Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PHELA JOALOKA MOKRESTE

U Nka Lentsoe la Molimo e le la Bohlokoa Hakae?

U Nka Lentsoe la Molimo e le la Bohlokoa Hakae?

Bibele e na le litaelo le mehopolo ea Jehova Molimo e leng eena mongoli oa buka ena e halalelang. (2Pe 1:​20, 21) Bibele e tšepisa hore batho ba tla phela hamonate hobane e hlakisa taba ea hore ho tla tlosoa qoso bobusing ba Jehova. Bibele e boetse e senola makhabane a ratehang ao Ntate oa rona ea leholimong a nang le ’ona.​—Pes 86:15.

Motho e mong le e mong o na le lebaka la hae la hore a nke lentsoe la Molimo e le la bohlokoa. Empa, na rea bontša hore re le nka e le mpho ea bohlokoa ka hore re le bale letsatsi le leng le le leng re be re sebelise seo re ithutileng sona? E se eka liketso tsa rona li ka bontša hore re ikutloa joaloka mopesaleme ha a re: “Molao oa hao ke o rata hakaakang!”​—Pes 119:97.

SHEBELLANG KAROLOANA EA VIDEO EA BA NE BA NKA LENTSOE LA MOLIMO E LE LA BOHLOKOA (WILLIAM TYNDALE), EBE LE ARABA LIPOTSO TSE LATELANG:

  • Ke hobane’ng ha William Tyndale a ile a fetolela likarolo tse ling tsa Bibele?

  • Ke hobane’ng ha matsapa ’ohle ao aa nkileng ho fetolela Bibele e le a ikhethang?

  • Likopi tsa Bibele eo Tyndale a e fetoletseng li ile tsa ea Engelane joang ka sekhukhu?

  • Re ka bontša joang hore re nka Lentsoe la Molimo e le la bohlokoa?