Kosepele ea Mareka 12:1-44
12 A ba etsetsa lipapiso a re: “Motho e mong o ne a lemme tšimo ea morara.+ A e kampela eaba o etsa sebaka seo a ka tlhotlelang morara ho sona, a haha le tora.+ A hirisetsa balemi tšimo eo eaba o etela hole.+
2 Ha nako ea ho kotula e fihla, a roma lekhoba la hae ho balemi ho ea lata morara o mong ho bona.
3 Empa ba le khakhatha eaba ba le khutlisa le se na letho.
4 A roma lekhoba le leng hape, lona ba le otla hloohong ’me ba le rohaka.+
5 Eaba o roma le leng, lona ba le bolaea. A roma le a mang a mangata, ba khakhatha a mang, a mang ba a bolaea.
6 Qetellong a roma mora oa hae eo a mo ratang+ a nahana hore ba tla hlompha mora oa hae.
7 Empa balemi bao ba buisana ba re: ‘Enoa ke eena mojalefa.+ A re mo bolaeeng ebe re nka lefa la hae.’
8 Kahoo, ba mo tšoara, ba mo bolaea eaba ba mo lahlela ka ntle ho tšimo.+
9 Mong’a tšimo eo o tla ba etsa’ng? O tla ba bolaea ebe o hirisetsa balemi ba bang tšimo eo ea morara.+
10 Na ha le e-s’o bale Lengolo lee le reng: ‘Lejoe leo lihahi li le lahlileng le fetohile lejoe la sekhutlo la sehlooho.*+
11 Lejoe lena le tsoa ho Jehova* ’me le letle haholo ho rona’?”+
12 Ba ne ba batla ho mo tšoara empa ba tšaba letšoele hobane ba ne ba tseba hore o bua ka bona ha a etsa papiso eo. Kahoo ba tsamaea.+
13 Ka mor’a moo, ba roma ba bang ba Bafarisi le balateli ba Heroda ho eena hore ba mo tšoare ka lipuo tsa hae.+
14 Ha ba fihla ba re ho eena: “Mosuoe, rea tseba hore u na le ’nete le hore ha u reke sefahleho sa mang kapa mang hobane ha u shebe ponahalo ea batho empa u ruta tsela ea Molimo ka ’nete. Na ka molao* motho o lokela ho patala lekhetho ho Sesare kapa che?
15 Re lefe kapa re se ke ra lefa?” Ha a lemoha boikaketsi ba bona a re ho bona: “Le ntekela’ng? Ntlisetseng denari* ke e bone.”
16 Ba e tlisa. A re ho bona: “Setšoantšo le mongolo oo ke tsa mang?” Ba re ho eena: “Ke tsa Sesare.”
17 Joale Jesu a re: “Le fe Sesare lintho tsa hae+ le Molimo le mo fe tsa hae.”+ Eaba ba qala ho mo tsota.
18 Basaduse, ba reng ha ho na tsoho ea bafu,+ ba tla ho eena ba re:+
19 “Mosuoe, Moshe o ile a re ngolla molao o reng haeba motho a shoa a se na ngoana, ngoan’abo o tla nyala mosali oa hae e le hore a tle a mo etsetse bana.+
20 Ho ne ho e-na le bana ba motho ba supileng. Eaba oa pele oa nyala empa a shoa a se na bana.
21 Oa bobeli a mo kenela empa le eena a shoa a se na bana. Oa boraro le eena ka tsela e tšoanang.
22 Banna bao ba supileng kaofela ba ile ba shoa ba se na bana. Qetellong le mosali eo a shoa.
23 Ha ba se ba tsositsoe, mosali eo e tla ba oa mang ho bao ba supileng hobane kaofela ba ile ba mo nyala?”
24 Jesu a re ho bona: “Le fositse hobane ha le tsebe Mangolo le hore na Molimo o matla hakae.+
25 Ha batho ba se ba tsositsoe bafung, ba ke ke ba nyala kapa ba nyaloa empa ba tla tšoana le mangeloi leholimong.+
26 Empa tabeng ea ho tsosoa ha bafu, na ha lea ka la bala bukeng ea Moshe moo ho buuoang ka sehlahla se meutloa, hore Molimo o ile a re ho eena: ‘Ke ’na Molimo oa Abrahama, Isaka le Jakobo’?+
27 Eena ke Molimo oa ba phelang eseng oa bafu. Le fositse haholo.”+
28 E mong oa bangoli o ne a le teng a mametse ha ba ntse ba phehile khang. Kaha o ne a utloile hore Jesu o ba arabile hantle, a re ho eena: “Taelo ea pele* ho tsohle ke efe?”+
