Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | BAKOLOSE 1-4

Hlobolang Botho ba Kgale Mme le Ikapese bo Botjha

Hlobolang Botho ba Kgale Mme le Ikapese bo Botjha

3:5-14

Na o ile wa etsa diphetoho tse kgolo e le hore o fetole botho ba hao ha o fumana nnete? Kgodiseha hore Jehova o ile a thabela boiteko ba hao. (Eze 33:​11) Le ha ho le jwalo, ho hlokahala hore o tswele pele ho lwantsha mekgwa ya botho ba kgale le hore o nne o be le botho bo botjha. Araba dipotso tse latelang mme o bone moo o lokelang ho ntlafatsa teng:

  • Na ke ntse ke kwatetse motho ya nkgopisitseng?

  • Na ke bontsha mamello esita le ha ke potlakile kapa ke kgathetse?

  • Haeba ke na le monahano o ditshila, na ke potlakela ho o tlosa?

  • Na ke na le maikutlo a fosahetseng ka batho ba morabe o mong kapa ba naha e nngwe?

  • Na morao tjee ke ile ka buisa motho e mong hampe kapa ka mo halefela?