Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 20

PINA YA 7 Jehova ke Matla a Rona

Kgodiseha Hore Jehova o Tla o Tshedisa

Kgodiseha Hore Jehova o Tla o Tshedisa

‘Ho roriswe . . . Ntate ya mohau le ya bonolo haholo ya tshedisang batho maemong ohle.’2 BAKOR. 1:3.

NTLHAKGOLO

Dintho tseo re ithutang tsona tseleng eo Jehova a ileng a tshedisa Bajuda ba neng ba le botlamuweng.

1. Hlalosa boemo ba Bajuda ba neng ba le botlamuweng.

 A KO nahane hore na Bajuda ba ne ba ikutlwa jwang ha ba ne ba le botlamuweng Babilona. Ba bone ha motse wa bo bona o fediswa. Ba ile ba tloswa matlong a bona ba iswa sebakeng se seng ka lebaka la dibe tsa bona le tsa baholoholo ba bona. (2 Dikron. 36:​15, 16, 20, 21) Nnete ke hore batlamuwa ba neng ba le Babilona ba ne ba ena le bolokolohi ba ho phetha mabaka a bona a letsatsi le letsatsi. (Jer. 29:​4-7) Le ha ho le jwalo, bophelo bo ne bo le thata ebile e ne e se bophelo boo ba neng ba ka ikgethela bona. Ba ne ba ikutlwa jwang ka boemo ba bona? Utlwa hore na motlamuwa e mong ya tshepahalang o ile a reng: “Re ne re dutse dinokeng tsa Babilona, re lla ha re hopola Sione.” (Pes. 137:1) Bajuda bana ba nyahameng ba ne ba hloka ho kgothatswa, empa ke mang ya neng a tla ba kgothatsa?

2, 3. (a) Jehova o ile a etsetsa Bajuda ba neng ba le botlamuweng eng? (b) Re tlo bua ka eng sehloohong see?

2 Jehova ke ‘Modimo ya tshedisang batho maemong ohle.’ (2 Bakor. 1:3) Ka ha Modimo o lerato, o thabela ho tshedisa batho bohle ba atamelang haufi le yena. Jehova o ne a tseba hore batlamuwa ba bang ba ne ba tla mamela kgalemelo ya hae mme ba kgutlele ho yena. (Esa. 59:20) Ka hoo, Jehova o ile a budulela moprofeta Esaia ho ngola lengolo le rehelletsweng ka lebitso la hae, dilemo tse fetang 100 pele Bajuda ba iswa botlamuweng. Le ne le tla ba thusa jwang? Esaia o ile a re: “Modimo wa lona o re: ‘Tshedisang, tshedisang batho ba ka.’” (Esa. 40:1) Ka nnete Jehova o ile a fa Bajuda ba neng ba le botlamuweng matshediso ao ba neng ba tla a hloka ka lengolo la Esaia.

3 Jwalo ka Bajuda ba neng ba le botlamuweng, le rona ka dinako tse ding re hloka ho kgothatswa. Sehloohong sena, re tlo bua ka ditsela tse tharo tseo Jehova a ileng a tshedisa batlamuwa ka tsona: (1) O ile a tshepisa ho tshwarela ba bakileng, (2) o ile a fa batho ba hae tshepo (3) a ba a ba kgoba matshwafo. Ha re ntse re tshohla dintlha tsena, hlokomela ka moo re ka ruang molemo ka teng mantsweng a Jehova a kgothatsang.

JEHOVA O A RE TSHWARELA

4. Jehova o ile a bontsha jwang hore ke Modimo ya mohau? (Esaia 55:7)

4 Jehova “ke Ntate ya mohau le ya bonolo haholo.” (2 Bakor. 1:3) O ile a bontsha mohau ha a ne a tshepisa batlamuwa ba bakileng hore o tla ba tshwarela. (Bala Esaia 55:7.) O ile a re: “Ka ha lerato la ka ha le fele, ke tla o hauhela.” (Esa. 54:8) Jehova o ne a tla bontsha jwang hore o a ba hauhela? Le hoja Bajuda ba ne ba tla lokela ho kgola ditholwana tsa diketso tsa bona, Jehova o ile a ba tshepisa hore ba ke ke ba dula Babilona ka ho sa feleng. Ba ne ba tla dula botlamuweng ka nakwana e itseng. (Esa. 40:2) E tlameha ebe mantswe ana a ile a kgothatsa le ho kgodisa Bajuda ba neng ba bakile.

