SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 18
Na o Tla Kgoptjwa ka Lebaka la Jesu?
“Ho thaba ya sa fumaneng sesosa sa ho kgoptjwa ho nna.”—MAT. 11:6.
PINA YA 54 “Tsela ke Yona Ena”
SEO RE TLO ITHUTA SONA *
1. E ka nna yaba ho ile ha etsahalang ha o ne o qala ho bolella batho molaetsa wa Bibele?
NA O sa hopola lekgetlo la pele leo ka lona o neng o qala ho ithuta Bibele? Molaetsa wa Bibele oo o ileng wa ithuta wona o ile wa o hlakela haholo feela. O ne o nahana hore batho ba tla thabela molaetsa ona oo o sa tswa ithuta wona. O ne o kgodisehile hore molaetsa wa Bibele o tla ba thusa hore ba phele bophelo bo nang le morero hona jwale le hore ba be le tshepo bakeng sa ka moso. (Pes. 119:105) Ka hoo, o ile wa bolella metswalle ya hao le beng ka wena molaetsa oo o ithutileng wona wa Bibele. Empa ho ile ha etsahalang? O ile wa makala ha o bona ba bangata ba sa amohele molaetsa wa hao.
2, 3. Batho ba mehleng ya Jesu ba ne ba ikutlwa jwang ka yena?
2 Ha re a lokela ho makala ha batho ba sa mamele molaetsa wa Bibele oo re ba bolellang wona. Mehleng ya Jesu, batho ba bangata ba ne ba mo hanyetsa le hoja a ne a etsa mehlolo e neng e paka hore Modimo o na le yena. Ka mohlala, Jesu o ile a tsosa Lazaro, e leng mohlolo oo le bahanyetsi ba hae ba neng ba ke ke ba o latola. Ho ntse ho le jwalo, baetapele ba Bajuda ha ba a ka ba amohela hore Jesu ke Mesia. Ba ne ba boetse ba batla ho bolaya Jesu le Lazaro.—Joh. 11:47, 48, 53; 12:9-11.
3 Jesu o ne a tseba hore batho ba bangata ba ne ba tla hana ho dumela hore ke Mesia. (Joh. 5:39-44) O ile a re ho sehlopha sa barutuwa ba Johanne Mokolobetsi: “Ho thaba ya sa fumaneng sesosa sa ho kgoptjwa ho nna.” (Mat. 11:2, 3, 6) Ke hobaneng ha batho ba bangata ba ne ba sa amohele Jesu?
4. Re tlo bua ka eng sehloohong see?
4 Sehloohong sena le se latelang re tlo bua ka mabaka a mmalwa a hore na ke hobaneng ha batho ba bangata ba mehleng ya Jesu ba sa ka ba dumela ho yena. Re tla boela re bone hore na ke
hobaneng ha batho ba bangata mehleng ena ba sa rate molaetsa wa rona. Ka hodimo ho tsohle, re tla ithuta hore na re ka ba le tumelo e matla jwang ho Jesu e le hore re se ke ra kgaotsa ho ba balatedi ba hae.(1) MOO JESU A HOLETSENG TENG
5. Ke hobaneng ha batho ba bang ba ile ba etsa qeto ya hore Jesu ha se Mesia ya tshepisitsweng?
5 Batho ba bangata ba ile ba hana ho mamela Jesu ka lebaka la moo a holetseng teng. Ba ile ba dumela hore Jesu ke mosuwe ya hlwahlwa le hore o ne a etsa mehlolo. Empa ba ne ba mo nka e le mora wa mofutsana wa mmetli wa mapolanka. Hape o ne a tswa Nazaretha motseng oo batho ba bangata ba neng ba sa o nkele hloohong hakaalo. Ka lekgetlo le leng esita le Nathanaele eo e ileng ya eba morutuwa wa Jesu o ile a re: “Na ho na le ntho e molemo le ha e le efe e ka tswang Nazaretha?” (Joh. 1:46) Ho ka etsahala hore ebe Nathanaele o ne a sa rate motse oo Jesu a neng a holetse ho wona. Kapa mohlomong o ne a nahanne ka boprofeta ba Mikea 5:2, bo ileng ba bolela hore Mesia o ne a tla hlahela Bethlehema eseng Nazaretha.
