Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

A5

Lebitso la Molimo Mangolong a Segerike a Bakreste

Litsebi tsa Bibele lia lumela hore lebitso la Molimo, le emeloang ke litlhaku tse ’nè e leng (יהוה), le hlaha ka makhetlo a ka bang 7 000 Mangolong a pele-pele a Seheberu. Leha ho le joalo, litsebi tse ngata li lumela hore le ne le sa hlahe ka Mangolong a pele-pele a Segerike a Bakreste. Ka lebaka lena, boholo ba Libibele tsa kajeno tsa Senyesemane ha li sebelise lebitso lena Jehova ha li fetolela seo ho thoeng ke Testamente e Ncha. Esita le ha bafetoleli ba bangata ba qotsa Mangolong a Seheberu moo litlhaku tse ’nè tse emelang lebitso la Molimo li hlahang, ba sebelisa “Morena” ho e-na le hore ba sebelise lebitso la Molimo.

BibelePhetolelo ea Lefatše le Lecha ha e latele mokhoa ona o tloaelehileng empa e sebelisa lebitso Jehova ka makhetlo a 237 Mangolong a Segerike a Bakreste. Ha bafetoleli ba fihlela qeto ea ho etsa seo, ba ile ba nahanisisa ka mabaka ana a mabeli a bohlokoa: (1) Hore mangolo a ngotsoeng ka letsoho a Segerike ao re nang le ’ona kajeno ha se a pele-pele ha ho ne ho ngoloa Bibele. A likete-kete a leng teng kajeno, ke ao boholo ba ’ona a ileng a ngoloa bonyane lilemo tse makholo ka mor’a hore a pele-pele a ngoloe. (2) Le hore nakong eo ba neng ba kopitsa mangolo ao ba ile ba tlosa litlhaku tse ’nè ’me sebakeng sa tsona ba ngola Kyʹri·os, e leng lentsoe la Segerike le bolelang “Morena” kapa ba ile ba kopitsa mangolong a ngotsoeng ka letsoho moo lebitso lena le neng le se le tlositsoe.

Komiti ea Phetolelo ea Bibele ea Lefatše le Lecha e ile ea fihlela qeto ea hore ho na le bopaki bo matla ba hore Tetragrammaton e ne e le teng libukeng tsa pele tse ngotsoeng ka letsoho tsa Segerike. Qeto eo e ne e thehiloe bopaking bo latelang:

  • Mangolo a Seheberu a neng a sebelisoa mehleng ea Jesu le baapostola ba hae a ne a e-na le Tetragrammaton. Nakong e fetileng, batho ba bangata ba ne ba lumellana le qeto eo. Taba eo e netefalitsoe ka tsela e sa sieeng khoao ea letho kaha ho fumanoe Mangolo a Seheberu a mehleng ea Jesu le baapostola haufi le Qumran.

  • Mehleng ea Jesu le baapostola ba hae, Tetragrammaton e ne e boetse e hlahella liphetolelong tsa Segerike tsa Mangolo a Seheberu. Ka lilemo tse makholo, litsebi li ne li nahana hore Tetragrammaton ha e eo libukeng tse ngotsoeng ka letsoho tsa phetolelo ea Septuagint ea Segerike ea Mangolo a Seheberu. Bohareng ba lilemo tsa bo-1900, litsebi li ile tsa hlokomelisoa ka likaroloana tse ling tsa khale tsa phetolelo ea Septuagint ea Segerike tsa mehleng ea Jesu. Likaroloana tseo li na le lebitso la Molimo le ngotsoeng ka litlhaku tsa Seheberu. Kahoo, mehleng ea Jesu Mangolo a Segerike a ne a e-na le lebitso la Molimo. Leha ho le joalo, lilemong tsa bo-300 ka mor’a mehla ea Jesu, libuka tse kholo tse ngotsoeng ka letsoho tsa Septuagint ea Segerike, tse kang Codex Vaticanus le Codex Sinaiticus, li ne li se na lebitso la Molimo ho tloha bukeng ea Genese ho ea ho Malakia (moo le neng le le teng libukeng tse ngotsoeng ka letsoho tsa pejana). Kahoo, ha ho makatse hore Mangolong a bolokiloeng ho tloha ka nako eo, lebitso la Molimo ha le hlahe ho seo ho thoeng ke Testamente e Ncha kapa karolo ea Bibele ea Mangolo a Segerike.

