se le lilemo tse ka bang 175. E ne e le sekolopata sa mofuta oa Galapagos ’me se ne se lula sebakeng sa polokelo ea liphoofolo, Australia. Ha se bapisoa le rōna, sekolopata sena se phetse nako e telele haholo. Empa ha se bapisoa le lintho tse ling tse phelang, ha sea phela nako e telele hakaalo. Nahana ka mehlala ena.
Litsebi tsa Finland li re tlhapi ea pearl mussel, e ka phela lilemo tse 200.
Litlhapi tsa burrowing clam li atisa ho phela lilemo tse fetang 100 ’me ho thoe tse ling li phela lilemo tse fetang 400.
Lifate tse ling, tse kang bristlecone pine, giant sequoia le mefuta e meng ea kyprese le phaene li phela lilemo tse likete.
Leha ho le joalo, batho bao ho nkoang hore ke libōpuoa tse phahametseng tse ling lefatšeng, ba phela lilemo tse 80 kapa 90—le hoja ka linako tse ling ba leka ka matla ho lelefatsa bophelo ba bona!
U nahana’ng ka see—na sohle seo re ka se lebellang ke ho phela lilemo tse 80 feela? Kapa na ho na le monyetla oa hore re ka phela nako e telele ho feta moo? Batho ba bangata ba lumela hore saense le theknoloji ea bongaka li tla tlisa tharollo.
Na Saense e ka Thusa?
Saense e tlatselitse haholo ho ntlafatseng bophelo le theknoloji ea bongaka. Makasine ea Scientific American e re: “Ke batho ba seng bakae feela [United States] ba bolaoang ke mafu a tšoaetsanoang kapa mathata a bang teng ha ba pepa. Lenane la masea a shoang le fokotsehile ka liphesente tse 75 ho tloha ka 1960.” Empa saense ha e ea atleha hakaalo ho lelefatsa nako eo batho ba e phelang. Makasine e ’ngoe ea Scientific American e re: “Esita le ka mor’a lilemo tse mashome ba ntse ba fuputsa, [bo-rasaense] ba ntse ba sa utloisise hore na ke hobane’ng ha batho ba tsofala.” Leha ho le joalo, “bopaki bo bontša hore botsofali bo ka ’na ba tlisoa ke ha liphatsa tsa lefutso tse laolang khōlo li khaotsa ho sebetsa hantle.” Sehlooho seo se boetse se re: “Haeba botsofali bo tlisoa ke tsela eo liphatsa tsa lefutso li sebetsang ka eona, ho bonahala eka ka le leng bo ka ’na ba thibeloa.”
“Esita le ka mor’a lilemo tse mashome ba ntse ba fuputsa, [bo-rasaense] ba ntse ba sa utloisise hore na ke hobane’ng ha batho ba tsofala”
Ha ba ntse ba batlisisa hore na ke’ng e bakang botsofali, ho akarelletsa maloetse a tsamaisanang le botsofali, bo-rasaense ba bang ba hlahloba boitsebiso bo ntseng bo fumanoa liphatseng tsa lefutso, e leng se bitsoang epigenetics. Epigenetics ke’ng?
Lisele tse phelang li na le boitsebiso bo liphatseng tsa lefutso, bo hlokahalang e le hore ’mele o hlahise lisele tse ncha. Boholo ba boitsebiso bona bo fumanoa ho DNA e seleng. Empa morao tjena, bo-rasaense ba lekola likarolo tse ling tse poteletseng le ho feta tsa sele
Limolek’hule tse etsang epigenome ha li tšoane le DNA. DNA ekare ke lere e sothehileng, ha epigenome eona e le matšoao a lik’hemik’hale a itšoareletseng ho DNA. Epigenome e etsa’ng? Epigenome e tšoana le motsamaisi oa sehlopha sa ’mino oa liletsa, e laola tsela eo boitsebiso bo liphatseng tsa lefutso bo ho DNA bo sebetsang ka eona. Matšoao a molek’hule a laola liphatsa tsa lefutso ho latela hore na ’mele o hloka eng le ho latela lintho tse ling tse kang lijo tseo motho a li jang, khatello ea maikutlo le lintho tse silafatsang ’mele. Lintho tse sibolotsoeng morao tjena tse amanang le epigenome li tlisitse phetoho e khōlō thutong ea baeloji, e amahanyang epigenetics le maloetse a itseng esita le botsofali.