6. Batho ba mehleng ya Jesu ba ka be ba ile ba thuswa ke eng hore ba kgone ho tseba hore Jesu ke Mesia?
6 Mangolo a reng? Moprofeta Esaia o ile a bolela esale pele hore dira tsa Jesu di ne di ke ke tsa “nahanisisa ka dintlha tse qaqileng tsa moloko wa [Mesia].” (Esa. 53:8) Ditaba tse ngata tse amanang le Mesia di ne di profetilwe. Hoja batho bao ba ile ba ipha nako ya ho hlahloba dintlha tsohle, ba ka be ba ile ba bona hore Jesu o hlahetse Bethlehema le hore e ne e le setloholo sa Morena Davida. (Luka 2:4-7) Ka hoo, sebaka seo Jesu a hlahetseng ho sona se ne se dumellana le boprofeta bo ho Mikea 5:2. Jwale bothata bo ne bo le hokae? Batho ba ne ba potlakela ho etsa diqeto. Ba ne ba sa tsebe dintlha tsohle. Ka lebaka leo ba ile ba hana ho amohela Jesu.
7. Ke hobaneng ha batho ba bangata mehleng ee ba sa batle Dipaki Tsa Jehova?
7 Ho jwang mehleng ee? Ho ntse ho tshwana. Bahlanka ba bangata ba Jehova ke batho ba sa ruang kapa ba seng bohlokwa hakaalo. Ka hoo, batho ba bangata ba ba nka “e le batho ba sa rutehang le ba tlwaelehileng.” (Lik. 4:13) Batho ba bang ba dumela hore bahlanka ba Modimo ba ke ke ba ruta batho Bibele hobane ha ba a ya dikolong tse tummeng tsa baruti. Ha ba bang bona ba dumela hore Dipaki Tsa Jehova ke “bodumedi ba America.” Le hoja ho bua nnete, Dipaki tse ngata di sa dule naheng eo. Athe batho ba bang bona ba bolelletswe hore Dipaki ha di dumele ho Jesu. Ka dilemo tse ngata batho ba ne ba bitsa bahlanka ba Jehova “dimpimpi tsa America” le “batho ba kotsi setjhabeng.” Ka ha batho ba bolellwang dipale tsena ha ba tsebe dintlha tse nepahetseng ka rona kapa ho di dumela ha ba amohele molaetsa wa rona.
8. Ho ya ka Liketso 17:11, batho ba lokela ho etsang e le hore ba ka tseba hore na bahlanka ba Jehova ke bomang mehleng ee?
8 Batho ba ka etsang hore ba se ke ba kgoptjwa? Ba lokela ho hlahloba dintlha tsohle. Luka e leng mongodi e mong wa Kosepele o ne a ikemiseditse ho etsa jwalo. O ne a ikemiseditse ho sala “dintho tsohle morao ho tloha qalong ka ho nepahala.” O ne a batla hore babadi ba hae ba ‘tsebe ka botlalo bonnete ba dintho tseo’ ba di utlwileng ka Jesu. (Luka 1:1-4) Bajuda ba neng ba dula Berea ya boholoholo ba ne ba tshwana le Luka. Ha ba ne ba qala ho utlwa ditaba tse monate ka Jesu, ba ile ba hlahloba Mangolo a Seheberu ho tiisa hore ditaba tseo ke nnete. (Bala Liketso 17:11.) Ka tsela e tshwanang, kajeno batho ba lokela ho hlahloba dintlha tsohle. Ba tlameha ho bapisa dintho tseo bahlanka ba Modimo ba ba rutang tsona le tseo Mangolo a di buang. Ba boetse ba lokela ho ithuta ka dintho tseo bahlanka ba Jehova ba di entseng mehleng ena. Haeba ba etsa “dipatlisiso” hantle, ba ke ke ba dumella lehloyo kapa ditaba tsa bo mabarebare di ba kgelose.
(2) JESU O ILE A HANA HO ETSA MEHLOLO HO TIISA HORE KE MESIA
9. Ho ile ha etsahalang ha Jesu a hana ho fana ka pontsho e tswang lehodimong?
9 Mehleng ya Jesu, batho ba bang ba ne ba sa kgotsofalle hore a ba rute feela empa ba ne ba ne ba batla ho fetang hoo. Ba ne ba batla hore a fane ka bopaki ba hore ke Mesia ka hore a etse “pontsho e tswang lehodimong.” (Mat. 16:1) Mohlomong ba ne ba tjho jwalo hobane ba ne ba sa utlwisise Lengolo la Daniele 7:13, 14. Empa eo e ne e eso be nako ya Jehova ya hore a phethahatse boprofeta boo. Dintho tseo Jesu a neng a ba ruta tsona di ne di lekane ho ba kgodisa hore ha e le hantle ke Mesia. Empa ha a hana ho ba fa pontsho eo ba neng ba e batla, ba ile ba mo hanyetsa.—Mat. 16:4.