    Jesu o ile a re: “Ke tlile ka lebitso la Ntate.” O ile a boela a hlalosa hore o ne a etsa mesebetsi ea hae ka “lebitso la Ntate” oa hae.

  • Mangolo a Segerike a Bakreste ka booona a tlaleha hore hangata Jesu o ne a bua ka lebitso la Molimo a bile a le tsebisa ba bang. (Johanne 17:6, 11, 12, 26) Jesu o ile a bua ka ho toba a re: “Ke tlile ka lebitso la Ntate.” O ile a boela a hatisa hore o ne a etsa mesebetsi “ka lebitso la Ntate” oa hae.—Johanne 5:43; 10:25.

  • Kaha Molimo ke eena ea entseng hore Mangolo a Segerike a Bakreste le Mangolo a halalelang a Seheberu a ngoloe, ha ho utloahale hore lebitso la Jehova le ntšoe ka Mangolong a Segerike. Mehleng ea baapostola morutuoa Jakobo o ile a re ho baholo ba Jerusalema: “Simeone o sa tsoa re phetela kamoo ka lekhetlo la pele Molimo a ileng a amohela batho ba lichaba tse ling e le hore ba ka bitsoa ka lebitso la hae.” (Liketso 15:14) E ne e ke ke ea e-ba ntho e utloahalang hore Jakobo a bue mantsoe ao haeba mehleng ea baapostola ho ne ho se na motho ea tsebang lebitso la Molimo kapa ea le sebelisang.

  • Lebitso la Molimo le hlaha le khutsufalitsoe Mangolong a Segerike a Bakreste. Ho Tšenolo 19:1, 3, 4, 6, lebitso la Molimo le kenyelelitsoe lentsoeng lena “Halelujah.” Lentsoe lena le hlaha polelong ea Seheberu eo ha e le hantle e bolelang “Rorisang Jah.” “Jah” ke khutsufatso ea lebitso Jehova. Mabitso a mangata a sebelisitsoeng ka Mangolong a Segerike a Bakreste a nkiloe lebitsong la Molimo. Ha e le hantle, libuka tse ling li hlalosa hore lebitso la Jesu le bolela hore “Jehova ke Poloko.”

  • Libuka tsa Sejuda tsa khale li bontša hore Bakreste ba Bajuda ba ne ba sebelisa lebitso la Molimo libukeng tsa bona. Ha Tosefta, e leng pokello ea melao e fetisoang ka molomo, e ileng ea phethoa hoo e ka bang ka selemo sa bo-300 ka mor’a mehla ea Jesu, e bua ka libuka tsa Bakreste tse ileng tsa chesoa ka Sabatha e re: “Ba ile ba chesa libuka tsa Baevangeli le libuka tsa ba-minim [bao ho nahanoang hore e ne e le Bakreste ba Bajuda]. Libuka tseo tse neng li e-na le Lebitso la Molimo li ile tsa chesoa.” Eona buka eo e qotsa Rabi Yosé oa Mogalilea, ea neng a phela maqalong a lilemo tsa bo-100 ka mor’a mehla ea Jesu, ha a ne a bolela hore matsatsing a mang a beke, “motho o tabola likarolo tseo Lebitso la Molimo le neng le hlaha ho tsona [ke hore tse ka har’a libuka tsa Bokreste], o li boloka sebakeng se seng ebe o chesa likarolo tsohle tse setseng.”

  • Litsebi tse ling tsa Bibele lia lumela hore ho bonahala eka lebitso la Molimo le ne le hlaha Mangolong a Segerike a Bakreste likarolong tse qotsitseng Mangolo a Seheberu. Tlas’a sehlooho se reng “Tetragrammaton ka Testamenteng e Ncha,” The Anchor Bible Dictionary e re: “Ho na le bopaki ba hore Tetragrammaton, e leng Lebitso la Molimo Yahweh, le ne le hlaha likarolong tse ling kapa likarolong tsohle moo Testamente e Ncha e neng e qotsitse likarolo tsa Testamente ea Khale teng ha litokomane tsa Testamente e Ncha li ne li qala ho ngoloa.” Setsebi se bitsoang George Howard se re: “Kaha Tetragram e ne e ntse e ngotsoe likoping tsa Bibele ea Segerike [ea Septuagint], eo e neng e le karolo ea Mangolo a kereke ea pele, hoa utloahala ho lumela hore bangoli ba Testamente e Ncha, ba ne ba sa ntše Tetragram tabeng eo ba neng ba e qotsa Lengolong leo.”

