Esaia 33:1-24
33 Ho malimabe uena ea senyang u e-s’o senngoe,+Uena molotsana ea e-s’o etsetsoe bolotsana.
Hang ha u qeta ho senya, u tla senngoa.+
Hang ha u qeta ho etsa bolotsana, u tla etsetsoa bolotsana.
2 Jehova, re hauhele.+
Re u tšepile.
E-ba matla* a rona+ hoseng ho hong le ho hong,Re pholose nakong ea mahlomola.+
3 Batho baa baleha ha ba utloa molumo o lerata.
Lichaba lia qhalakana ha u phahama.+
4 Thepa ea lona e hapuoeng e tla bokelloa joalokaha litsie tse senyang li bokana,Batho ba tla e senya joaloka lihlopha tsa litsie.
5 Jehova o tla phahamisoaHobane o lula holimo moo ho phahameng.
O tla tlatsa Sione ka toka le ho loka.
6 O etsa hore bophelo* ba lona bo tsitse.
Poloko e kholo,+ bohlale, tsebo le ho tšaba Jehova+Ke letlotlo la hae.
7 Bahale ba bona* ba lla seboko seterateng,Baromuoa ba khotso ba lla habohloko.
8 Litsela tse kholo li tlohetsoe feela,Ha ho na motho ea tsamaeang litseleng.
O* tlotse selekane,O hlompholotse metse,Ha a tsotelle batho.+
9 Naha e utloile bohloko ’me e omeletse.
Lebanone e soabile,+ e bolile.
Sharone e joaloka lehoatata,Bashane le Karmele li hlohlora makhasi a tsona.+
10 Jehova o re, “Joale ke tla ema,Ke tla bontša hore ke matla+’Me ke tla itlotlisa.
11 Lona batho ba khopo, merero le mesebetsi ea lona ha e na thuso, e joaloka joang bo ommeng le litlhaka.
Menahano ea lona e mebe e tla le qeta joaloka mollo.+
12 Lichaba li tla tšoana le molora oa kalaka e chesitsoeng.
Li tla chesoa ka mollo joaloka meutloa e fothotsoeng.+
13 Lona batho ba hole haholo, utloang hore na ke tla etsa’ng.
Le lona ba haufi, lemohang matla a ka.
14 Baetsalibe ba leng Sione ba tšohile,+Bakoenehi baa thothomela:
‘Ke mang ho rona ea ka lulang mollong o timetsang?+
Ke mang ho rona ea ka lulang malakabeng a sa timeng?’
15 Ke ea tsoelang pele ho etsa lintho tse nepahetseng,*+Ea buang lintho tse lokileng,+Ea hanang ho rua ka bolotsana le ka ho qhekella,Eo matsoho a hae a hanang tjotjo ho e-na le ho e nka,+Ea ithibang litsebe hore a se ke a utloa tsa tšollo ea maliLe ea ikoalang mahlo hore a se ke a bona lintho tse mpe.
16 O tla lula phahameng,Setšabelo sa hae se sireletsehileng* se tla ba libakeng tse mafika.
O tla fuoa bohobe,Metsi a hae a ke ke a fela.”+
17 Mahlo a hao a tla bona morena botleng ba hae,A tla bona naha e hole.
18 Ka pelong u tla hopola* ntho e tšosang:
“Mongoli o kae?
O kae ea neng a bekha lekhetho?+
O kae ea balileng litora?”
19 U ke ke oa hlola u bona batho ba tellang,Batho ba buang puo e sa hlakang,* eo u sa e utloisiseng,Ba lehoelea, bao u sa khoneng ho utloisisa puo ea bona.+
20 Bonang Sione, motse oo re ketekelang ho oona.+
Mahlo a hao a tla bona Jerusalema e le sebaka se nang le khutso,E le tente e ke keng ea tlosoa.+
Ha ho mohla litšepe tsa tente li tla ntšoa,Ha ho thapo leha e le ’ngoe ea eona e tla khaoloa likoto.
21 Empa sebakeng seo Ea Hlomphehang, JehovaO tla re sireletsa joalokaha linoka le linokana li sireletsa motse.
Ha ho likepe tse tla feta mooEbile ha ho likepe tse kholo tse tla feta teng.
22 Jehova ke Moahloli oa rona,+Jehova ke eena ea re fang melao,+Jehova ke Morena oa rona.+
Ke eena ea tla re pholosa.+
23 Liropo li tla leketla,Li ke ke tsa tšehetsa lipalo tsa sekepe kapa tsa hula seile.
Ka nako eo, thepa e ngata e hapuoeng e tla aroloaLe ba holofetseng ba tla inkela thepa e ngata.+
24 Ha ho moahi ea tla re: “Kea kula.”+Batho ba lulang naheng eo ba tla tšoareloa liphoso tsa bona.+
Linaletsana
^ Kapa: “letsoho.”
^ Ka Seheberu: “linako.”
^ Ho bonahala e le bahale ba Juda.
^ E leng sera.
^ Kapa: “tse lokileng.”
^ Kapa: “Sebaka sa hae se phahameng se sireletsehileng.”
^ Kapa: “thuisa ka.”
^ Ka Seheberu: “e tebileng.”