Nessa Carey eo e leng mofuputsi oa epigenetics o re: “[Epigenetics e] amahanngoa le lefu la kelello, lefu la masapo le manonyeletso, kankere, ho opeloa ho sa eeng moriting, esita le mafu a mang.” ’Me “ha ho pelaelo hore e ea ameha le tabeng ea botsofali.” Kahoo, ho batlisisa ka epigenetics ho ka ’na ha hlahisa mekhoa e atlehang ea phekolo e ka ntlafatsang bophelo le ho loantša maloetse
Joale ke hobane’ng ha batho ba leka ka matla hakaale ho lelefatsa bophelo ba bona? Ke hobane’ng ha re batla ho phela ho ea ho ile? Koranta ea Brithani ea The Times e ile ea botsa: “Ke hobane’ng ha batho ba amehile haholo ka ho batla litsela tsa ho qoba lefu, ebang ke ka hore moea ha o shoe, bafu ba tla tsoha, ho na le bophelo ka mor’a lefu kapa motho o tsoaloa bocha?” Joalokaha re tla bona, karabo ea potso ena e tla hlalosa sesosa sa botsofali.
Ke Hobane’ng ha re Batla ho Phela ka ho sa Feleng?
Batho ba ’nile ba leka ho fumana karabo ea potso ena ka lilemo tse likete. Na ho na le tlhaloso e utloahalang le e khotsofatsang—e lumellanang le tsela eo re bōpiloeng ka eona le takatso ea rōna ea ho phela ka ho sa feleng? Batho ba limilione ba ka arabela potso eo ka e, e hlakileng! Hobane’ng? Ba fumane likarabo tse khotsofatsang ka Bibeleng tsa hore na batho ba bōpiloe joang.
Ntlha ea pele, Bibele e bolela ka ho hlaka hore le hoja batho ba tšoana le liphoofolo ka litsela tse itseng, ho na le moo ba fapanang le tsona ka ho feletseng. Ka mohlala, ho Genese 1:27, re bala hore Molimo o bōpile batho ka setšoantšo sa hae. Ka tsela efe? O re file bokhoni ba ho bonahatsa lerato, toka le bohlale. Kaha Molimo o phela ka ho sa feleng, o kentse ka ho rōna takatso ea ho phela ka ho sa feleng. Moeklesia 3:11 e re: “O kentse bosafeleng ka lipelong tsa batho.”
Tsela eo boko bo leng matla ka eona, haholo-holo tabeng ea seo motho a ka ithutang sona, e bontša hore batho ba ne ba etselitsoe ho phela nako e telele. The Encyclopedia of the Brain and Brain Disorders e re boko ba motho bo na le matla “a sa lekanyetsoang” a ho hopola lintho. Ke hobane’ng ha motho a ne a ka fuoa matla aa, haeba ho ne ho sa reroa hore a a sebelise? Ha e le hantle, batho ba bonahatsa ka ho hlaka seo Molimo a neng a ba reretse sona qalong. Joale ke hobane’ng ha re tsofala, re utloa bohloko ebile re shoa?
Lebaka Leo re Tsofalang le ho Shoa ka Lona
Monna le mosali oa pele ba ne ba e-na le ’mele e phethahetseng ba bile ba e-na le bolokolohi ba ho ikhethela. Ka masoabi, ba ile ba sebelisa bolokolohi boo ba ho ikhethela hampe, ’me ba fetohela Moetsi oa bona. * (Genese 2:16, 17; 3:6-11) Ka lebaka la ho se mamele, kapa ho etsa sebe, ba ile ba hlajoa ke lihlong, ’me ba ikutloa ba le molato haholo. Seo se ile sa senya ’mele ea bona, sa qalisa butle-butle tsela e lebisang lefung leo ba neng ba ke ke ba le qoba. Bakorinthe ba Pele 15:56 e re: “Motsu o hlahisang lefu ke sebe.”