  • Bafetoleli ba Bibele ba hlomphuoang ba sebelisitse lebitso la Molimo Mangolong a Segerike a Bakreste. Ba bang ba bafetoleli bana ba sebelisitse lebitso leo nako e telele le pele Phetolelo ea Lefatše le Lecha e fetoleloa. Ba bang ba bafetoleli bana hammoho le Libibele tseo ba li fetoletseng ke bana: A Literal Translation of the New Testament . . . From the Text of the Vatican Manuscript, ea Herman Heinfetter (1863); The Emphatic Diaglott, ea Benjamin Wilson (1864); The Epistles of Paul in Modern English, ea George Barker Stevens (1898); St. Paul’s Epistle to the Romans, ea W. G. Rutherford (1900); The New Testament Letters, ea J.W.C. Wand, Mobishopo oa London (1946). Ho phaella moo, Bibeleng ea Sepanishe e fetoletsoeng maqalong a lilemo tsa bo-1900, mofetoleli ea bitsoang Pablo Besson o sebelisitse “Jehová” ho Luka 2:15 le Juda 14. Phetolelong ea hae, ka makhetlo a fetang 100 litlhalosong tse hlahang linaletsaneng o ile a bontša hore litemaneng tse ling e ka ’na eaba ho ne ho sebelisitsoe lebitso la Molimo. Nako e telele pele ho etsoa liphetolelo tseo, liphetolelo tsa Seheberu tsa Mangolo a Segerike a Bakreste tsa ho tloha lilemong tsa bo-1500 ho ea pele li sebelisitse Tetragrammaton litemaneng tse ngata. Puong ea Sejeremane feela, bonyane liphetolelo tse 11 li sebelisa “Jehovah” (kapa phetolelo ea lentsoe ka lentsoe ea Seheberu e leng “Yahweh”) ka Mangolong a Segerike a Bakreste, ha bafetoleli ba bang ba bane ba kenya lebitso leo ka masakaneng ka mor’a ho ngola “Morena.” Liphetolelo tse fetang 70 tsa Sejeremane li sebelisa lebitso la Molimo mongolong o botlaseng ba leqephe kapa litlhalosong tsa liphetolelo tseo.

    Lebitso la Molimo ho Liketso 2:34 phetolelong ea The Emphatic Diaglott, ea Benjamin Wilson (1864)

  • Liphetolelo tsa Bibele ka lipuo tse sa tšoaneng tse fetang 100 li na le lebitso la Molimo ka Mangolong a Segerike a Bakreste. Liphetolelo tse ngata tsa Testamente e Ncha tsa lipuo tsa Afrika, Amerika, Asia le sehlekehlekeng sa Pacific li sebelisa lebitso la Molimo ka makhetlo a mangata. (Sheba lethathamo le  leqepheng la 1934 le la 1935.) Bafetoleli ba liphetolelo tsena ba ile ba etsa qeto ea ho sebelisa lebitso la Molimo ka mabaka a tšoanang le a boletsoeng ka holimo. Tse ling tsa liphetolelo tsena tsa Mangolo a Segerike a Bakreste ke tsa haufinyane tjena, tse kang Bibele ea Serotuman (ea 1999), e sebelisang “Jihova” ka makhetlo a 51 litemaneng tse 48 le phetolelo ea Sebatak (Toba) (ea 1989) ea Indonesia, e sebelisang “Jahowa” ka makhetlo a 110.

    Lebitso la Molimo ho Mareka 12:29, 30 phetolelong ea puo ea Hawaii

Ntle ho pelaelo, ho na le mabaka a hlakileng a ho khutlisetsa lebitso la Molimo, e leng Jehova moo le neng le hlaha teng Mangolong a Segerike a Bakreste. Sena ke sona hantle seo bafetoleli ba Phetolelo ea Lefatše le Lecha ba se entseng. Ba hlompha lebitso la Molimo ebile ba tšaba ho tlosa ntho leha e le efe e neng e ngotsoe mangolong a khale.—Tšenolo 22:18, 19.