SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 24
PINA YA 98 Mangolo a Buduletswe ke Modimo
Dintho Tseo re Ithutang Tsona Boprofeteng ba Jakobo—Karolo ya Pele
“Bokanang e le hore ke le bolelle se tla le etsahalla karolong e qetellang ya matsatsi.”—GEN. 49:1, Nal.
NTLHAKGOLO
Dintho tseo re ka ithutang tsona boprofeteng boo Jakobo a ileng a bo bua ha a le makgatheng a lefu mabapi le Rubene, Simeone, Levi le Juda.
1, 2. Jakobo o ile a etsang ha a le dintshing tsa lefu, hona hobaneng? (Sheba setshwantsho se.)
HO SE ho fetile dilemo tse ka bang 17 mohlanka ya tshepahalang wa Jehova e leng Jakobo a tlohile Kanana ho ya Egepeta le lelapa la hae. (Gen. 47:28) Nakong eo, o ile a thaba haholo ha a boelana le mora wa hae eo a mo ratang Josefa mme qetellong a bona lelapa la hae le le ha mmoho hape. Empa hona jwale Jakobo o nkgella lefu la hae. Ka hoo, o bitsa lelapa la hae hore le ilo ba le seboka sa bohlokwa.—Gen. 49:28.
2 Mehleng eo, ho ne ho tlwaelehile hore hlooho ya lelapa e dintshing tsa lefu e bitse ditho tsa lelapa la yona e le hore e ka fana ka ditaelo tsa ho qetela pele e shwa. (Esa. 38:1) Sebokeng seo, e ka nna ya bolela hore na ke mang ya tla nka marapo e le hore e be hlooho ya lelapa ka mora hore a shwe.
Jakobo o makgatheng a lefu betheng ya hae, o bolella bara ba hae ba 12 boprofeta (Sheba serapa sa 1 le 2)
3. Ho ya ka Genese 49:1, 2, ke hobaneng ha mantswe ao Jakobo a ileng a a bua e le a bohlokwa haholo?
3 Bala Genese 49:1, 2. Empa sena e ne e se seboka feela se tlwaelehileng sa lelapa. Jakobo e ne e le moprofeta. Nakong ya seboka sena, Jehova o ile a budulela mohlanka wa hae hore a bue dintho tsa bohlokwa tse neng di tla etsahala nakong e tlang tse neng di tla ama haholoholo ditloholo tsa hae. Ka hoo, mantswe ao Jakobo a ileng a a bua ho bara ba hae e ne e le boprofeta.
4. Re lokela ho hopola eng ha re ntse re hlahloba boprofeta boo Jakobo a ileng a bo bua ha a le makgatheng a lefu? (Sheba lebokose le reng “Lelapa la Jakobo.”)
4 Sehloohong sena, re tlo hlahloba hore na Jakobo o ile a reng ho bara ba hae ba bane e leng Rubene, Simeone, Levi le Juda. Sehloohong se latelang, re tla hlahloba hore na o ile a reng ho bara ba bang ba hae ba robedi. Jwalo ka ha re tla bona, Jakobo ha a ka a bua ka bara ba hae feela, empa o ile a boela a bua le ka ditloholo tsa bona tseo qetellong e neng e tla ba setjhaba se seholo sa Iseraele. Ho hlahloba histori ya setjhaba seo, ho tla etsa hore re hlakelwe hore mantswe a Jakobo a boprofeta a ile a phethahala jwang. Re tla boela re ithute dithuto tsa bohlokwa tse tla re thusa hore re thabise Ntate wa rona ya lehodimong, Jehova.
RUBENE
5. Ho ka etsahala hore ebe Rubene o ne a lebelletse ho fumana tokelo efe ho tswa ho ntate wa hae?
5 Jakobo o qala pele ka ho bua le Rubene, o re: “O letsibolo la ka.” (Gen. 49:3) Jwalo ka letsibolo, ho ka etsahala hore ebe Rubene o ne a lebelletse ho fumana tokelo ya ho fuwa lefa le imenneng habedi ho tswa ho ntate wa hae. Ho ka etsahala hore o ne a boetse a lebelletse hore ke yena eo e tla ba hlooho ya lelapa ka mora hore ntate wa hae a shwe le hore tokelo eo e tla fetisetswa ho bana ba hae ha nako e ntse eya.
