“Ke Tseba Diketso Tsa Hao”
-
“Dinaledi tse supileng”: Baholo ba tlotsitsweng ha mmoho le baholo bohle ba phutheho
-
“Ka letsohong la [Jesu] le letona”: Jesu o laola dinaledi, o na le matla hodima tsona ebile o a di tataisa. Haeba e mong sehlopheng sa baholo a hloka ho kgalemelwa, Jesu o tla tiisa hore sena se etsahala ka nako ya hae le ka tsela ya hae
-
“Didulwana tsa mabone tsa kgauta tse supileng”: Diphutheho tsa Bokreste. Feela jwalo ka ha didulwana tsa mabone tse tabernakeleng di ne di hlahisa lesedi, diphutheho tsa Bokreste di hlahisa lesedi la nnete le tswang ho Modimo. (Mat 5:14) Jesu o ‘tsamaya hara’ didulwana tsa mabone ka kutlwisiso ya hore o lebela mesebetsi yohle e etswang ka diphuthehong