Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 SEHLOOHO SE KA NTLE

Ho Fallela Naheng e ’Ngoe—Seo Batho ba se Lebellang le se Etsahalang

Ho Fallela Naheng e ’Ngoe—Seo Batho ba se Lebellang le se Etsahalang

Ho Batla Bophelo bo Molemo

GEORGE o ne a tsielehile. O ne a sa khone ho fumanela ba lelapa la hae lijo tse lekaneng. Ka nako e tšoanang, baahisani ba hae ba ne ba kula ’me ba bang ba ne ba se na lijo. Leha ho le joalo, lik’hilomithara tse makholo a seng makae ka boroa ho naha ea habo, ho ne ho e-na le naha e ruileng. O ile a nahana a re, ‘Ke tla fallela naheng eo, ke fumane mosebetsi, ebe ke lata lelapa la ka hore le tl’o lula le ’na.’

Patricia le eena o ne a lora ka ho fumana bophelo bo molemo naheng e ’ngoe. O ne a sa sebetse, ’me ho bonahala eka menyetla ea hore a ntlafatse bophelo ba hae ea fokola. Eena le mohlankana oa hae ba ile ba etsa qeto ea ho nka leeto ho tloha Nigeria ho ea Algeria, ka morero oa ho fallela Spain, empa ba ne ba sa tsebe hore leeto la ho tsamaea Lehoatateng la Sahara le ka ba boima haholo. O re: “Ke ne ke le moimana, ’me ke ne ke batla hore ngoana oa ka a fumane bophelo bo molemo.”

Rachel o ne a batla ho qala bophelo bo bocha Europe. O ne a feletsoe ke mosebetsi Philippines, ’me beng ka eena ba ile ba mo bolella hore mosebetsi oa malapeng o mongata linaheng tse ling. Kahoo o ile a alima chelete hore a reke tekete ea sefofane, a salisa monna oa hae le morali hantle, ’me a ba tšepisa a re, “Re tla boela re kopana haufinyane.”

Ho hakanngoa hore batho ba fetang limilione tse 200 ba falletse linaheng tse ling lilemong tsa morao tjena, joalokaha ho entse George, Patricia le Rachel. Le hoja ba bang ba falletse ka lebaka la lintoa, likoluoa tsa tlhaho kapa lehloeo la morabe, ba bang bona ba falletse ka lebaka la mathata a moruo. Ke mathata afe ao bajaki ba tobanang le ’ona linaheng tseo ba fallelang ho tsona? Na kaofela ba fumana bophelo bo molemo boo ba bo batlang? Bana ba ameha joang ha batsoali ba ba siea hore ba il’o batla mosebetsi o lefang hantle? Hlahloba likarabo tse latelang tsa lipotso tsena.

 Ho Fihla Naheng eo le ho e Tloaela

Hangata bothata ba pele ba ho fallela naheng e ’ngoe ke leeto ka bolona. George, eo ho builoeng ka eena sehloohong se fetileng, o ile a tsamaea leeto la lik’hilomithara tse makholo a nkile lijo tse nyenyane. O re: “Leeto la ka le ne le le bosula.” Batho ba bangata ba fallang ba qetella ba sa fihla moo ba eang teng.

Patricia o ne a batla ho ea Spain. O ile a tsamaea ka teraka e bulehileng Lehoatateng la Sahara. O re, “Leeto la ho tloha Nigeria ho ea Algeria le ile la nka beke, ’me batho ba 25 ba ne ba petetsane ka terakeng. Tseleng, re ile ra bona batho ba bangata ba shoeleng, haesita le ba ntseng ba lelera lehoatateng ba ka ’nang ba shoa neng kapa neng. Kamoo ho bonahalang kateng, bakhanni ba literaka ba se nang kutloelo bohloko ba siea batho kherehloa lehoatateng.”

