PHELA JWALO KA MOKRESTE
Ha ho Letho le ileng la Senngwa
Ka mora hore Jesu a fepe ka mohlolo banna ba 5 000, basadi le bana, o ile a laela barutuwa ba hae a re: “Bokellang dingwathwana tse setseng, e le hore ho se ke ha e ba le letho le senngwang.” (Joh 6:12) Jesu o ile a ananela dintho tseo Jehova a fanang ka tsona ka hore a se ke a di senya.
Mehleng ya kajeno, Sehlopha se Busang se leka ka hohlehohle ho etsisa Jesu ka hore se sebedise menehelo ka bohlale. Ka mohlala, ha ho ne ho hahwa ntlokgolo e Warwick, New York, barababo rona ba ile ba kgetha polane ya moaho e neng e tla etsa hore ba sebedise menehelo hantle.
RE KA QOBA JWANG HO SENYA. . .
-
ha re le dibokeng tsa Bokreste?
-
ha re nka dingolwa tseo re tlo ipalla tsona? (km 5/09 3 ¶4)
-
ha re nka dingolwa tseo re tla di tsamaisa tshimong? (mwb17.02 “Eba Masene ha o Fana ka Sengolwa sa Bibele” ¶1)
-
ha re ntse re bolela tshebeletsong? (mwb17.02 “Eba Masene ha o Fana ka Sengolwa sa Bibele” ¶2 le lebokose le reng “Na Motho eo o...”)