6. Ke hobaneng ha Rubene a ile a sitwa ho fumana ditokelo tsa hae jwalo ka letsibolo? (Genese 49:3, 4)
6 Le ha ho le jwalo, Rubene o ile a sitwa ho fumana ditokelo tsa hae jwalo ka letsibolo. (1 Dikron. 5:1) Hobaneng? Dilemo tse mmalwa pejana, o ile a robala le serethe sa ntate wa hae Jakobo e leng Bilha. Bilha e ne e le mosebeletsi wa Ragele, e leng mosadi wa Jakobo ya ratehang ya ileng a hlokahala. (Gen. 35:19, 22) Rubene e ne e le mora wa mosadi e mong wa Jakobo e leng Lea. Mohlomong o ile a susumetswa ke takatso e matla ya ho batla ho etsa thobalano. Kapa mohlomong o ile a robala le Bilha hobane a ne a batla hore Jakobo a hloye Bilha mme a rate mme wa hae. Ho sa tsotellehe hore na lebaka la hae e ne e le lefe, seo a ileng a se etsa ha se a ka sa thabisa Jehova le Jakobo ntate wa hae.—Bala Genese 49:3, 4.
7. Ho ile ha etsahalang ka Rubene le ditloholo tsa hae? (Sheba lebokose le reng “ Boprofeta Boo Jakobo a Ileng a bo Bua ha a le Makgatheng a Lefu.”)
7 Jakobo o ile a re ho Rubene: “E ke ke ya eba wena e moholo.” Mantswe ao a ile a phethahala. Ha ho na tlaleho e bontshang hore e mong wa ditloholo tsa Rubene e ile ya eba morena, moprista kapa moprofeta. Le ha ho le jwalo, Jakobo ha a ka a lahla mora wa hae mme ditloholo tsa Rubene e ile ya eba leloko le ikemetseng ho maloko a mang a Iseraele. (Josh. 12:6) Rubene o ile a bontsha makgabane a matle maemong a mang mme ha ho na tlaleho e bontshang hore o ile a etsa boitshwaro bo bobe hape.—Gen. 37:20-22; 42:37.
8. Re ka ithutang mohlaleng wa Rubene?
8 Re ithutang? Re lokela ho sebetsa ka thata ho hlaolela ho ba le boitshwaro le ho ikemisetsa ho se etse boitshwaro bo bobe bo amanang le thobalano. Haeba re lekeha ho etsa sebe, re lokela ho ema hanyane mme re nahane ka moo diketso tsa rona di tla utlwisa Jehova, ba malapa a rona le ba bang bohloko ka teng. Re boetse re lokela ho hopola hore “motho e mong le e mong o tla kotula seo a se jetseng.” (Bagal. 6:7) Ka lehlakoreng le leng, se etsahalletseng Rubene se re hopotsa hore Jehova o mohau. Le ho ja Jehova a ke ke a thibela ditlamorao tsa diphoso tseo re di entseng, o tla hlohonolofatsa boiteko boo re bo etsang ba ho etsa dintho tse nepahetseng.
SIMEONE LE LEVI
9. Ke eng e ileng ya etsa hore Jakobo a bue mantswe a bontshang hore o ne a sa thabiswa ke seo Simeone le Levi ba se entseng? (Genese 49:5-7)
9 Bala Genese 49:5-7. Ka mora moo, Jakobo o bua le Simeone le Levi. Le ha ho le jwalo, mantswe a hae a bontsha hore ha a thabiswa ke seo ba se entseng. Dilemo pejana, moradi wa Jakobo e leng Dina, o ile a betwa ke monna e mong wa Mokanana ya bitswang Shikeme. Ho a utlwahala hore ebe bara ba Jakobo kaofela ba ile ba utlwa bohloko haholo ka se etsahalletseng kgaitsedi ya bona, empa Simeone le Levi bona ha ba a ka ba laola kgalefo ya bona. Bara ba Jakobo kaofela ba ile ba thetsa Shikeme le batho ba hae ka ho ba tshepisa hore haeba ba ka bolla, ba tla etsa kgotso le bona. Banna bao ba ile ba dumela. Ha ba ntse ba opelwa ka lebaka la ho bolotswa, Simeone le Levi “ba nka disabole tsa bona mme ba ya motseng baahi ba moo ba sa lebella yaba ba bolaya banna bohle.”—Gen. 34:25-29.
10. Mantswe a Jakobo a boprofeta ka Simeone le Levi a ile a phethahala jwang? (Sheba lebokose le reng “ Boprofeta Boo Jakobo a Ileng a bo Bua ha a le Makgatheng a Lefu.”)
