PHELA JOALOKA MOKRESTE
Jehova o Rata Batho ba Hloekileng
Batsoali ba ruta bana ba bona hore ba lule ba le makhethe. Ke kahoo ba ba rutang hore ba hlape matsoho, ba alole, ba fiele le ho hlatsoa lijana. Ha e le hantle, Jehova ke eena ea faneng ka melao-motheo ea hore re lule re hloekile. (Ex 30:18-20; De 23:14; 2Ko 7:1) Haeba ’mele ea rona le lintho tseo re li sebelisang li hloekile, re tla be re tlotlisa Jehova. (1Pe 1:14-16) Re lokela ho hloekisa matlo a rona le jarete. Bakreste ha ba tšoane le batho ba bang ba lahlelang lipampiri hohle empa bona ba leka ka matla ho boloka lefatše le hloekile. (Pes 115:16; Tše 11:18) Re bontša hore re rata bohloeki ka ho tsotella lintho tse nyane joaloka ho lahla pampiri ea pompong, makotikoti le chepisi. Likarolong tsohle tsa bophelo re batla ho “ipuella ka tsela e ’ngoe le e ’ngoe hore re basebeletsi ba Molimo.”—2Ko 6:3, 4.
SHEBELLANG VIDEO EA JEHOVA O RATA BATHO BA HLOEKILENG, EBE LE ARABA LIPOTSO TSE LATELANG:
-
Batho ba bang ba ipehela mabaka afe a ho se boloke lintho tsa bona li hloekile?
-
Molao oa Moshe o bontša hore Jehova o talima bohloeki joang?
-
Bohloeki ba rona bo ka tlisa thoriso lebitsong la Jehova joang?