5. Ke hobaneng ha re ena le mabaka a fetang ao Bajuda ba neng ba le botlamuweng ba neng ba ena le ona a ho ananela mohau wa Jehova?

5 Re ithutang? Jehova o ikemiseditse ho tshwarela bahlanka ba hae ka pelo yohle. Mehleng ena re na le mabaka a fetang ao Bajuda ba neng ba le botlamuweng ba neng ba ena le ona a ho ananela taba ena. Ka tsela efe? Ka hore re utlwisisa hantle hore na Jehova o entseng e le hore re tshwarelwe dibe. Dilemo tse makgolo ka mora hore Esaia a profete, Jehova o ile a romela Mora wa hae eo a mo ratang lefatsheng hore a tlo fana ka bophelo ba hae e le tefo ya topollo bakeng sa baetsadibe bohle ba bakileng. Sehlabelo seo se entse hore Jehova a ‘hlakole’ dibe tsa rona ka ho felletseng. (Dik. 3:19; Esa. 1:18; Baef. 1:7) Ka nnete Modimo eo re mo sebeletsang o mohau!

6. Re ka rua molemo jwang haeba re nahana ka tsela eo Jehova a leng mohau ka yona? (Sheba setshwantsho.)

6 Haeba re dula re ikutlwa re le molato, mantswe a Jehova a hlahang ho Esaia 55:7 a ka re tshedisa. Ba bang ba rona re ka tswela pele re ikutlwa re le molato ka lebaka la phoso eo re e entseng kgale le hoja re ile ra e bakela. Re ka dula re ikutlwa jwalo haeba re ntse re kgola ditholwana tsa phoso eo. Le ha ho jwalo, haeba re boletse dibe tsa rona mme re tlohetse ho di etsa, re ka kgodiseha hore Jehova o re tshwaretse. Hape ha Jehova a re tshwarela, o kgetha hore a se ke a hlola a hopola dibe tsa rona. (Bapisa le Jeremia 31:34.) Ka hoo, haeba Jehova a sa dule a nahana ka dibe tsa rona tsa nako e fetileng, le rona ha re a lokela ho dula re nahana ka tsona. Ntho ya bohlokwa ho Jehova ke hore na re etsang hona jwale, eseng diphoso tseo re di entseng nakong e fetileng. (Ezek. 33:​14-16) Haufinyane, Ntate wa rona ya mohau le ya bonolo o tla etsa hore re se ke ra hlola re utlwa bohloko ka ho felletseng ka lebaka la ditlamorao tsa diphoso tsa rona.

Ntho ya bohlokwa ho Jehova ke hore na re etsang hona jwale, eseng diphoso tseo re di entseng nakong e fetileng (Sheba serapa sa 6)


7. Ke eng e ka re susumelletsang ho batla thuso haeba ho ena le sebe seo re se patileng?

7 Re lokela ho etsang haeba re tshwenngwa ke letswalo le molato ka lebaka la ho pata sebe se tebileng seo re se entseng? Bibele e re kgothalletsa ho kopa thuso ho baholo. (Jak. 5:​14, 15) Ke nnete hore ho ke ke ha eba bonolo ho ba bolella sebe seo re se entseng. Empa re tla susumelletseha ho bua le banna bana ba tshepahalang haeba re bakile re bile re hopola hore Jehova le banna bana bao a ba kgethileng hore ba re thuse ba tla re hauhela. Hlokomela ka moo mohau wa Jehova o ileng wa tshedisa Morabo rona Arthur, a ya neng a tshwenngwa ke letswalo la hae ka lebaka la sebe seo a se entseng. Morabo rona Arthur o re: “Ke ile ka shebella pornography ntho e ka etsang selemo kaofela. Empa ka mora hore ke mamele puo e neng e bua ka letswalo, ke ile ka bolella mosadi wa ka le baholo sebe sa ka. Ka mora moo, ke ile ka utlwa ho re etlo! Empa ke ne ke ntse ke ikutlwa ke le molato ka lebaka la ntho eo ke e entseng. Baholo ba ile ba nkgopotsa hore Jehova ha a ntahla. O re kgalemela hobane a re rata. Mantswe a bona a mosa a ile a nkama pelo mme a nkgodisa hore Jehova o ntshwaretse.” Hona jwale, Morabo rona Arthur ke pulamadiboho ya ka mehla hape ke mohlanka ya sebeletsang. Ho a re tshedisa ho tseba hore Jehova o a re hauhela haeba re bakile.

