Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Jehova o ne a Tla Ikutloa Joang?

Jehova o ne a Tla Ikutloa Joang?

Pele re etsa liqeto tse kholo kapa tse nyane, na re ee re ipotse hore na ‘Jehova o ne a tla ikutloa joang?’ Le hoja re ke ke ra tseba ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo Jehova a e nahanang, ka Lentsoeng la hae o re tsebisa ho hongata ho ka re hlomellang bakeng sa “mosebetsi o mong le o mong o molemo.” (2Ti 3:​16, 17, Bar 11:​33, 34) Jesu o ne a tseba thato ea Molimo hantle ’me o ile a etsa hore ebe ntho e tlang pele bophelong ba hae. (Joh 4:​34) Re ka etsisa Jesu ka hore re etse sohle seo re ka se khonang ho etsa liqeto tse thabisang Jehova.​—Joh 8:​28, 29; Ef 5:​15-17.

SHEBELLANG VIDEO EA LE TSOELE PELE HO LEMOHA THATO EA JEHOVA (LE 19:​18), EBE LE ARABA LIPOTSO TSE LATELANG:

  • Ke hobane’ng ha re lokela ho sebelisa melao-motheo ea Bibele bophelong ba rona?

  • Re ka sebelisa melao-motheo efe ha re khetha ’mino oo re o mamelang?

  • Re ka sebelisa melao-motheo efe ha re khetha moaparo?

  • Ke hokae hape moo re ka sebelisang melao-motheo ea Bibele?

  • Re ka ntlafatsa mokhoa oa rona oa ho tseba thato ea Molimo joang?

Liqeto tseo ke li etsang li bontša hore ke na le kamano ea mofuta ofe le Jehova?