Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

INDONESIA

Tlhaloso e Khutšoanyane ea Indonesia

Tlhaloso e Khutšoanyane ea Indonesia

Naha Indonesia ke naha e pakeng tsa Australia le k’honthinente ea Asia ’me e na le lihlekehleke tse ngata tse nyenyane. Lihlekehleke tsena tse fetang 17 500, li na le lithaba tse matsutla-tsutla le meru e teteaneng. Indonesia ke e ’ngoe ea linaha tse nang le libaka tse ngata tse foqohang seretse se chesang ’me ho ’nile ha e-ba le lithaba tse foqohang seretse se chesang ka makhetlo a fetang 100.

Batho Indonesia ke e ’ngoe ea linaha tse nang le baahi ba bangata haholo lefatšeng (e latela China, India le United States) ’me e boetse e na le merabe e fetang 300. Halofo ea baahi ba naha ena ke Majava le Masundanese.

Bolumeli Liphesente tse ka bang 90 tsa baahi ba Indonesia ke Mamosleme. Ba bang ke Mahindu, Mabuddha le ba ipitsang Bakreste. Batho ba bangata ba latela meetlo ea libaka tseo ba lulang ho tsona.

Puo Naheng ena ho buuoa lipuo tse fetang 700. Puo eo batho ba bangata ba e buang ke Seindonesia, se qapuoeng puong e bitsoang Semalay. Batho ba bangata ba bua puo ea sebakeng seo ba lulang ho sona.

Mokhoa oa Boipheliso Batho ba bangata ba iphelisa ka temo le khoebo. Naha ena e na le lirafshoa tse ngata, lifate tse etsang lepolanka, oli e tala le khase ’me e rekisetsa linaha tse ling rabara le oli ea palema.

Lijo Raese ke eona e jeoang haholo. Lijo tseo batho ba li ratang ke nasi goréng (raese e halikiloeng le mahe le meroho), satay (nama e tšetsoeng linoko e kentsoeng thupeng) le gado-gado (salate e tšetsoeng matokomane a sitsoeng).

Tlelaemete Hoa chesa hape ho mongobo. Moea o tsoang leoatleng o etsa hore ho be le nako ea selemo eo ho nang lipula tse matla le ea komello. Hangata pula e na ka lehalima.