Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

U ka Sebetsana le ho Kula ka Tšohanyetso Joang?

U ka Sebetsana le ho Kula ka Tšohanyetso Joang?

 Na maemo a hao a bophelo a kile a mpefala u sa lebella? Haeba ho joalo, u tlameha u tseba hore na ho kula ho khathatsa hakae kelellong, maikutlong le hore hape ho hloka chelete e ngata haholo. Ke’ng e ka u thusang ho sebetsana le boemo boo? U ka thusa ba lelapa kapa motsoalle ea kulang joang? Le hoja Bibele e se buka ea tsa bongaka, e na le melao-motheo e ka u thusang hore u sebetsane le boemo boo bo boima.

Likeletso tse ka u thusang ha u kula

  •   Batla thuso ea lingaka

     Seo Bibele e se buang: “Batho ba phetseng hantle ha ba hloke ngaka empa ba kulang baa e hloka.”—Matheu 9:12.

     Seo e se bolelang: Kopa thuso ea lingaka ha ho hlokahala.

     Leka sena: Batla hore na ke thuso efe ea lingaka e ka u tsoelang molemo e fumanehang ho latela maemo a hao. Ka linako tse ling, ho ka ba molemo ho bua le lingaka ke ’maloa ka bothata ba hao. (Liproverbia 14:15) Buisana le tsona ka ho hlakileng ka bothata ba hao, etsa bonnete ba hore u utloisisa seo ba u bolellang sona le hore le bona ba utloisisa bothata ba hao hantle. (Liproverbia 15:22) Ithute ka bokuli ba hao le ka mekhoa eohle e teng ea phekolo bakeng sa bona. Ha u utloisisa seo u ka se lebellang, ho tla ba bonolo hore u sebetsane le bothata ba hao ’me u khethe phekolo e nepahetseng.

  •   Lula u etsa lintho tse tla u thusa hore u be le bophelo bo botle

     Seo Bibele e se buang: “Ho ikoetlisa ’mele ho na le molemo o itseng.”—1 Timothea 4:8.

     Seo e se bolelang: Ho lula u etsa lintho tse tla u thusa hore u phele hantle joaloka ho ikoetlisa kamehla ho ka u tsoela molemo haholo.

     Leka sena: Ikoetlise kamehla, u je hantle u be u robale ka ho lekaneng. Ha u ntse u sebetsana le ho ba le boikutlo bo nepahetseng ka bokuli ba hao, litsebi li bontša hore ho ipha nako ea ho etsa lintho tse tla u thusa hore u phele hantle ho tla u tsoela molemo haholo. Leha ho le joalo, etsa bonnete ba hore lintho tseo u li etsang ha li etse hore u kule le ho feta kapa ho sitisa meriana hore e u thuse.

  •   Kopa thuso ho ba bang

     Seo Bibele e se buang: “Motsoalle oa ’nete o lerato ka linako tsohle ’me ke ngoan’eno eo u ka mo tšepang linakong tsa mahlomola.”—Liproverbia 17:17.

     Seo e se bolelang: Metsoalle ea hao e ka u thusa ho sebetsana le maemo a thata.

     Leka sena: Bua le motsoalle eo u mo tšepang eo u ka phutholohang ho mo bolella maikutlo a hao. Ha u etsa joalo, u tla imoloha ’me u fokotse stress se bakoang ke ho kula. Metsoalle le ba lelapa ba ka thabela ho u thusa empa ba ka ’na ba se ke ba tseba hore na ba u thusa joang. Kahoo, ba bolelle hore na u ka thabela hore ba u thuse joang. U se ke oa lebella hore ba u etsetse lintho tse kholo empa u ananele thuso leha e le efe eo ba u fang eona. Hopola hore le hoja ba e-na le maikutlo a matle a ho batla ho u thusa, ka linako tse ling ba ka ’na ba etsa lintho tse ka u khathatsang ’me oa utloa u imetsoe. Kahoo, u ka nna oa beha meeli ea hore na ba u etele ka nako e kae le ka makhetlo a makae.

  •   Lula u e-na le maikutlo a matle

     Seo Bibele e se buang: “Pelo e thabileng ke moriana empa ha motho a oele moea o felloa ke matla.”—Liproverbia 17:22.

     Seo e se bolelang: Haeba u e-na le maikutlo a matle ebile u e-na le tšepo, seo se tla u thusa hore u lule u khobile matšoafo le ho sebetsana le ho kula ha hao.

     Leka sena: Ha u ntse u tloaelana le boemo ba hao bo bocha, tsepamisa kelello linthong tseo u khonang ho li etsa, eseng tse ka holimo ho matla a hao. Qoba ho ipapisa le batho ba bang kapa le tsela eo u neng u etsa lintho ka eona pele u kula. (Bagalata 6:4) Ipehele lipakane tseo u ka khonang ho li finyella kaha seo se tla u thusa hore u lule u e-na le maikutlo a matle. (Liproverbia 24:10) Etsetsa batho ba bang lintho tse itseng ha maemo ao lumella. Thabo e tlisoang ke ho fana e ka u thusa hore u se ke oa tšoenyeha haholo.—Liketso 20:35.

Na Molimo a ka u thusa ho sebetsana le ho kula?

 Bibele e re Jehova Molimo a a ka re thusa ho sebetsana le ho kula. Le hoja re sa lebella hore a re folise ka mohlolo, Molimo a ka thusa barapeli ba hae ka litsela tse latelang:

 Khotso. Jehova a ka re fa “khotso eo batho ba ke keng ba e utloisisa.” (Bafilipi 4:6, 7) Khotso ena e ka re thusa hore re khobe matšoafo ’me re qobe ho ikutloa re imetsoe ke ho tšoenyeha haholo. Molimo o fana ka khotso e joalo ho batho ba mo rapelang ’me ba mo bolella lintho tse ba tšoenyang.—1 Petrose 5:7.

 Bohlale. Jehova a ka re fa bohlale ba ho etsa liqeto tse nepahetseng. (Jakobo 1:5) Motho o fumana bohlale boo ha a ithuta a bile a sebelisa melao-motheo e sa felloeng ke nako e fumanehang ka Bibeleng.

 Tšepo e khothatsang ka bokamoso. Jehova o tšepisa hore nakong e tlang “ha ho moahi ea tla re: ‘Kea kula.’” (Esaia 33:24) Tšepo ena e thusa batho ba bangata hore ba lule ba khobile matšoafo ho sa tsotellehe hore na ba kula ha kae.—Jeremia 29:11, 12.

a Jehova ke lebitso la Molimo le hlahang ka Bibeleng.—Pesaleme ea 83:18.