10 Taba ya hore bara ba Jakobo ba babedi ba ile ba bolaya batho ba bangata, e ile ya mo tshwenya haholo. O ile a bolela esale pele hore ba ne ba tla arolwa le ho hasanngwa ho pholletsa le Iseraele. Mantswe ao a boprofeta a ile a phethahala dilemo tse ka hodimo ho 200 ha morao ha setjhaba sa Iseraele se kena Naheng e Tshepisitsweng. Leloko la Simeone le ile la fuwa metse e meng hara metse e neng e fuwe leloko la Juda e le lefa. (Josh. 19:1) Lefa la Levi e ne e le metse e 48 e neng e hasane ho pholletsa le Iseraele.—Josh. 21:41.
11. Maloko a Simeone le Levi a ile a etsa dintho dife tse ntle?
11 Ditloholo tsa Simeone le Levi ha di a ka tsa pheta diphoso tsa baholoholo ba tsona. Leloko la Levi le ile la bontsha botshepehi bo tswileng matsoho bakeng sa borapedi ba nnete. Ha Moshe a le Thabeng ya Sinai a yo fuwa Molao ke Jehova, Baiseraele ba bangata ba ile ba rapela setshwantsho sa namane empa Balevi bona ba ile ba ema ka lehlakoreng la Moshe, ba ba ba mo thusa hore a fedise batho ba entseng bobe boo. (Ex. 32:26-29) Jehova o ile a kgetha ho fa leloko la Levi tokelo e ikgethang ya ho ba baprista. (Ex. 40:12-15; Num. 3:11, 12) Ha morao, leloko la Simeone le ile la thusa leloko la Juda ho lwantsha Bakanana e le hore ba hape karolo ya bona ya Naha e Tshepisitsweng jwalo ka ha e ne le morero wa Jehova.—Baahl. 1:3, 17.
12. Re ithuta eng mohlaleng wa Simeone le Levi?
12 Re ithutang? Le ka mohla o se ke wa dumella kgalefo ho susumetsa diqeto le diketso tsa hao. Haeba wena kapa motho eo o mo ratang a sa tshwarwa hantle, ho a utlwahala hore o halefe. (Pes. 4:4) Le ha ho le jwalo, re lokela ho hopola hore Jehova ha a kgahliswe ke mantswe kapa diketso tse bontshang hore re halefile. (Jak. 1:20) Melaomotheo ya Bibele e re thusa ho sebetsana le ho hloka toka, ebang ke ka phuthehong kapa ka ntle ho phutheho e leng se re thusa hore re qobe dikotsi tse bakwang ke kgalefo e sa laoleheng. (Bar. 12:17, 19; 1 Pet. 3:9) Le haeba batswadi ba hao ba etsa dintho tse sa thabiseng Jehova, hopola hore ha hona ntho e o tlamang hore o ba etsise. O se ke wa etsa qeto ya hore o baehlotse le hore Jehova a ke ke a o hlohonolofatsa. Jehova a ke ke a hloleha ho hlohonolofatsa boiteko ba hao ba ho etsa dintho tse nepahetseng.
JUDA
13. E ka nna yaba ke hobaneng ha Juda a ne a tshwenyehile ha e ne e le nako ya hore ntate wa hae a bue le yena?
13 Juda e ne e le yena ya latelang eo ntate wa hae a neng a tlo bua le yena. E ka nna yaba Juda o ne a tshwenyehile ka mora hore a utlwe dintho tseo Jakobo a di bolelletseng boabuti ba hae. Etswe le yena o ne a ile a etsa diphoso tse tebileng. Ho bonahala a ne a le teng ha bana babo ba nka maruo a motse wa Shikeme. (Gen. 34:27) Yena le bana babo ba ile ba rekisa Josefa e le lekgoba ba ba ba thetsa ntate wa bona. (Gen. 37:31-33) Ha morao, o ile a robala le ngwetsi ya hae e leng Tamare, a nahana hore ke letekatse.—Gen. 38:15-18.
14. Juda o entse dintho dife tse ntle? (Genese 49:8, 9)
14 Le ha ho le jwalo, Jakobo o ile a budulelwa hore a hlohonolofatse Juda le ho mo babatsa feela. (Bala Genese 49:8, 9.) Juda o ne a ile a bontsha hore o tsotella maikutlo a ntate wa hae ya hodileng haholo. Hape, o ile a bontsha hore o qenehela ngwanabo e monyenyane, Benjamine.—Gen. 44:18, 30-34.
