“Re tla kopanang Paradiseng!”
“O tla ba le nna Paradeiseng.”—LUKA 23:43.
1, 2. Ke maikutlo afe a sa tshwaneng a teng mabapi le paradeise?
KETSAHALO ena e ne e ama maikutlo. Ha bara le baradibabo rona ba tswang dinaheng tse fapaneng ba neng ba tlile kopanong setediamong sa Seoul se Korea ba tsamaya, Dipaki Tsa Jehova tsa sebakeng seo di ile tsa ba bokanela. Ba ile ba ba sadisa mme ba hweletsa ka thabo ba re “Re tla kopanang Paradeiseng!” O nahana hore ba ne ba bua ka paradeise efe?
2 Batho kajeno ba na le maikutlo a sa tshwaneng mabapi le paradeise. Ba bang ba re paradeise e mpa e le toro feela tjee. Ba bang bona ba re paradeise ke hohle moo ba fumanang thabo le kgotsofalo teng. Ha motho ya lapileng a ka dula tafoleng e tletseng dijo, a ka ikutlwa eka o paradeiseng. Dilemo tse ngata tse fetileng, Mosadi e mong ya ileng a kgahlwa ke serapa se setle se tletseng dipalesa o ile a re: “Ako bone feela, ena ke paradeise!” Le kajeno serapa seo se ntse se bitswa Paradeise, le hoja selemo le selemo se kwahelwa ke lehlwa la bophahamo ba dimithara tse 15. Jwale ebe Paradeise e bolelang ho wena? Na o na le tshepo ya hore e tlaba teng?
3. Bibele e buile neng ka lekgetlo la pele ka paradeise?
3 Bibele e bua ka Paradeise e kileng ya ba teng le eo e leng hona e tlang. Lengolo la pele feela la Bibele le bua ka Paradeise. Genese 2:8 Bibeleng ya Khatholike ya Douay Version e fetoletsweng ho tswa puong ya Selatine, e re: “Tshimolohong Morena Modimo a lema serapa se lakatsehang: mme moo a beha [Adama] eo a mo entseng.” (Mongolo o tshekalletseng ke wa rona.) Mangolo a Seheberu ona a bua ka ‘serapa sa Edene’. Lentswe Edene le bolela “Se Kgahlehang,” mme ka sebele serapa seo se ne se hlile se kgahla mahlo. Dijo tse monate e ne e le matletsetletse, ho le hotle hona ho haesale mme ho na le kgotso pakeng tsa batho le diphoofolo.—Gen. 1:29-31.
4. Ke hobaneng ha re ka bapisa serapa sa Edene le paradeise?
4 Lentswe la Segerike pa·raʹdei·sos, le fetolelwa e le “serapa” ka Seheberu. Buka ya Cyclopaedia by M’Clintock and Strong, e re: “Ha Mogerike a utlwa lentswe pa·raʹdei·sos, se tlang kelellong ya hae ke serapa se seholo, se setle le se sireletsehileng. O boetse o nahana ka serapa se nang le difate tse behang ditholwana tsa mefutafuta, se phallang metsi a hlwekileng ebile ho na le dinku le ditshepe tse fulang makgulong a matala.”—Bapisa le Genese 2:15, 16.
5, 6. Ho tlile jwang hore Adama le Eva ba lahlehelwe ke lehae la bona la Paradeise, hona see se hlahisa potso efe?
5 Modimo o ile a beha Adama le Eva Paradeiseng eo e ntle, empa ha ba a ka ba dula ho yona ka ho sa feleng. Ho ile ha senyeha kae? Ha ba a ka ba mamela Modimo. Ka lebaka leo, bona ha mmoho le bana bao ba neng ba tla ba le bona, ba ile ba lahlehelwa ke Paradeise. (Gen. 3:23, 24) Le hoja paradeise e ne e se e sena baahi, e ile ya ba teng ho fihlela nakong ya Morwallo wa mehleng ya Noe.
6 Batho ba bang ba ka nna ba ipotsa, ‘Na ho tla ke ho be le paradeise hape lefatsheng?’ Ho na le bopaki bofe bo bontshang hore e tla boela e be teng? Haeba o na le tshepo ya ho phela le batho bao o ba ratang paradeiseng, motheo wa tshepo ya hao ke ofe? Keng e o kgodisang hore paradeise ha se toro feela tjee?
BOPAKI BO BONTSHANG HORE PARADEISE E TLA BA TENG
7, 8. (a) Keng eo Modimo a ileng a e tshepisa Abrahama? (b) E ka nna yaba tshepiso eo e ile ya etsa hore Abrahama a nahane kang?
7 Re ka fumana dikarabo tsa dipotso tse mabapi le Paradeise ka Bibeleng, hobane mongodi wa yona ke Jehova, e leng yena Mmopi wa Paradeise. Hlokomela seo Modimo a ileng a se bolella motswalle wa hae Abrahama. Modimo o ile a re o tla atisa peo ya Abrahama “jwalo ka lehlabathe le lebopong la lewatle.” Jehova o ile a boela a etsa tshepiso ena e tiileng: “Ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tla itlhohonolofatsa ka peo ya hao ka lebaka la hore o mametse lentswe la ka.” (Gen. 22:17, 18) Jehova o ile a boela a pheta tshepiso ena ho mora le setloholo sa Abrahama.—Bala Genese 26:4; 28:14.
