Buka ea Bobeli ea Samuele 20:1-26
20 Joale ho ne ho e-na le monna ea neng a le likhathatso eo lebitso la hae e leng Sheba,+ mora oa Bikri oa Mobenjamine. O ile a letsa lenaka+ a re: “Ha ho na letho le re kopanyang le Davida ebile ha re na lefa ho mora oa Jese.+ E mong le e mong a ke a khutlele ho molimo* oa hae, uena Iseraele!”+
2 Eaba banna bohle ba Iseraele ba tlohela ho latela Davida ’me ba latela Sheba mora oa Bikri.+ Empa banna ba Juda ba ’na ba latela morena oa bona ho tloha Jordane ho ea Jerusalema.+
3 Ha morena Davida a khutlela ntlong* ea hae Jerusalema,+ a nka basali ba hae ba lirethe bao a neng a ba siile hore ba hlokomele ntlo+ eaba o ba koalla ka tlung ’me o etsa hore ntlo eo e lebeloe. O ne a ba fa lijo empa ha aa ka a robala le bona.+ Ba ile ba lula ka moo ba koaletsoe ho fihlela ba shoa, ba ne ba phela joaloka bahlolohali le hoja monna oa bona a ne a ntse a phela.
4 Joale morena a re ho Amasa:+ “Mpokellele banna ba Juda pele ho feta matsatsi a mararo, le uena u lokela ho ba teng.”
5 Kahoo, Amasa a bokella banna ba Juda empa a fihla ka mor’a nako eo a neng a e behetsoe.
6 Eaba Davida o re ho Abishai:+ “Sheba+ mora oa Bikri a ka re etsa hampe ho feta kamoo Absalome a re entseng kateng.+ Nka bahlanka ba ka ’me u mo lelekise e le hore a se ke a fihla metseng e sireletsehileng ’me a re phonyoha.”
7 Kahoo, banna ba Joabe,+ Bakerethe, Bapelethe+ le banna bohle ba matla ba tsoa ho ea mo lelekisa. Ba tsoa Jerusalema ho ea lelekisa Sheba mora oa Bikri.
8 Ha ba le haufi le lejoe le leholo Gibeone,+ Amasa+ a tsoa ho tla kopana le bona. Joabe o ne a apere liaparo tsa hae tsa ntoa, a kentse sabole ea hae ka selateng ’me a se tlameletse lethekeng la hae. Ha a atamela Amasa, sabole ea hae ea oa.
9 Joabe a re ho Amasa: “Na u ntse u ikela hantle ngoan’eso?” Eaba Joabe o tšoara litelu tsa Amasa ka letsoho le letona joalokaha eka oa mo suna.
10 Amasa o ne a sa hlokomela sabole e neng e le letsohong la Joabe eaba Joabe o mo hlaba ka eona mpeng+ ’me mala a hae a tsoela fatše. Ha hoa ka ha hlokahala hore a mo hlabe hape, e ile eaba ho felile ka eena. Joale Joabe le abuti oa hae Abishai ba lelekisa Sheba mora oa Bikri.
11 E mong oa bahlanka ba Joabe o ne a eme pel’a Amasa a ntse a re: “Mang kapa mang ea lehlakoreng la Joabe le mang kapa mang eo e leng oa Davida, a ke a latele Joabe!”
12 Ka nako eo, Amasa o ne a ntse a pitika ka har’a mali a hae a le har’a tsela. Ha mohlankana eo a bona hore batho bohle ba ne ba ema, a hulela Amasa ka thoko ho tsela. Eaba o mo koahela ka seaparo hobane o ne a bona hore batho bohle baa ema ha ba fihla pel’a hae.
13 Ha a se a mo tlositse tseleng, banna bohle ba latela Joabe ’me ba lelekisa Sheba+ mora oa Bikri.
14 Sheba a feta melokong eohle ea Iseraele a ea Abele ea Bethe-maaka.+ Babikri ba bokana hammoho eaba baa mo latela.
15 Joabe le banna ba hae ba thibella Sheba motseng oa Abele ea Bethe-maaka eaba ba haha lerako hore ba hlasele motse hobane o ne o pota-potiloe ke leralla. Banna bohle ba neng ba e-na le Joabe ba thuha lerako e le hore ba le lihe.
16 Mosali e mong ea bohlale a hoeletsa ho tsoa motseng a re: “Banna mamelang, mamelang! Ke kopa le bolelle Joabe hore a tle, ke hloka ho bua le eena.”
17 Eaba Joabe o ea ho eena ’me mosali eo a re: “Na ke uena Joabe?” A re: “E, ke ’na.” Eaba mosali eo o re ho eena: “Mamela mantsoe a lekhoba la hao.” Eaba o re: “Ke mametse.”
18 A tsoela pele a re: “Mehleng ea khale batho ba ne ba tloaetse ho re, ‘E-reng ba batle keletso motseng oa Abele ’me taba ea bona e tla rarolleha.’
19 Ke emela ba nang le khotso le ba tšepahalang Iseraele. U batla ho felisa motse o kang ’mè ho Iseraele. Ke hobane’ng ha u batla ho felisa lefa la Jehova?”+
20 Joabe a re: “Ke ntho e sa utloahaleng hore ke felise motse ona.
21 Ha ho joalo empa monna e mong ea bitsoang Sheba+ mora oa Bikri, ea tsoang sebakeng se lithaba sa Efraime+ o fetohetse* Morena Davida. Haeba feela u ka mpha monna eo, nke ke ka felisa motse ona.” Eaba mosali eo o re ho Joabe: “U tla akhelloa hlooho ea hae ka holim’a lerako.”
22 Hang-hang mosali eo ea bohlale a khutlela ho batho bohle ’me ba khaola hlooho ea Sheba mora oa Bikri eaba ba e akhella Joabe. Ka mor’a moo, Joabe a letsa lenaka ’me ba tloha motseng, e mong le e mong a khutlela ha hae.+ Joabe a khutlela Jerusalema ho morena.
23 Joale Joabe o ne a okametse lebotho lohle la Iseraele,+ Benaia+ mora oa Jehojada+ o ne a okametse Bakerethe le Bapelethe.+
24 Adorame+ o ne a okametse ba neng ba bitselitsoe ho tla sebeletsa morena, Josafate+ mora oa Akilude e ne e le motlalehi.
25 Sheva e ne e le mongoli ’me Tsadoke+ le Abiathare+ e le baprista.
26 Ira oa Mojaire le eena ea e-ba moeta-pele* ea ka sehloohong oa Davida.
Linaletsana
^ Kapa mohlomong: “tenteng.”
^ Kapa: “phaleising.”
^ Ka Seheberu: “phahamisitse letsoho.”
^ Ka Seheberu: “ea e-ba moprista.”