Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Kamoo Bibele e Sirelelitsoeng Kateng Hore re e Fumane

Kamoo Bibele e Sirelelitsoeng Kateng Hore re e Fumane

Kamoo Bibele e Sirelelitsoeng Kateng Hore re e Fumane

Ka sebele hoa makatsa hore ebe Bibele e lutse e le boemong ba eona ho tla fihlela mehleng ena ea rōna. E qetiloe ho ngoloa lilemong tse fetang 1 900 tse fetileng. E ne e ngotsoe pampiring e senyehang e entsoeng ka mahlaka a loli le matlalong a ho ngolla—’me qalong e ne e ngotsoe ka lipuo tse buuoang ke batho ba seng bakae feela kajeno. Ho feta moo, banna ba matla, ho akarelletsa baemphera le baeta-pele ba bolumeli, ba ile ba leka ka matla ho felisa Bibele.

BUKA ee e babatsehang e ile ea sireletsoa joang ho theosa le lilemo hore e be buka e tsebahalang ka ho fetisisa molokong oa batho? Ak’u nahane ka lintlha tsena tse peli feela.

Ho Etsoa ha Likopi Tse Ngata ho Ile ha Sireletsa Bibele

Baiseraele bao qalong e neng e le bona ba hlokometseng se ngotsoeng ka Bibeleng, ba ile ba boloka meqolo ea qalong ka hloko ’me ba etsa likopi tse ’maloa tsa eona. Ka mohlala, marena a Iseraele a ne a boleletsoe hore a ngole “kopi ea molao ona ho tsoa ho e leng taolong ea baprista, Balevi.”—Deuteronoma 17:18.

Baiseraele ba bangata ba ne ba rata ho bala Mangolo, ba a nka e le Lentsoe la Molimo. Kahoo, bakopitsi ba koetlisitsoeng hantle ba ne ba kopitsa ka hloko taba e ngotsoeng. Mokopitsi e mong ea tšabang Molimo ea bitsoang Esdrase ho buuoa ka eena e le “mokopitsi ea nang le tsebo oa molao oa Moshe, oo Jehova Molimo oa Iseraele a neng a fane ka oona.” (Esdrase 7:6) Bamasorete ba ileng ba kopitsa Mangolo a Seheberu, kapa “Testamente ea Khale,” lekholong la botšelela la lilemo ho isa ho la boleshome la lilemo C.E., ba ne ba bile ba bala litlhaku tsa se ngotsoeng e le hore ba qobe ho etsa liphoso. Ho kopitsa hoo ka hloko ho thusitse ho tiisa hore se ngotsoeng se nepahetse le hore Bibele e ’ne e be teng ho sa tsotellehe boiteko bo matla le bo tsoelang pele ba lira ba ho e felisa.

Ka mohlala, ka 168 B.C.E., ’musi oa Syria ea bitsoang Antiochus IV o ile a leka ho felisa likopi tsohle tsa Mangolo a Seheberu tseo a neng a ka li fumana ho pholletsa le Palestina. Histori ea Bajuda e re: “Meqolo leha e le efe ea molao eo ba neng ba ka e fumana ba ne ba e tabola ba bile ba e chesa.” The Jewish Encyclopedia e re: “Liofisiri tse neng li laetsoe ho phetha taelo eo li ile tsa e phetha ka cheseho e khōlō . . . Motho ea neng a fumanoa a e-na le buka e halalelang . . . o ne a ahloleloa lefu.” Empa Bajuda ba lulang Palestina le libakeng tse ling ba ile ba ’na ba tsoela pele ba e-na le likopi tsa Mangolo.

Nakoana ka mor’a hore bangoli ba Mangolo a Segerike a Bakreste, kapa “Testamente Ncha,” ba qete ho ngola libuka tsa bona, likopi tsa mangolo a bona a bululetsoeng, tsa boprofeta le tsa litlaleho tsa histori, li ile tsa eketseha. Ka mohlala, Johanne o ile a ngola Kosepele ea hae a le Efese kapa haufi le moo. Empa sekhechana sa kopi ea Kosepele eo, eo litsebi li reng e entsoe lilemo tse ka tlaasana ho tse 50 ka mor’a hore Johanne a ngole tlaleho ea hae, se ile sa fumanoa Egepeta, e lik’hilomithara tse ngata hōle le moo. Ho sibolloa ha sekhechana seo ho bontšitse hore Bakreste ba linaheng tse ling ba ne ba e-na le likopi tseo ka nako eo, e neng e le tsa mangolo a sa tsoa bululeloa.