JEHOVA O RE FA TSHEPO

8. (a) Jehova o ile a fa batlamuwa tshepo efe? (b) Ho ya ka Esaia 40:​29-31, tshepo ee e ne e tla thusa Bajuda ba bakileng jwang?

8 Ho ya ka pono ya motho, Bajuda ba neng ba le botlamuweng ba ne ba sena tshepo ya ho kgutlela naheng ya habo bona. Mmuso wa Babilona o ne o tumme ka ho hana ho lokolla batlamuwa ba wona. (Esa. 14:17) Le ha ho le jwalo, Jehova o ile a fa batho ba hae tshepo. O ile a ba tshepisa hore o tla ba lokolla mme ho ne ho se na letho le ka mo thibelang. (Esa. 44:26; 55:12) Mahlong a Jehova, Babilona e ne e le jwalo ka lerolenyana leo e reng ha o le butswela hanyenyane feela ebe le ile. (Esa. 40:15) Tshepo ee e ne e tla thusa batlamuwa jwang? E ne e tla ba tshedisa. Empa e ne e sa tlo fella moo. Esaia o ile a re: “Ba tshepileng Jehova ba tla fumana matla hape.” (Bala Esaia 40:​29-31.) Ka nnete tshepo ena e ne e tla ba tsosa molota, mme ‘ba fofele hodimo ka mapheo a kang a ntsu.’

9. Ke eng e neng e tla fa batlamuwa lebaka la hore ba tshepe ditshepiso tsa Jehova?

9 Jehova o ile a boela a fa batlamuwa lebaka la hore ba tshepe ditshepiso tsa hae. O ile a etsa seo jwang? Nahana ka boprofeta boo ba neng ba tseba hantle hore bo se bo phethahetse. Ba ne ba tseba hore Asiria e ile ya hapa mmuso o ka leboya wa Iseraele mme ya isa batho botlamuweng. (Esa. 8:4) Ba bone ha Bababilona ba fedisa Jerusalema ba bile ba isa baahi ba yona botlamuweng. (Esa. 39:​5-7) Ba ne ba tseba hore Morena Tsedekia o ile a foufatswa yaba o iswa Babilona. (Jer. 39:7; Ezek. 12:​12, 13) Ntho e nngwe le e nngwe eo Jehova a neng a e boletse esale pele e ile ya phethahala. (Esa. 42:9; 46:10) Dintho tsena kaofela di ile tsa matlafatsa tumelo ya bona ya hore Jehova o tla phethahatsa tshepiso ya hae ya hore o tla ba lokolla botlamuweng.

10. Ke eng e ka re thusang hore re dule re ena le tshepo mehleng ena ya bofelo?

10 Re ithutang? Ha re ikutlwa re nyahame, tshepo eo re nang le yona e ka re tshedisa ya ba ya re matlafatsa. Re phela dinakong tse thata mme dira tse matla tsa Modimo di a re hanyetsa. Le ha ho le jwalo, ha re a lokela ho nyahama. Jehova o re file tshepo e babatsehang ya ho phela ka ho sa feleng lefatsheng le nang le kgotso le le sireletsehileng. Tshepo ya rona e lokela ho dula e kganya ka dikelellong le dipelong tsa rona. Ho seng jwalo, e tla ba lerootho, ho tshwane le ha eka re shebile serapa se setle ka fensetere e ditshila ebe ha re se bone hantle. Re ka “hlwekisa fensetere” eo jwang, e leng ho boloka tshepo ya rona e tiile? Ka ho dula re ipha nako ya ho nahana ka hore na bophelo bo tla ba monate hakae lefatsheng le letjha. Re ka bala dihlooho, ra shebella divideo le ho mamela dipina tse buang ka tshepo eo re nang le yona. Re ka boela ra bua le Jehova ka thapelo, ra mo bolella ditshepiso tseo re labalabelang ho bona di phethahala lefatsheng le letjha.