29 Jesu a re: “Ea pele ke ena: ‘Mamelang lona Baiseraele, Jehova* Molimo oa rona ke Jehova* a le mong.
30 U rate Jehova* Molimo oa hao ka pelo ea hao eohle, ka moea* oa hao oohle, ka kelello ea hao eohle le ka matla a hao ’ohle.’+
31 Ea bobeli ke ena: ‘U rate moahisani oa hao joalokaha u ithata.’+ Ha ho taelo e kholo ho feta tsena.”
32 Mongoli eo a re ho eena: “Ke hantle Mosuoe, u bua ’nete: ‘O Mong ’me ha ho e mong ntle le eena.’+
33 Hore motho a mo rate ka pelo eohle, ka kelello* eohle le ka matla ’ohle le hore a rate moahisani oa hae joalokaha a ithata, ho bohlokoa haholo ho feta linyehelo tsohle tsa secheso le mahlabelo ’ohle.”+
34 Ha Jesu a lemoha hore o arabile ka bohlale, a re ho eena: “Ha u hole le ’Muso oa Molimo.” Empa ha ho motho ea ileng a hlola a e-ba le sebete sa ho mo botsa potso e ’ngoe.+
35 Ha Jesu a ntse a ruta ka tempeleng, a re: “Ke hobane’ng ha bangoli ba re Kreste ke mora oa Davida?+
36 Moea o halalelang+ o ile oa susumelletsa Davida hore a re: ‘Jehova* o itse ho Moren’a ka: “Lula ka letsohong la ka le letona ho fihlela ke beha lira tsa hao tlas’a maoto a hao.”’+
37 Joale Kreste ke mora oa Davida joang+ empa Davida a mo bitsa Morena?”
Letšoele le leholo le ne le thabetse ho mo mamela.
38 Ha a ntse a ruta, a re: “Le hlokomele hore ho na le bangoli ba ratang ho lumelisoa limmarakeng le ho tsamaea ba apere liaparo tse telele.+
39 Ba rata ho lula litulong tse ka pele* ka matlung a thapelo* le litulong tsa bahlomphehi meketeng.+
40 Ba ikhapela matlo* a bahlolohali hape ka boikaketsi ba etsa lithapelo tse telele. Ba tla fumana kahlolo e boima haholo.”
41 Eaba o lula fatše moo a neng a ka bona mabokose* a chelete.+ A bona batho ba ntse ba tšela chelete ka moo, barui ba bangata ba ne ba tšela chelete e ngata ea tšepe.+
42 Joale ha tla mohlolohali e mong ea futsanehileng. A tšela licheletana tse peli tsa tšepe tsa boleng bo bonyenyane haholo.*+
43 Jesu a bitsa barutuoa ba hae a re ho bona: “Kannete ke re ho lona mohlolohali enoa oa mofutsana o tšetse chelete e fetang ea bohle ka mabokoseng.*+
44 Etsoe kaofela ba tšetse ho tsoa cheleteng ea bona e setseng empa eena le hoja e le mofutsana, o fane ka sohle seo a nang le sona, sohle seo a neng a ka phela ka sona.”+
Linaletsana
^ Kapa: “la bohlokoa.” Ka Segerike: “hlooho ea sekhutlo.”
^ Sheba Ntlha ea A5.
^ Kapa: “nepo.”
^ Sheba Ntlha ea B14.
^ Kapa: “e bohlokoa haholo.”
^ Sheba Ntlha ea A5.
^ Sheba Ntlha ea A5.
^ Sheba Ntlha ea A5.
^ Ka Segerike: “kutloisiso.”
^ Sheba Ntlha ea A5.
^ Kapa: “tse hlomphehang.”
^ Ka Segerike: “lisinagogeng.”
^ Kapa: “thepa.”
^ Kapa: “matlole a polokelo.”
^ Ka Segerike: “lileptone tse peli. Li lekana le koaterane.” Sheba Ntlha ea B14.
^ Kapa: “ka matloleng a polokelo.”