Baahloli 21:1-25
-
Leloko la Benjamine lea pholosoa (1-25)
21 Joale banna ba Iseraele ba ne ba entse kano ena Mizpa:+ “Ha ho le ea mong oa rona ea tla fana ka morali oa hae hore e be mosali oa monna oa Mobenjamine.”+
2 Ka lebaka leo, Baiseraele ba ea Bethele+ ’me ba lula moo ka pel’a Molimo oa ’nete ho fihlela mantsiboea, ba ne ba lla haholo.
3 Ba ne ba re: “Jehova Molimo oa Iseraele, ke hobane’ng ha ntho e tjee e etsahetse Iseraele? Ke hobane’ng ha moloko o mong o lokela ho felisoa kajeno Iseraele?”
4 Eaba letsatsing le latelang batho ba tsoha esale hoseng ’me ba haha aletare moo e le hore ba fane ka linyehelo tsa secheso le linyehelo tse kopanetsoeng.+
5 Joale sechaba sa Iseraele sa re: “Ke mang malokong ’ohle a Iseraele ea sa bokanang le rona ka pel’a Jehova?” Ba ne ba entse kano e tebileng ea hore mang kapa mang ea sa tleng ka pel’a Jehova Mizpa a bolaoe.
6 Kahoo, Baiseraele ba utloa bohloko haholo ka lebaka la se etsahalletseng bana ba bo bona ba Babenjamine. Ba ile ba re: “Kajeno moloko o le mong o felisitsoe Iseraele.
7 Re tla etsa’ng e le hore re fe Babenjamine ba setseng basali kaha joale re se re entse kano ho Jehova+ hore re ke ke ra ba fa barali ba rona hore e be basali ba bona?”+
8 Ba botsa ba re: “Ke mang malokong a Iseraele ea sa nyolohelang Mizpa ho Jehova?”+ Ba ile ba hlokomela hore ha ho motho le ea mong ea tsoang Jabeshe-gileade ea tlileng tenteng moo Baiseraele ba neng ba bokane teng.
9 Ha batho ba baloa, ba ile ba bona hore ha ho motho le ea mong ea tsoang Jabeshe-gileade ea teng.
10 Kahoo, Baiseraele bao ba romella banna ba 12 000 ba matla ka ho fetisisa. Ba ba laela ba re: “Tsamaeang ’me le e’o bolaea baahi ba Jabeshe-gileade ka sabole hammoho le basali le bana.+
11 Le etse tjena: Le bolaee monna e mong le e mong le mosali e mong le e mong ea kileng a etsa thobalano le monna.”
12 Har’a baahi ba Jabeshe-gileade, ho ne ho e-na le baroetsana ba 400 ba e-s’o kang ba etsa thobalano. Eaba ba ba tlisa litenteng tse Shilo,+ e naheng ea Kanana.
13 Eaba Baiseraele bohle ba romela molaetsa oa ho bopa khotso le Babenjamine ba neng ba le lefikeng la Rimone.+
14 Kahoo, Babenjamine ba khutla ka nako eo. Baiseraele ba ile ba fa Babenjamine basali ba Jabeshe-gileade+ bao ba sa kang ba ba bolaea empa ba ne ba sa lekane Babenjamine.
15 Baiseraele ba utloa bohloko ka lebaka la se etsahalletseng Babenjamine+ hobane Jehova o ne a arohantse meloko ea Iseraele.
16 Eaba baholo ba Iseraele ba re: “Re lokela ho etsa’ng e le hore re fumanele banna ba setseng basali hobane basali kaofela ba Benjamine ba bolailoe?”
17 Ba tsoela pele ho re: “Babenjamine ba phonyohileng ba lokela hore ba ’ne ba be le lefa e le hore leloko la bona le se ke la felisoa Iseraele.
18 Empa ha rea lumelloa ho ba fa barali ba rona hore e be basali ba bona hobane Baiseraele ba entse kano ba re: ‘Ho malimabe motho ea fang Babenjamine mosali.’”+
19 Baholo ba boela ba re: “Ho na le mokete oa Jehova selemo le selemo Shilo+ e ka leboea ho Bethele, ka bochabela ho tsela e kholo e nyolohang Bethele e eang Shikeme, ka boroa ho Lebona.”
20 Eaba ba laela banna ba Benjamine ba re: “Tsamaeang ’me le lalle lirapeng tsa morara.
21 Ha le bona barali* ba motse oa Shilo ba tsoa ho tla tantša, e mong le e mong oa lona a tsoe masimong a morara ’me a inkele mosali ho barali ba Shilo ’me ka mor’a moo le khutlele naheng ea Babenjamine.
22 Haeba bo-ntate ba bona kapa bana ba bo bona ba tla ’me ba re qosa, re tla re ho bona, ‘Re hauheleng ha re thusitse Babenjamine hobane ha rea fumana basali ba lekaneng bakeng sa bona ntoeng.+ Hape le lona le ne le tla ba molato haeba le ne le ka ba fa barali ba lona hore e be basali ba bona.’”+
23 Kahoo, banna ba Benjamine ba etsa feela joalo, e mong le e mong a inkela mosali ho basali ba neng ba tantša. Ka mor’a moo, ba khutlela naheng eo e leng lefa la bona ’me ba haha metse ea bona bocha+ eaba ba lula ho eona.
24 Ka nako eo Baiseraele ba arohana, e mong le e mong a khutlela lelokong la hae le lelapeng la hae, ba tloha moo ’me e mong le e mong a ea lefeng la hae.
25 Mehleng eo ho ne ho se na morena Iseraele.+ E mong le e mong o ne a iketsetsa ntho eo a bonang e nepahetse mahlong a hae.*