10. Jesu o ile a phethahatsa boprofeta ba Esaia jwang?
10 Mangolo a reng? Ha moprofeta Esaia a ne a bua ka Mesia, o ile a re: “A ke ke a hweletsa kapa a phahamisa lentswe mme a ke ke a etsa hore lentswe la hae le utluwe seterateng.” (Esa. 42:1, 2) Jesu o ne a etsa mosebetsi wa hae ka boikokobetso le ka tsela e sa bitseng mahlo a batho. Ha a ka a haha ditempele tse hapang mahlo, ha a ka a apara diaparo tsa bodumedi tse mo kgethollang kapa hona hore a batle hore a bitswe ka ditlotla tse nkuwang di le bohlokwa bodumeding. Ha Jesu a tlo ahlolelwa lefu, o ile a hana ho kgahlisa Morena Heroda ka ho mo etsetsa mohlolo. (Luka 23:8-11) Ke nnete hore ho na le mehlolo eo Jesu a ileng a e etsa empa mosebetsi wa hae o ka sehloohong e ne e le ho bolela molaetsa wa Mmuso. O ile a re ho barutuwa ba hae: “Ke tswile ka morero ona.”—Mar. 1:38.
11. Batho ba na le maikutlo afe a fosahetseng mehleng ee?
11 Ho jwang mehleng ee? Ho ntse ho tshwana. Mehleng ena, batho ba bangata ba kgahlwa ke mehaho ya dikereke e majabajaba, ditlotla tsa baruti ba bona le mekete ya dikereke eo boholo ba yona e seng ya Bokreste kapa ho seng ho sa hopolwe hore na e thehilwe hokae. Empa batho ba yang ditshebeletsong tsena tsa dikereke
ha ho na letho leo ba ithutang lona ka Modimo le merero ya hae. Empa batho ba yang dibokeng tsa rona tsa Bokreste, ba ithuta hore na Jehova o hloka eng ho rona le hore na ba ka etsang e le hore ba phele tumellanong le thato ya hae. Diholo tsa rona tsa Mmuso di makgethe ebile ha di ya kgabiswa ka tsela e turu. Batho ba etellang pele ha ba apare diaparo tse ba kgethollang kapa hona ho ba le ditlotla tsa bohlokwahadi. Lentswe la Modimo ke lona mohlodi wa dithuto tsa rona le dintho tseo re di dumelang. Ho ntse ho le jwalo, batho ba bangata mehleng ena ha ba rate ho re mamela hobane ba nahana hore re etsa dintho ka tsela e bodutu le hore dintho tseo re di rutang ha di dumellane le tseo ba batlang ho di utlwa.12. Jwalo ka ha Baheberu 11:1, 6 e bontsha, tumelo ya rona e lokela ho thehwa ho eng?
12 Re ka etsang hore re se ke ra kgoptjwa? Moapostola Pauluse o ile a re ho Bakreste ba Roma: “Tumelo e latela ntho e utlwilweng. Ntho e utlwilweng le yona e teng ka lentswe le mabapi le Kreste.” (Bar. 10:17) Ka hoo, re ba le tumelo ka ho ithuta Mangolo e seng ka ho ba teng ditshebeletsong tsa bodumedi tse sa dumellaneng le Mangolo ho sa tsotellehe hore na di bonahala di le monate hakae. Re lokela ho ba le tumelo e matla e thehilweng tsebong e nepahetseng hobane ‘kantle ho tumelo ho ke ke ha kgoneha ho kgahlisa Modimo.’ (Bala Baheberu 11:1, 6.) Ka hoo, ha re hloke hore ho be le mohlolo o ikgethang o tswang lehodimong o tla paka hore re tseleng e nepahetseng. Re lokela ho hlahloba ka hloko dithuto tsa Bibele e le hore re se ke ra ba le dipelaelo le hore tumelo ya rona e be matla.
