Privacy Settings

To provide you with the best possible experience, we use cookies and similar technologies. Some cookies are necessary to make our website work and cannot be refused. You can accept or decline the use of additional cookies, which we use only to improve your experience. None of this data will ever be sold or used for marketing. To learn more, read the Global Policy on Use of Cookies and Similar Technologies. You can customize your settings at any time by going to Privacy Settings.

Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

EBA MAFOLOFOLO MOSEBETSING WA BOBOLEDI | EKETSA THABO YA HAO BOBOLEDING

Thusa Motho eo o Ithutang le Yena Hore a Ithute Leha a le Mong

Thusa Motho eo o Ithutang le Yena Hore a Ithute Leha a le Mong

E le hore batho bao re ithutang Bibele le bona ba be le tumelo e matla ba be ba rate Modimo, ha ba a lokela ho ithuta le rona feela. (Mat 5:3; Heb 5:12–6:2) Ba boetse ba lokela ho itlwaetsa ho ithuta Bibele le dingolwa tse ding ba le bang.

Ha o qala ho ithuta Bibele le motho mo bontshe hore na ho lokisetswa jwang mme o mo kgothalletse ho etsa jwalo. (mwb18.03 6) Mo kgothalletse hore a rapele pele a ithuta a le mong. Mo thuse ho sebedisa dithulusi tsa elektronike tseo re di sebedisang ho ithuta Bibele. Mo bontshe hore na a ka fumana jwang dintho tse ntjha ho jw.org le JW Broadcasting®. Mo thuse hore a bale Bibele ka mehla, a lokisetse diboka le hore a batle dikarabo tsa dipotso tseo a nang le tsona le ho nahanisisa ka seo a ithutang sona.

SHEBELLANG VIDEO YA THUSA MOTHO EO O ITHUTANG BIBELE LE YENA HORE A ITHUTE LEHA A LE MONG EBE LE ARABA DIPOTSO TSE LATELANG:

  • Karolo ya video ya “Thusa Motho eo o Ithutang Bibele le Yena Hore a Ithute Leha a le Mong.” Dipontsho o re o hopola dintho tse mo amang pelo ha a ithuta.

    Nteboheleng o ile a thusa Dipontsho jwang ho hlokomela hore ho ithuta Bibele ha ho akarelletse ho tseba dikarabo feela?

  • Karolo ya video ya “Thusa Motho eo o Ithutang Bibele le Yena Hore a Ithute Leha a le Mong.” Nteboheleng o thusa Dipontsho hore a fumane karabo ka hare ho Bibele.

    Ke eng e kgodisitseng Dipontsho hore ke molemong wa rona hore ebe Jehova o hanela boitshwaro bo bobe ba thobalano?

  • Karolo ya video ya “Thusa Motho eo o Ithutang Bibele le Yena Hore a Ithute Leha a le Mong.” Dipontsho o dutse pela mohlankana wa hae mme o nahanisisa ka temana ya Bibele.

    Ruta motho eo o ithutang Bibele le yena hore na ke jwang a ka ithutang dintho tsa bohlokwa le ho di sebedisa bophelong ba hae

    Dipontsho o ile a ithutang ka ho nahanisisa?