Latela Jesu ka Sepheo se Setle
Ha Jesu a ne a etsa papiso eo barutuwa ba hae ba neng ba sa e utlwisise, ba bang ba bona ba ile ba kgopeha yaba ba kgaotsa ho mo latela. E le ho bontsha hore matla a hae a tswa ho Modimo, Jesu o ile a ba fepa ka mohlolo letsatsi pele ho moo. Jwale ke hobaneng ha ba ile ba kgopeha? Sepheo seo ba neng ba mo latela ka sona e ne e le sa boithati. Ba ne ba latela Jesu e le hore feela ba fumane ho itseng ho yena.
E mong le e mong wa rona o lokela ho ipotsa: ‘Ke hobaneng ha ke latela Jesu? Na ke hobane feela ke batla ho fumana ditlhohonolofatso hona jwale le nakong e tlang? Kapa ke hobane ke rata Jehova mme ke batla ho mo kgahlisa?’
Ke hobaneng ha re ka kgopeha haeba re sebeletsa Jehova ka mabaka a latelang feela?
-
Ho thabela ho ba le batho ba Modimo
-
Ho batla ho phela paradeising