(3) JESU O NE A SA ETSE MEETLO E MENGATA YA BAJUDA
13. Ke eng e ileng ya etsa hore batho ba bangata ba se ke ba rata Jesu?
13 Mehleng ya Jesu, barutuwa ba Johanne Mokolobetsi ba ile ba makalla barutuwa ba Jesu ha ba ne ba sa itime dijo. Jesu o ile a hlalosa hore ho ne ho se na lebaka la hore ba itime dijo ha a ntse a phela. (Mat. 9:14-17) Ho ntse ho le jwalo, Bafarisi le bahanyetsi ba Jesu ba ne ba mo hloile hobane o ne a sa etse meetlo le ditlwaelo tsa bona. Ba ile ba halefa ha a ne a fodisa batho ka Sabatha. (Mar. 3:1-6; Joh. 9:16) Ka lehlakoreng le leng, ba ne ba ikotla sefuba ka hore ba hlompha molao wa Sabatha empa ka lehlakoreng le leng ba ne ba bona ho se na bothata ha ba etsetsa kgwebo ka tempeleng. Ba ile ba tuka ke bohale ha Jesu a ba kgalemela ka matla mabapi le ntho eo. (Mat. 21:12, 13, 15) Athe batho bao Jesu a ileng a ba ruta ha a ne a le ka synagogeng Nazaretha, ba ile ba kwata hona hoo ha Jesu a sebedisa mehlala ya Baiseraele ho ba bontsha ka moo ba neng ba ikgohomosa ebile ba se na tumelo ka teng. (Luka 4:16, 25-30) Tsela eo Jesu a ileng a etsa dintho ka yona eo batho ba neng ba sa e lebella, e ile ya etsa hore ba bangata ba se ke ba mo rata.—Mat. 11:16-19.
14. Ke hobaneng ha Jesu a ne a nyatsa meetlo ya batho e sa dumellaneng le Mangolo?
14 Mangolo a reng? A sebedisa moprofeta Esaia, Jehova o ile a re: “Batho bana ba atametse ka melomo ya bona mme ba ntlotlisitse ka melomo ya bona feela mme ba suthiseditse dipelo tsa bona hole le nna mme tshabo ya bona ho nna e fetohile taelo ya batho e rutwang.” (Esa. 29:13) Jesu o ne a etsa hantle ha a ne a nyatsa meetlo ya batho e sa dumellaneng le Mangolo. Batho ba neng ba nka melao ya batho le ditlwaelo tsa bona e le tsa bohlokwa ho feta Mangolo, ba ile ba latola Jehova le eo a mo rommeng e le Mesia.
15. Ke hobaneng ha batho ba bangata ba sa rate Dipaki Tsa Jehova?
15 Ho jwang mehleng ee? Ho ntse ho tshwana. Batho ba bangata ba a kwata ha Dipaki Tsa Jehova di sa keteke mekete e sa thehwang Mangolong e kang matsatsi a tswalo le Keresemese. Ba bang bona ba halefiswa ke hore Dipaki Tsa Jehova ha di be meketeng ya setjhaba kapa hona ho etsa meetlo e etswang ha ho na le lefu eo e leng hore ha e dumellane le Lentswe la Modimo. Batho ba utlwiswang bohloko ke mabaka ao, ba ka nna ba dumela hore ba rapela Modimo ka tsela e loketseng. Empa ba ke ke ba kgahlisa Modimo haeba ba rata meetlo ya batho ho feta dithuto tse hlakileng tse tswang ka Bibeleng.—Mar. 7:7-9.
16. Pesaleme ya 119:97, 113, 163-165 e re re lokela ho etsang, hape re qobe eng?
16 Re ka etsang hore re se ke ra kgoptjwa? Re lokela ho rata melao le melaomotheo ya Jehova ka dipelo tsohle tsa rona. (Bala Pesaleme ya 119:97, 113, 163-165.) Ha re rata Jehova, re ke ke ra latela meetlo yohle e sa mo kgahliseng. Re ke ke ra dumella ntho le ha e le efe hore e be bohlokwa haholo ho rona ho feta lerato la rona ho Jehova.
(4) JESU HA A KA A FETOLA MMUSO
17. Mehleng ya Jesu, batho ba bangata ba ne ba lebelletse hore Mesia a etseng?
17 Batho ba bang mehleng ya Jesu ba ne ba batla hore ho be le diphetoho tsa hanghang dipolotiking. Ba ne ba batla hore Mesia a ba lokolle pusong e hatellang ya Roma. Empa Jesu o ile a hana ha ba ne ba batla ho mo etsa morena. (Joh. 6:14, 15) Athe ba bang ho akarelletsa le baprista, ba ne ba tshwenyehile ka hore Jesu o tla tlisa diphetoho dipolotiking mme a halefise Baroma ba neng ba file baetapele bao ba bodumedi matla a itseng pusong. Mathata ao a dipolotiki a ile a etsa hore Bajuda ba bangata ba hanyetse Jesu.