Ho fapana le George le Patricia, Rachel eena o ile a tsamaea ka sefofane ho ea Europe, moo a neng a il’o sebetsa malapeng. Empa o ne a sa nahana hore o tla hloloheloa morali oa hae ea lilemo li peli hakana. O re: “Nako le nako ha ke ne ke bona ’mè ea hlokometseng ngoana oa hae, pelo ea ka e ne e ba bohloko haholo.”

Ho ile ha e-ba boima ho George hore a tloaele naha e ncha eo a falletseng ho eona. Ho ile ha feta likhoeli pele a ka romela chelete hae. Oa lumela: “Ke ne ke lula ke lla bosiu ka lebaka la ho jeoa ke bolutu le ho ferekana.”

Ka mor’a hore Patricia a lule likhoeli tse seng kae Algeria, o ile a ea lelibohong la Morocco. O re: “Ha ke le moo, ke ile ka beleha lesea la ngoanana. Ke ile ka tlameha ho ipatela linokoane tse hoebang ka batho, tse qobellang basali ba bajaki hore ba rekise ’mele. Qetellong, ke ile ka fumana chelete e lekaneng ea hore ke nke leeto le kotsi ka sekepe ho ea Spain. Sekepe se ne se se maemong a matle, se bile se sa tšoanela ho palamisa batho ba bangata. Re ile ra tlameha ho ntša metsi ka sekepeng re sebelisa lieta tsa rōna! Ha re fihla lebōpong la Spain, ke ne ke se na le matla a ho tsamaea.”

Ka ho hlakileng, batho ba rerang ho falla ba lokela ho nahana ka likotsi tse ngata tse amanang le ho nka leeto. Ba boetse ba lokela ho nahana ka litšitiso tse kang puo e sebelisoang sebakeng seo le mekhoa ea teng ea bophelo, hammoho le litšenyehelo tse hlokahalang e le hore motho a be le litokelo tsa molao tsa ho lula naheng eo. Batho ba se nang tumello ea molao ea ho lula linaheng tse ling, hangata ba sitoa ho fumana mosebetsi o motle, matlo a boemong bo botle, thuto kapa tlhokomelo ea bophelo. Ba ka boela ba thatafalloa ho fumana lengolo la ho khanna kapa karete ea banka. Ho boetse ho tloaelehile hore ba sebelisoe hampe, mohlomong ba sebelisoe ka thata empa ba lefshoa chelete e nyenyane.

Ntlha e ’ngoe eo re lokelang ho e hlahloba, ke chelete ka boeona. Na ka sebele re ka tšepa chelete? Bibele e fana ka keletso ena e utloahalang: “U se k’a itja matla hore u ithuise, e-ba le bohlale ba ho itšoara. Ha u re maruo heli! U tla bona a s’a nyametse, hobane a tla fela a mele mapheo, a fofele holimo sa  ntsu, sa ntsu e le sepakapakeng.” (Liproverbia 23:4, 5, BPN) Hopola hore lintho tseo motho a li hlokang ka ho fetisisa li ke ke tsa rekoa ka chelete—tse kang lerato, boikutlo ba ho se tšoenyehe le bonngoe ba lelapa. Ke ntho e bohloko hakaakang ho bona ha batsoali ba lumella ho rata chelete hore e be ntho ea bohlokoa ho feta lerato leo ba ratanang ka lona kapa “lerato la tlhaho” leo ba ratang bana ba bona ka lona!—2 Timothea 3:1-3.

Re le batho re boetse re na le tabatabelo ea ho tseba Molimo. (Matheu 5:3) Ka lebaka leo, batsoali ba nang le boikarabelo ba etsa sohle se matleng a bona ho phetha boikarabelo boo ba bo filoeng ke Molimo, ba ho ruta bana ba bona ka Eena, ka merero ea hae le melao-motheo ea hae.—Baefese 6:4.

