PHELA JWALO KA MOKRESTE
O Ananela Lentswe la Modimo Hakae?
Bibele e na le menahano le dipolelo tsa Jehova Modimo, e leng Mongodi wa buka ena e halalelang. (2Pe 1:20, 21) Bibele e hatisa hore Modimo o tla tlosa qoso bobusing ba hae a sebedisa Mmuso wa hae mme seo se fa batho bohle tshepo ya hore haufinyane bophelo bo tla ba hantle. Bibele e boetse e bontsha ka moo Ntate wa rona ya mahodimong e leng Jehova a leng lerato ka teng.—Pes 86:15.
Motho e mong le e mong o na le mabaka a hae a ho ananela Lentswe la Jehova. Empa na re a bontsha hore re ananela mpho ee e ntle ka ho e bala letsatsi le letsatsi le ka ho sebedisa seo re ithutileng sona? E se e ka diketso tsa rona di ka bontsha hore re ikutlwa jwalo ka mopesaleme ha a re: “Molao wa hao ke o rata hakaakang!”—Pes 119:97.
SHEBELLA KAROLO YA VIDEO E RENG BIBELE E NE E LE YA BOHLOKWA HO BONA—(WILLIAM TYNDALE), EBE O ARABA DIPOTSO TSE LATELANG:
-
Ke hobaneng ha William Tyndale a ile a fetolela dikarolo tsa Bibele?
-
Ke hobaneng ha matsapa a hae a ho fetolela Bibele e le a babatsehang?
-
Dibibele tse ileng tsa fetolelwa ke Tyndale di ile tsa kena jwang England ka sekgukgu?
-
E mong le e mong wa rona a ka bontsha jwang hore o ananela Lentswe la Modimo?