Ho ajoa ha Lentsoe la Molimo ka ho pharaletseng ho ile ha boela ha tlatsetsa tabeng ea hore le ’ne le be teng ka mor’a lilemo tse makholo Kreste a bile teng. Ka mohlala, ho boleloa hore mesong ea la 23 February selemong sa 303 C.E., Moemphera oa Moroma ea bitsoang Diocletian o ile a shebella ha masole a hae a roba menyako ea kereke ’me a chesa likopi tsa Mangolo. Diocletian o ne a nahana hore a ka felisa Bokreste ka hore a felise libuka tsa bona tse halalelang. Ka le hlahlamang, o ile a laela hore libakeng tsohle tse busoang ke ’Muso oa Roma, ho chesoe phatlalatsa likopi tsohle tsa Bibele. Leha ho le joalo, likopi tse ling li ile tsa sala, ’me ha boela ha etsoa likopi tse ling. Ha e le hantle, likopi tse peli tse khōlō tsa Bibele ea Segerike tseo e ka ’nang eaba li ngotsoe nakoana ka mor’a mahloriso a Diocletian li ntse li le teng le kajeno. Kopi e ’ngoe e Roma; ha e ’ngoe e le Laebraring ea Brithani e London, Engelane.

Le hoja ho e-s’o fumanoe libuka tsa Bibele tse ngotsoeng ka letsoho tsa qalong, likopi tse likete tse ngotsoeng ka letsoho tsa Bibele kapa likarolo tse itseng tsa eona li ntse li le teng le kajeno. Tse ling ke tsa khale haholo. Na molaetsa o neng o ngotsoe qalong o ile oa fetoha ha o ntse o kopitsoa? Setsebi W. H. Green o boletse sena ka Mangolo a Seheberu: “Motho a ka bua ka kholiseho hore ha ho buka e ’ngoe ea boholo-holo e kopilitsoeng ka nepo joaloka ena.” Ha a bua ka Mangolo a Segerike a Bakreste, setsebi se hlaheletseng libukeng tsa Bibele tse ngotsoeng ka letsoho, Sir Frederic Kenyon, o ile a ngola a re: “Nako e pakeng tsa ho ngoloa ha [libuka tsa qalong tsa Bibele] le nako ea ho ngoloa ha [likopi] tsa khale ka ho fetisisa tse fumanoeng tse fanang ka bopaki, e fokola hoo ha e le hantle e ka hlokomolohuoang, ’me motheo oa pelaelo leha e le efe ea hore na Mangolo a fela a tlile ho rōna a le hantle kamoo a neng a ngotsoe kateng o tlositsoe joale. Mohlomong ho ka nkoa hore qetellong bonnete le ho tšepahala ho feletseng ha libuka tsa Testamente e Ncha ho tiisitsoe.” O ile a boela a re: “Re ke ke ra ngangella hore ha e le hantle taba e ngotsoeng Bibeleng ke ’nete. . . . Ha ho buka leha e le efe e ’ngoe ea boholo-holo e teng mona lefatšeng eo ho ka buuoang joalo ka eona.”

Ho Fetoleloa ha Bibele

Ntlha ea bobeli e ka sehloohong e entseng hore Bibele e be buka e tsebahalang ka ho fetisisa molokong oa batho ke hore e fumaneha ka lipuo tse ngata. Sena se tumellanong le morero oa Molimo oa hore batho ba lichaba tsohle le ba lipuo tsohle ba mo tsebe ’me ba mo rapele “ka moea le ka ’nete.”—Johanne 4:23, 24; Mikea 4:2.