11. Ke eng e thusang moradi wa bo rona ya nang le malwetse a sa foleng hore a fumane matla hape?

11 Nahana ka moo tshepo e ileng ya tshedisa le ho matlafatsa Moradi wa bo rona Joy, ya nang le malwetse a sa foleng. O re: “Ha ke utlwa ke imetswe ke mathata, ke tshollela pelo ya ka ho Jehova, ke tseba hore o a nkutlwisisa. Ka nako eo, Jehova o mpha ‘matla a sa tlwaelehang.’” (2 Bakor. 4:7) Moradi wa bo rona Joy o boetse o ipona a le lefatsheng le letjha, moo ho tla be ho se na “moahi ya tla re: ‘Ke a kula.’” (Esa. 33:24) Le rona haeba re tshollela dipelo tsa rona ho Jehova re bile re nahana ka tshepo eo re nang le yona, re tla fumana matla hape.

12. Re na le mabaka afe a ho tshepa ditshepiso tsa Jehova? (Sheba setshwantsho.)

12 Le rona Jehova o re file mabaka a mangata a hore re tshepe ditshepiso tsa hae jwalo ka ha a ile a etsa ho Bajuda ba neng ba le botlamuweng. Nahana ka boprofeta boo re bo bonang bo phethahala. Ka mohlala, re bona Mmuso wa Lefatshe wa Manyesemane le Maamerika o “dikarolo tse matla le tse fokolang.” (Dan. 2:​42, 43) Re boetse re utlwa ka “ditshisinyeho tsa lefatshe sebakeng se seng ka mora se seng,” hape re bolela ditaba tse monate ‘ditjhabeng tsohle.’ (Mat. 24:​7, 14) Ha re bona boprofeta bona bo phethahala, seo se re kgodisa hore dintho tsohle tse molemo tseo Jehova a di tshepisitseng le tsona di tla phethahala.

Boprofeta boo re bonang bo phethahala mehleng ena bo re fa mabaka a hore re tshepe ditshepiso tsa Jehova (Sheba serapa sa 12)


JEHOVA O RE KGOBA MATSHWAFO

13. (a) Ke mathata afe ao Bajuda ba neng ba tla tobana le ona nakong eo ba lokollwang? (b) Jwalo ka ha ho hlalositswe ho Esaia 41:​10-13, Jehova o ile a tshedisa Bajuda ba neng ba le botlamuweng jwang?

13 Le hoja Jehova a ile a kgothatsa Bajuda ba botlamuweng ka tshepo e babatsehang, o ne a tseba hore ba tla kopana le mathata ha ba lokollwa. Jehova o ile a bolela esale pele hore ha Bajuda ba botlamuweng ba le haufi le ho lokollwa, morena ya matla o ne a tla hapa dinaha tse potolohileng Babilona a be a hlasele Babilona ka boyona. (Esa. 41:​2-5) Na Bajuda ba ne ba lokela ho tshwenyeha? Jehova o ile a tshedisa batho ba hae esale pele, a re: ‘Le se ke la tshoha ka ha ke na le lona. Le se ke la tshwenyeha hobane ke nna Modimo wa lona.’ (Bala Esaia 41:​10-13.) Jehova o ne a bolelang ha a re ‘Ke nna Modimo wa lona’? O ne a sa hopotse Bajuda hore ba lokela ho mo rapela, hobane ba ne ba tseba hantle hore ba lokela ho etsa seo. Ho ena le hoo, o ne a ba hopotsa hore o ntse a le ka lehlakoreng la bona.Pes. 118:6.

14. Jehova o ile a boela a kgoba matshwafo a Bajuda ba botlamuweng jwang?

14 Jehova o ile a boela a kgoba Bajuda matshwafo ka ho ba hopotsa ka moo a nang le tsebo le matla a sa lekanyetswang ka teng. O ile a re ba shebe dinaledi tse lehodimong. O ile a ba bolella hore o bopile dinaledi tseo ebile o tseba mabitso a tsona kaofela. (Esa. 40:​25-28) Haeba Jehova o tseba naledi e nngwe le e nngwe ka lebitso, ho hlakile hore o tseba lebitso la mohlanka e mong le e mong wa hae. Hape haeba Jehova o na le matla a ho bopa dinaledi, ho hlakile hore o na le matla a ho thusa batho ba hae. Ka nnete Bajuda ba botlamuweng ba ne ba se na lebaka la ho tshoha kapa hona ho tshwenyeha.