Ka lebaka la melao ea tlhaho ea lefutso, bana bohle ba Adama le Eva ba ile ba futsa ho se phethahale, ’me ba sekamela ho etseng sebe kapa ho etseng se fosahetseng. Baroma 5:12 e re: “Sebe se ile sa kena lefatšeng ka motho a le mong le lefu la kena ka sebe, ’me kahoo lefu la namela ho batho bohle hobane kaofela ba ne ba entse sebe.”
Re ithuta’ng tabeng e boletsoeng ka holimo? Re ithuta hore lekunutu la bophelo bo sa feleng le ke ke la fumanoa ka saense. Ke Molimo feela ea ka etsollang tšenyo e bakiloeng ke sebe. Empa na o tla ho etsa? Bibele e araba potso eo ka e, e hlakileng!
“O Tla Metsa Lefu ka ho sa Feleng”
Molimo o se a ntse a nkile mohato oa bohlokoa e le hore a tlose sebe le lefu. O rometse Jesu Kreste hore a itelle rōna. Lefu la Jesu le ka re thusa joang? Jesu o tsoetsoe a phethahetse ’me “ha aa ka a etsa sebe.” (1 Petrose 2:22) Kahoo, o ne a e-na le tokelo ea ho phela ka ho sa feleng, e le motho ea phethahetseng. O ile a etsa’ng ka bophelo ba hae bo phethahetseng? O ile a bo tela e le hore a lefelle libe tsa rōna. Ha e le hantle, Jesu o ile a fana ka bophelo ba hae “hore e be thekollo e le phapanyetsano bakeng sa ba bangata.” (Matheu 20:28) Haufinyane, thekollo eo e tla sebelisoa ka ho feletseng molemong oa rōna. See se u ama joang? Nahana ka litemana tsena:
“Molimo o ratile lefatše haholo hoo a ileng a fana ka Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši, e le hore e mong le e mong ea bontšang tumelo ho eena a se ke a timetsoa empa a be le bophelo bo sa feleng.”
—Johanne 3:16. “O tla metsa lefu ka ho sa feleng, ’me ka sebele ’Musi Morena Jehova o tla hlakola meokho lifahlehong tsohle.”
—Esaia 25:8. “E le sera sa ho qetela, lefu le tla etsoa lefeela.”
—1 Bakorinthe 15:26. “Tente ea Molimo e ho moloko oa batho . . . O tla hlakola meokho eohle mahlong a bona, lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng.”
—Tšenolo 21:3, 4.
U ka phela nako e kae? Bibele e fana ka karabo e hlakileng: Batho ba ka ba le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng—e leng seo Molimo a tlang ho se etsa ka mor’a hore a felise bobe bohle lefatšeng. (Pesaleme ea 37:28, 29) Jesu o ne a nahanne ka tšepo eo e babatsehang, ha a re ho monna ea neng a khokhothetsoe pel’a hae: “U tla ba le ’na Paradeiseng.”
Ha e le hantle, ke ho utloahalang hore ebe batho ba lakatsa ho phela ka ho sa feleng ebile ke ha tlhaho. Ke tsela eo Molimo a re entseng ka eona! Ho feta moo, o tla khotsofatsa takatso eo. (Pesaleme ea 145:16) Leha ho le joalo, re lokela ho khatha tema ea rōna. Ka mohlala, re lokela ho haha tumelo ea rōna ho Molimo. Baheberu 11:6 e re: “Kantle ho tumelo ho ke ke ha khoneha ho mo khahlisa, kaha ea atamelang Molimo o lokela ho lumela hore o teng le hore e ba moputsi oa ba mo batlang ka tieo.” Tumelo e joalo hase taba ea ho lumela feela, empa ke ho kholiseha hobane motho a na le tsebo e nepahetseng ea Bibele. (Baheberu 11:1) Haeba u ka rata ho ba le tumelo e joalo, ka kōpo buisana le Lipaki Tsa Jehova sebakeng sa heno kapa u ee Websaeteng ea rōna ho www.jw.org/st.
^ ser. 21 Bofetoheli ba Adama le Eva bo ile ba hlahisa lipotso tse tebileng tabeng ea boitšoaro tse amang Molimo. Buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? e thusang batho ho ithuta Bibele, e hlalosa lebaka leo ka lona Molimo a lumeletseng bokhopo ka nakoana. U ka e bala Inthaneteng ho www.jw.org.