Phetolelo ea pele e tsejoang ea Mangolo a Seheberu ke Septuagint ea Segerike. E ile ea fetoleloa ka lebaka la Bajuda ba buang Segerike ba neng ba phela mathōkong a Palestina ’me ea qetoa lilemong tse ka bang makholo a mabeli pele Jesu a qala tšebeletso ea hae mona lefatšeng. Bibele eohle, ho akarelletsa Mangolo a Segerike a Bakreste, e ile ea fetoleloa ka lipuo tse ngata lilemong tse seng kae tse makholo ka mor’a hore e qetoe. Empa hamorao, marena esita le baruti bao e neng e lokela hore ebe ba entse sohle se matleng a bona hore batho ba fumane Bibele ba ile ba etsa se fapaneng. Ba ile ba leka ho boloka mehlape ea bona lefifing la moea ka ho thibela hore Lentsoe la Molimo le se ke la fetoleloa ka lipuo tse buuoang ke batho ba bangata.

Batho ba sebete ba ile ba ipeha kotsing ka ho etsa se khahlanong le Kereke le ’Muso ’me ba fetolela Bibele ka lipuo tse buuoang. Ka mohlala, ka 1530, monna e mong oa Lenyesemane ea bitsoang William Tyndale, ea entseng lithuto tsa hae Oxford, o ile a hatisa Pentateuch, e leng libuka tse hlano tse qalang tsa Mangolo a Seheberu. Le hoja a ile a hanyetsoa ka matla, e bile eena motho oa pele oa hore a fetolele Bibele ea Seheberu ka Senyesemane. Hape Tyndale e bile mofetoleli oa pele oa Lenyesemane oa hore a sebelise lebitso Jehova. Setsebi sa Bibele sa Lesepanishe se bitsoang Casiodoro de Reina o ne a lula a le kotsing ea ho bolaoa ke bahlorisi ba Mak’hatholike ha a ntse a fetolela Bibele ea pele ea Sepanishe. O ile a ea Engelane, Jeremane, Fora, Holland le Switzerland ha a ntse a sebeletsa ho qeta mosebetsi oa hae oa phetolelo. *

Kajeno Bibele e tsoela pele ho fetoleloa ka lipuo tse ling tse eketsehileng, ’me ho hatisoa tse limilione. Mathata ao e fetileng ho ’ona hore e be buka e tsebahalang ka ho fetisisa molokong oa batho a bonahatsa bonnete ba mantsoe a bululetsoeng a moapostola Petrose, ha a ne a re: “Joang boa omella, ’me palesa ea oa, empa lentsoe la Jehova le lula le le teng ka ho sa feleng.”—1 Petrose 1:24, 25.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 14 Phetolelo ea Reina e ile ea hatisoa ka 1569 ’me ea ntlafatsoa ka 1602 ke Cipriano de Valera.

[Lebokose/Litšoantšo leqepheng la 14]

KE LOKELA HO BALA PHETOLELO EFE?

Lipuo tse ngata li na le liphetolelo tse ’maloa tsa Bibele. Liphetolelo tse ling li sebelisa puo e thata, ea boholo-holo. Liphetolelo tse ling li ipehela taba feela tjee ka bolokolohi le ho e hlalosa ka sepheo sa ho nolofatsa tsela eo e balehang ka eona ho e-na le ho ameha ka ho nepahala ha taba. Tse ling tsona li fetoletse lentsoe ka lentsoe.

Khatiso ea Senyesemane ea Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova, e nkuoe ka ho toba lipuong tsa qalong ke komiti ea batho ba khethileng ho se ipolele mabitso. Phetolelo ena e bile eona e ka sehloohong ha ho fetoleloa lipuo tse ling tse ka bang 60. Empa bafetoleli ba lipuo tseo, ba ile ba ipapisa haholo le taba e ngotsoeng qalong. Sepheo sa Phetolelo ea Lefatše le Lecha ke ho fetolela taba e ngotsoeng qalong ka ho toba ka hohle kamoo ho ka khonehang ntle le haeba ho etsa joalo ho sotha moelelo. Bafetoleli ba leka ho nolofalletsa babali ba Bibele kajeno hore ba utloisise taba e ngotsoeng qalong ka tsela eo babali ba mehleng ea Bibele ba neng ba e utloisisa ka eona.