15. Juda o ile a hlohonolofatswa ka ditsela dife?
15 Jakobo o ile a bolela esale pele hore Juda o tla etella bana babo pele. Le ha ho le jwalo, ho ne ho tlo feta nako e telele pele boprofeta bona bo phethahala. Dilemo tse ka bang 200 ha morao, ho buuwa ka leloko la Juda ka lekgetlo la pele, le etella pele setjhaba sa Iseraele lefelleng ka mora ho tswa Egepeta ho ya Naheng e Tshepisitsweng. (Num. 10:14) Dilemo tse mashome ha morao, leloko la Juda le ile la etella pele ha ho ne ho lwantshwa Bakanana e le ho hapa Naha e Tshepisitsweng. (Baahl. 1:1, 2) Hape, Davida ke yena wa pele ho ditloholo tsa Juda wa ho ba morena lelokong la Juda. Empa ditaba tsena ha di felle mona.
16. Boprofeta bo hlahang lengolong la Genese 49:10 bo ile ba phethahala jwang? (Sheba lebokose le reng “ Boprofeta Boo Jakobo a Ileng a bo Bua ha a le Makgatheng a Lefu.”)
16 Jakobo o ile a bontsha hore Morena ya tla busa batho ka ho sa feleng e ne e tla ba setloholo sa Juda. (Bala Genese 49:10 le naletsana.) Morena eo ke Jesu Kreste, eo Jakobo a ileng a mo bitsa Shilo. Ha lengeloi le bua ka Jesu le ile la re: “Jehova [Modimo] o tla mo fa terone ya ntate wa hae Davida.” (Luka 1:32, 33) Jesu o boetse o bitswa “Tau ya leloko la Juda.”—Tshen. 5:5.
17. Re ka etsisa Jehova jwang tseleng eo re nkang batho ba bang ka yona?
17 Re ithutang? Jehova o ile a hlohonolofatsa Juda le hoja a ile a etsa diphoso tse tebileng. Empa na ho ka etsahala hore ebe bana babo Juda ba ne ba ipotsa hore na ebe Jehova o boneng ho yena? Ho sa tsotellehe hore na ba ne ba nahanang, Jehova yena o bone se setle ho Juda mme a mo hlohonolofatsa ka lebaka la sona. Re ka etsisa mohlala wa Jehova jwang? Ha Mokrestemmoho a fuwa ditokelo tse kgethehileng, qalong re ka nna ra lekeha ho nahana ka mefokolo ya hae. Empa re tla be re etsa hantle ha re hopola hore ka nnete Jehova o kgahliswa ke makgabane a hae a matle. Jehova o sheba dintho tse ntle ho bahlanka ba hae. A re lwaneleng ho etsa se tshwanang.
18. Ke hobaneng ha re hloka ho ba le mamello?
18 Ntho e nngwe eo re ka ithutang yona phihlelong ya Juda ke hore re hloka ho ba le mamello. Jehova o dula a phethahatsa ditshepiso tsa hae empa ha se ka mehla a di phethahatsang ka tsela le ka nako eo re e lebelletseng. Ditloholo tsa Juda ha di a ka tsa etella batho ba Modimo pele hanghang. Empa ka botshepehi di ile tsa tshehetsa batho bao Jehova a ileng a ba kgetha hore ba etelle pele, ho sa tsotellehe hore na e ne e le Moshe wa Molevi, Joshua wa Moefraime kapa Morena Saule wa Mobenjamine. E se eka le rona re ka tshehetsa motho le ha e le ofe eo Jehova a mo kgethang hore a re etelle pele mehleng ena.—Baheb. 6:12.
19. Re ithutang ka Jehova puisanong ena ya boprofeta boo Jakobo a ileng a bo bua ha a le makgatheng a lefu?
19 Re se re hlokometse eng ho fihlela ha jwale puisanong ya rona ya boprofeta boo Jakobo a ileng a bo bua ha a le makgatheng a lefu? Ho hlakile hore “Modimo ha a shebe dintho ka tsela eo motho a di shebang ka yona.” (1 Sam. 16:7) Jehova o tshwarela haholo ebile o na le mamello. Le hoja Jehova a sa tlodise diphoso tsa rona mahlo, ha a lebella hore bahlanka ba hae ba etse dintho ka tsela e phethahetseng. A ka ba a hlohonolofatsa batho ba ileng ba etsa diphoso tse tebileng nakong e fetileng haeba ba baka e le ka nnete mme ba etsa dintho tse nepahetseng. Sehloohong se latelang, re tlo hlahloba hore na Jakobo o ile a reng ho bara ba hae ba robedi ba setseng.
PINA YA 124 Tshepahalang Kamehla