Privacy Settings

To provide you with the best possible experience, we use cookies and similar technologies. Some cookies are necessary to make our website work and cannot be refused. You can accept or decline the use of additional cookies, which we use only to improve your experience. None of this data will ever be sold or used for marketing. To learn more, read the Global Policy on Use of Cookies and Similar Technologies. You can customize your settings at any time by going to Privacy Settings.

Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ha Jesu a ntse a bua le baapostola ba 12, Judase eena o shebile koana ’me o bonahala a belaela; barutuoa ba bang baa korotla ebile baa tsamaea

KHAOLO EA 55

Mantsoe a Jesu a Nyarosa Batho ba Bangata

Mantsoe a Jesu a Nyarosa Batho ba Bangata

JOHANNE 6:​48-71

  • HO JA NAMA LE HO NOA MALI A HAE

  • BA BANGATA BAA KHOPEHA ’ME BA KHAOTSA HO MO LATELA

Jesu o ka synagogeng Kapernauma ’me o bolella batho hore ke eena bohobe bo tsoang leholimong. O ile a buisana ka taba ena le batho bao a ileng a ba fepa mahobe li litlhapi ha ba ne ba le ka bochabela ho Leoatle la Galilea. Kamoo ho bonahalang kateng, seo a se buang ke ntšetso-pele ea litaba tseo.

Jesu o tsoela pele ka puisano ena o re: “Baholo-holo ba lona ba ile ba ja manna lefeelleng ’me leha ho le joalo ba shoa.” Joale Jesu o bontša phapang ka ho re: “Ke ’na bohobe bo phelang bo theohileng leholimong. Haeba leha e le mang a ja bohobe bona o tla phela ka ho sa feleng, ’me, kannete, bohobe boo ke tla fana ka bona ke nama ea ka bakeng sa bophelo ba lefatše.”​—Johanne 6:​48-51.

Ka selemo sa 30, Jesu o ile a bolella Nikodemase hore Molimo o ratile batho hoo a ba fileng Mora oa hae hore a ba pholose. Jesu o hatisa hore tsela feela ea hore batho ba fumane bophelo bo sa feleng ke ka hore ba je nama ea hae, ka mantsoe a mang, ba behe tumelo sehlabelong seo a tla se etsa.

Leha ho le joalo, batho ha ba lumellane le mantsoe ana a Jesu. Ba re: “Ke joang monna enoa a ka re fang nama ea hae hore re e je?” (Johanne 6:​52) Jesu o batla hore ba utloisise hore taba ena ke mokhabo-puo.

Mantsoe a hae a latelang aa bontša hore na o bolela’ng. O re: “Ntle le hore le je nama ea Mor’a motho le ho noa mali a hae, ha le na bophelo ka ho lona. Ea jang nama ea ka le ho noa mali a ka o na le bophelo bo sa feleng, . . . etsoe nama ea ka ke lijo tsa ’nete, le mali a ka ke seno sa ’nete. Ea jang nama ea ka le ho noa mali a ka o lula bonngoeng le ’na.”​—Johanne 6:​53-56.

U se u ka inahanela feela hore na Bajuda ba utloa mantsoe ana a ba khopisa hakae. E ka ’na eaba ba nahana hore Jesu o re e be malimo kapa o batla ba tlole Molao oa Molimo o khahlanong le ho ja mali. (Genese 9:4; Levitike 17:​10, 11) Leha ho le joalo, Jesu ha a bue ka ho ja nama le ho noa mali ka tsela ea sebele. O bontša hore batho bohle ba batlang ho fumana bophelo bo sa feleng ba lokela ho bontša tumelo sehlabeng seo a tla fana ka sona ha a nehelana ka ’mele oa hae o phethahetseng, le ha mali a hae a tšolloa. Leha ho le joalo, esita le barutuoa ba hae ba bangata ha ba utloisise hore na o bolela’ng. Ba bang ba re: “Puo ena ea tšosa, ke mang ea ka e mamelang?”​—Johanne 6:60.

Jesu oa hlokomela hore barutuoa ba bang ba hae ba ntse ba korotla, kahoo o re ho bona: “Na see sea le khopisa? Ka hona, ho thoe’ng haeba le ka bona Mor’a motho a nyolohela moo a neng a le teng pele? . . . Lipolelo tseo ke le boleletseng tsona ke moea ’me ke bophelo. Empa ho na le ba bang ba lona ba sa lumeleng.” Ka mor’a hore a cho joalo, barutuoa ba bang baa tsamaea ’me ba khaotsa ho mo latela.​—Johanne 6:​61-64.

Joale Jesu o re ho baapostola ba hae ba 12: “Le lona ha le batle ho tsamaea, na ha ho joalo?” Petrose o araba ka ho re: “Morena, re tla tloha re ee ho mang? Ke uena ea nang le lipolelo tsa bophelo bo sa feleng, ’me re lumetse ’me rea tseba hore u Mohalaleli oa Molimo.” (Johanne 6:​67-69) Petrose o bontša botšepehi ka tsela e tsotehang le hoja ka nako ena, eena hammoho le baapostola ba bang ba e-sʼo utloisise hore na ha e le hantle Jesu o bolela’ng.

Le hoja Jesu a thabetse karabo ea Petrose, o re: “Ke khethile lona ba leshome le metso e ’meli, na ha ho joalo? Empa leha ho le joalo e mong oa lona ke moetselletsi.” (Johanne 6:​70) Jesu o bua ka Judase Iskariota. Ho ka etsahala hore ebe ka nako ena Jesu oa bona hore Judase o se a qalile mekhoa e mebe.

Leha ho le joalo, Jesu o thabisoa ke ho tseba hore Petrose le baapostola ba bang ba ntse ba mo khomaretse ebile ba ntse ba ikemiselitse ho etsa mosebetsi oa bohlokoa oo a o etsang.