 Lelapa le Momahaneng—Ntho ea Bohlokoa ho Feta Chelete

Bajaki ba ka ’na ba tobana le maemo a sa tšoaneng, empa bongata ba bona bo thulana le mathata a tšoanang joalokaha ho ka bonoa mohlaleng oa George, Rachel le Patricia bao ho builoeng ka bona lihloohong tsena. Lelapa le hula ka thata ha motsoali e mong a tloha lapeng kapa ha molekane e mong a siea e mong, ’me ho ka feta lilemo tse ngata pele lelapa le boela le e-ba hammoho. Ho ile ha feta lilemo tse ’nè pele lelapa la George le boela le kopana.

Qetellong, Rachel o ile a khutlela Philippines ho ea lata morali oa hae, ka mor’a hore ba arohane ka lilemo tse ka bang hlano. Patricia o ile a khutlela Spain le moralinyana oa hae. Patricia o re, “Ke eena feela setho sa lelapa seo ke nang le sona, ka hona ke leka ka hohle ho mo hlokomela hantle.”

Bajaki ba bangata ba leka ka hohle ho lula naheng e ncha ho sa tsotellehe ho jeoa ke bolutu, ho hula ka thata licheleteng le ho arohana le ba lelapa la bona ka nako e telele. Ba senyehetsoe ke nako, matla le chelete e ngata haholo hoo e reng ha lintho li sa tsamaee hantle, ba sitoang ho khutlela hae hobane ba tšaba ho hlajoa ke lihlong le ho tlotloloha.

Allan ea tsoang Philippines eena o ile a etsa se fapaneng. O ile a fumana mosebetsi o motle Spain, empa ka mor’a likhoeli tse 18 a khutlela hae. O re,“Ke ne ke hloloheloa mosali oa ka le morali oa ka haholo. Ke ile ka etsa qeto ea hore nke ke ka hlola ke sebetsa linaheng tse ling le ka mohla, ntle le ha ke falla le lelapa la ka. Ke sona seo qetellong re ileng ra se etsa. Lelapa ke ntho ea bohlokoa haholo ho feta chelete.”

Ho na le ntho e ’ngoe eo le eona e leng ea bohlokoa haholo ho feta chelete, joalokaha Patricia a hlokometse. O ile a fihla Spain a e-na le Bibele ea “Testament e Ncha,” kapa Mangolo a Segerike a Bakreste. O re, “Ke ne ke nka hore Bibele e na le matla a itseng a ho ntšireletsa ka mohlolo. Eaba ke kopana le mosali e mong eo e neng e le Paki ea Jehova. Pele, ke ne ke sa thahaselle ho buisana le batho ba bolumeli bona. Kahoo ke ile ka mo botsa lipotso tse ngata ka morero oa ho bontša hore tumelo ea hae e fosahetse. Empa ho fapana le seo ke neng ke se nahanne o ile a khona ho emela tumelo ea hae le ho araba lipotso tsa ka a sebelisa Bibele.”

Patricia o ile a ithuta hore ho ba le thabo ea sebele le tšepo e tiileng ka bokamoso ha hoa itšetleha ka sebaka seo motho a lulang ho sona le chelete, empa ho itšetlehile ka ho tseba Molimo le merero ea hae. (Johanne 17:3) Har’a lintho tse ling, Patricia o ile a ithuta hore Molimo oa ’nete o na le lebitso—e leng Jehova. (Pesaleme ea 83:18) O ile a boela a bala ka Bibeleng hore haufinyane Molimo o tla felisa bofutsana ka ’Muso oa hae o tla be o eteletsoe pele ke Jesu Kreste. (Daniele 7:13, 14) Pesaleme ea 72:12, 14 e re: “[Jesu] o tla lopolla ea futsanehileng ea hoeletsang ho kōpa thuso, le ea hlorileng le mang kapa mang ea se nang mothusi. O tla lopolla meea ea bona khatellong le pefong.”

Ke hobane’ng ha u sa iphe nako ea ho hlahloba Bibele? Buka ena e nang le bohlale ba Molimo e ka u thusa ho etsa liqeto tse bohlale, ho tseba hore na ke lintho life tse tlang pele bophelong le ho u thusa ho mamella liteko tseo u thulanang le tsona hona joale ka thabo le tšepo.—Liproverbia 2:6-9, 20, 21.