15. Modimo o ile a re Bajuda ba botlamuweng ba etse eng ha nako ya hore ba lokollwe e fihla?

15 Jehova o ile a boela a bolella batho ba hae hore na ba lokela ho etsang ha nako ya hore ba lokollwe e fihla. Karolong e qalang ya lengolo la Esaia, Modimo o ile a re ho setjhaba sa hae: “Kena dikamoreng tsa hao tse ka hare, o kwale mamati. Ipate ka nakwana ho fihlela kgalefo e fetile.” (Esa. 26:20) Ho ka etsahala hore boprofeta bona bo ile ba phethahala ka lekgetlo la pele ha Morena Saeruse a ne a hapa Babilona. Rahistori e mong wa kgale wa Mogerike o re ha Saeruse a kena Babilona, o ile a “laela [masole a hae] hore a bolaye motho e mong le e mong eo a neng a tla mo fumana ka ntle.” O ka inahanela feela hore na baahi ba Babilona ba ne ba tshohile hakae. Empa ho ka etsahala hore ebe Bajuda ba neng ba le botlamuweng ba ile ba bolokeha hobane ba ile ba mamela ditaelo tsa Jehova.

16. Ke hobaneng ha re sa lokela ho tshwenyeha ka ho fetelletseng ka hore na ho tla etsahalang nakong ya mahlomola a maholo? (Sheba setshwantsho.)

16 Re ithutang? Haufinyane re tlo tobana le mahlomola a maholo a eso ka a eba teng lefatsheng. Ha a qala, batho ka kakaretso ba tla ferekana ba be ba tshohe. Empa eseng batho ba Jehova. Re a tseba hore Jehova ke Modimo wa rona. Re tla ema tswee! re tseba hore re “haufi le ho lopollwa.” (Luka 21:28) Le ha ditjhaba tse ikopantseng di re hlasela, re tla ema re tiile. Jehova o tla sebedisa mangeloi ho re sireletsa a be a re fe ditaelo tse tla boloka bophelo ba rona. O tla re fa ditaelo tseo jwang? Re tla boka ha di oroha. Le ha ho le jwalo, ho ka etsahala hore re tla fumana ditaelo tseo ho tswa diphuthehong tsa habo rona. Mohlomong e tla ba tsona ‘dikamore tsa rona tse ka hare,’ moo re tla sireletseha teng. Re ka itokisa jwang? Ka hore re be metswalle e haufi le Bakrestemmoho le rona, re ikemisetse ho mamela tataiso e tswang mokgatlong wa Jehova re be re kgodisehe hore Jehova ke yena ya etellang mokgatlo wa rona pele.—Baheb. 10:​24, 25; 13:17.

Re a tseba hore Jehova o na le matla le bokgoni ba ho re pholosa, ka hoo ha re a lokela ho tshwenyeha ka ho fetelletseng ka hore na ho tla etsahalang ka rona nakong ya mahlomola a maholo (Sheba serapa sa 16) b


17. O ka etsang e le hore o tswele pele o kgodisehile hore Jehova o tla o tshedisa?

17 Le hoja bophelo bo ne bo le thata bakeng sa Bajuda ba neng ba le botlamuweng Babilona, Jehova o ile a ba fa matshediso ao ba neng ba tla a hloka. O tla etsa se tshwanang le ho rona. Ho sa tsotellehe hore na ho tla etsahalang bophelong ba hao, tswela pele o kgodisehile hore Jehova o tla o tshedisa. Eba le tumelo ya hore Jehova o tshwarela bahlanka ba hae ba tshepahalang ebile o a o tsotella. Etsa hore tshepo ya hao e dule e le matla. Dula o hopola hore ka ha Jehova ke Modimo wa hao, ha ho na letho leo o lokelang ho le tshoha.

PINA YA 3 Matla, Tshepo le Kgodiseho ya Rona

a Mabitso a mang a fetotswe.

b TLHALOSO YA SETSHWANTSHO: Sehlopha se senyenyane sa bara le baradi ba bo rona se bokane ha mmoho. Ba kgodisehile hore Jehova o na le matla le bokgoni ba ho sireletsa batho ba hae ho sa tsotellehe hore na ba hokae lefatsheng.