Litsebi tse ling tsa puo li hlahlobile liphetolelo tsa kajeno tsa Bibele—ho akarelletsa le Phetolelo ea Lefatše le Lecha—ho fumana mehlala ea ho fosahala ha taba kapa ho behoa ha taba ka tsela e leeme. Se seng sa litsebi tseo ke Jason David BeDuhn, morupeli oa lithuto tsa bolumeli Univesithing ea Northern Arizona, United States. Ka 2003 o ile a hatisa tlaleho ea maqephe a 200 ea phuputso eo a e entseng “Libibeleng [tse robong] tse sebelisoang haholo ke batho ba buang Senyesemane.” * Phuputsong ea hae o ile a hlahloba litemana tse ’maloa tsa Mangolo tseo litsebi li sa lumellaneng ho tsona, kaha ke tsona tseo “hangata li fetoleloang ka tsela e leeme.” Temaneng ka ’ngoe, o ile a bapisa taba e ngotsoeng ka Segerike le tsela eo e fetoletsoeng ka eona phetolelong ka ’ngoe ea Senyesemane, ’me a sheba hore na ho entsoe boiteko ba ho fetolela moelelo ka ho beha taba ka tsela e leeme kapa che. O ile a fumana eng?

BeDuhn o bontša hore batho ka kakaretso le litsebi tse ngata tsa Bibele ba nahana hore lintlha tseo Phetolelo ea Lefatše le Lecha (NW) e sa tšoaneng le tse ling ho tsona ke ka lebaka la leeme la bolumeli la bafetoleli ba eona. Leha ho le joalo, o re: “Lintlheng tse ngata tseo NW e fapanang le tse ling ho tsona ke hobane e fetoletsoe ka nepo ka tsela e tobileng ho feta tse ling, e fetoletsoe ka tsela e seli.” Le hoja BeDuhn a sa lumellane le tsela eo litemana tse ling tsa Phetolelo ea Lefatše le Lecha li fetoletsoeng ka eona, o re phetolelo ena “e nepahetse ho feta liphetolelo tse ling tsohle tseo e bapisitsoeng le tsona.” O re phetolelo ena, “ke mosebetsi o tsoileng matsoho.”

Dr. Benjamin Kedar, setsebi sa Seheberu Iseraele, o boletse se tšoanang ka Phetolelo ea Lefatše le Lecha. Ka 1989, o ile a re: “Buka ena e bontša hore ho entsoe boiteko bo tšepahalang ba ho utloisisa ka nepo taba e ngotsoeng, ka hohle kamoo ho ka khonehang kateng. . . . Ha ke e-s’o fumane letho Phetolelong ea Lefatše le Lecha e bontšang hore ho entsoe boiteko leha e le bofe ba ho fetola moelelo oa taba e ngotsoeng ka tsela e leeme.”

Ipotse: ‘Sepheo sa ka sa ho bala Bibele ke sefe? Na ke batla ho bala Bibele eo ho leng bonolo ho e bala empa e sa nepahala? Kapa na ke batla ho bala likhopolo tse nepahetseng ka hohle kamoo ho ka khonehang tsa taba e bululetsoeng e neng e ngotsoe qalong?’ (2 Petrose 1:20, 21) Sepheo sa hao se lokela ho susumetsa phetolelo eo u e khethang.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 22 Ntle ho Phetolelo ea Lefatše le Lecha, liphetolelo tse ling e ne e le The Amplified New Testament, The Living Bible, The New American Bible With Revised New Testament, New American Standard Bible, The Holy Bible—New International Version, The New Revised Standard Version, The Bible in Today’s English Version le King James Version.

[Setšoantšo]

“Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang” e fumaneha ka lipuo tse ngata

 [Setšoantšo se leqepheng la 12, 13]

Libuka tse ngotsoeng ka letsoho tsa Masorete

 [Setšoantšo se leqepheng la 13]

Sekhechana se nang le Luka 12:7, “. . . le se ke la tšaba; le ba bohlokoa ho feta lirobele tse ngata”

[Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng leqepheng la 13]

Foreground page: National Library of Russia, St. Petersburg; second and third: Bibelmuseum, Münster; background: © The Trustees of the Chester Beatty Library, Dublin