18. Ke boprofeta bofe ba Bibele bo buang ka Mesia boo batho ba ileng ba iphapanyetsa bona?
18 Mangolo a reng? Le hoja boprofeta bo ile ba bolela hore Mesia o ne a tla fana ka tharollo mathateng a batho, bo bong bo ile ba bontsha hore o ne a tla lokela ho shwa pele bakeng sa dibe tsa rona. (Esa. 53:9, 12) Jwale, ke hobaneng ha batho ba ne ba lebelletse dintho tse fosahetseng ka Mesia? Ba bangata mehleng ya Jesu ba ne ba sa rate boprofeta bo neng bo sa fane ka tharollo ya mathata a bona ka nako eo.—Joh. 6:26, 27.
19. Ke maikutlo afe a fosahetseng a entseng hore batho ba bangata ba se ke ba rata molaetsa wa rona mehleng ee?
1 Sam. 8:4-7) Batho ba ka boela ba bona ho loketse hore re hahe dikolo le dipetlele le ho thusa setjhaba. Ba kwatiswa ke hore re qeta nako le matla a rona re ruta batho ka Bibele ho ena le ho leka ho rarolla mathata a lefatshe lena.
19 Ho jwang mehleng ee? Ho ntse ho tshwana. Batho ba bangata mehleng ena, ba kgopiswa ke taba ya hore ha re kenelle ditabeng tsa dipolotiki. Ba lebelletse hore le rona re kgethe dikgethong. Empa re a tseba hore ho ya ka Jehova haeba re kgetha ho buswa ke batho, re tla be re mo hlanohela. (20. Jwalo ka ha mantswe a Jesu a hlahang ho Matheu 7:21-23 a bontsha, morero wa rona o ka sehloohong e lokela ho ba ofe?
20 Re ka etsang hore re se ke ra kgoptjwa? (Bala Matheu 7:21-23.) Morero wa rona o ka sehloohong e lokela ho ba ho etsa mosebetsi oo Jesu a re laetseng hore re o etse. (Mat. 28:19, 20) Ha re a lokela ho ferekanngwa ke dipolotiki le ho batla ho rarolla mathata a lefatshe lena. Re rata batho ebile re ameha ka mathata a bona empa re a tseba hore tsela e molemo ka ho fetisisa ya ho thusa baahelani ba rona, ke ka ho ba ruta ka Mmuso wa Modimo le ho ba thusa hore ba be le setswalle se haufi le Jehova.
21. Re lokela ho ikemisetsa ho etsang?
21 Sehloohong sena, re buile ka dintho tse nne tse ileng tsa etsa hore batho ba hanyetse Jesu mme tsa boela tsa etsa hore batho ba hanyetse balatedi ba hae mehleng ena. Empa na aa ke ona feela mathata ao re lokelang ho a qoba? Tjhe. Sehloohong se latelang re tla bua ka mathata a mang a mane. E se eka re ka ikemisetsa hore re se ke ra kgoptjwa mme re boloke tumelo ya rona e le matla.
PINA YA 56 Phelela Nnete
^ par. 5 Le hoja Jesu e kile ya eba Mosuwe e Moholo ka ho fetisisa lefatsheng, batho ba bangata ba ne ba kgopiswa ke dithuto tsa hae. Ebe ke hobaneng? Re tlo bua ka mabaka a mane sehloohong sena. Re tla boela re bone hore na ke hobaneng ha batho ba bangata mehleng ena ba hanyetsa balatedi ba nnete ba Jesu ka lebaka la dintho tseo ba di etsang le tseo ba di buang. Taba ya bohlokwa le ho feta ke hore re tlo bona hore na ke hobaneng ha re lokela ho ba le tumelo e matla ho Jesu, e le hore re se ke ra kgoptjwa ka lebaka la hae.
^ par. 60 DITSHWANTSHO DI A HLALOSWA: Filipi o kgothalletsa Nathanaele hore a kopane le Jesu.
^ par. 62 DITSHWANTSHO DI A HLALOSWA: Jesu o bolela ka Mmuso wa Modimo.
^ par. 64 DITSHWANTSHO DI A HLALOSWA: Jesu o fodisa monna ya holofetseng letsoho mme bahanyetsi ba hae ba mo shebile.
^ par. 66 DITSHWANTSHO DI A HLALOSWA: Jesu o ya thabeng a le mong feela.