8 Ha ho na moo Bibele e re bolellang hore Abrahama o ne a nahana hore batho ba tla phela paradeiseng lehodimong. Ka hona, ha Modimo a ne a re “ditjhaba tsohle tsa lefatshe” di tla hlohonolofatswa, Abrahama o ne a utlwisisa hantle hore ho buuwa ka ditlhohonolofatso tsa mona lefatsheng. Ka ha e ne e le Modimo ya entseng tshepiso eo, sena se ne se bolela hore ho tla ba le maemo a thabisang bakeng sa “ditjhaba tsohle tsa lefatshe.” Na bona ke bona feela bopaki ba hore ho tla ba le paradeise mona lefatsheng?
9, 10. Ke ditshepiso dife tse ding tseo Modimo a ileng a di etsetsa bahlanka ba hae tse bontshang hore paradeise e tla fela e be teng?
9 Davida setloholo sa Abrahama, o ile a bua ka nako eo ka yona “ba kgopo” le “baetsi ba bobe”, ba tlang ho fediswa. Ebe ho tla etsahalang ka mora moo? “Ya kgopo ha a sa tla hlola a ba teng.” (Pes. 37:1, 2, 10) Empa ba bonolo bona, “ba tla rua lefatshe, ka sebele ba tla fumana thabo e phethehileng kgotsong e ngata.” Davida o ile a boela a susumetswa ke moya o halalelang hore a re: “Ba lokileng ba tla rua lefatshe, ba tla dula ho lona ka ho sa feleng.” (Pes. 37:11, 29; 2 Sam. 23:2) Ebe o nahana hore ditshepiso tsee di ile tsa ama batho ba neng ba ikemiseditse ho etsa thato ya Modimo jwang? Di ile tsa ba fa tshepo ya hore haeba feela ho ka phela batho ba lokileng mona lefatsheng, paradeise e tshwanang le serapa sa Edene e ne e tla boela e be teng.
2 Likron. 36:15-21; Jer. 4:22-27) Le ha ho le jwalo, baprofeta ba Modimo ba ile ba bolela esale pele hore Baiseraele ba ne ba tla kgutlela naheng ya habo bona ka mora dilemo tse 70. Le jwale boprofeta bona bo ile ba fela ba phethahala. Le kajeno re ntse re ka ithuta thuto ya bohlokwa ho bona. Ha re ntse re ithuta ka boprofeta bona, tsepamisa maikutlo tshepisong ya bohlokwa ya paradeise eo re e letetseng hona mona lefatsheng.
10 Ka maswabi, ha nako e ntse e ya Baiseraele ba neng ba sebeletsa Jehova, ba ile ba mo fetohela mme ba tlohela le borapedi ba nnete. Ka lebaka leo, Modimo o ile a dumella hore Bababylona ba hlole Baiseraele, ba senye naha ya bona ba be ba ba etse makgoba. (11. Lengolo la Esaia 11:6-9 le ile la phethahala jwang, hona ho sala potso efe?
11 Bala Esaia 11:6-9. Modimo o ile a sebedisa moprofeta Esaia ho bolela esale pele hore ha bahlanka ba hae ba kgutlela naheng ya habo bona, ba ne ba ke ke ba hlola ba tshoha maemo a boima le a kotsi. Kapa hona ho tshaba ho hlaselwa ke diphoofolo le batho ba kgopo jwalo ka dibatana. Bohle ba ne ba tla sirelletseha. Na see ha se etse hore o nahane ka lefatshe le letle leo Modimo a re tshepisang lona? (Esa. 51:3) Moprofeta Esaia o ile a boela a re lefatshe lohle, eseng feela Baiserale, le ne “le tla tlala tsebo ya Jehova jwalo ka ha metsi a kwahetse lewatle.” Empa see se tla etsahala neng?
12. (a) Baiseraele ba ileng ba tswa Babylona ba ile ba fumana ditlhohonolofatso dife? (b) Keng e bontshang hore boprofeta bo ho Esaia 35:5-10 ke hona bo tla phethahala?
12 Bala Esaia 35:5-10. Moprofeta Esaia o ile a boela a hatisa hore Baiseraele ba neng ba tswa Babylona, ba ne ba ke ke ba hlola ba tshoha diphoofolo kapa batho. Lefatshe le ne le tla ba hlahisetsa ditholwana tse ngata ka lebaka la metsi a mangata a phallang jwalo ka ha ho ne ho etsahala serapeng sa Edene. (Gen. 2:10-14; Jer. 31:12) Na e ne e se e le tshomo ka mathetho? Ke nnete hore ha hona bopaki bo bontshang hore Baiseraele ba neng ba tswa Babylona ba ile ba fodiswa ka mohlolo ha ba ne ba kula. Ka mohlala, difofu ha di a ka tsa bona. Ka hona, sena se bontsha hantle hore Modimo ke hona a tlo fodisa batho.
13, 14. Batho ba neng ba le bokgobeng ba ile ba bona ha Esaia 65:21-23 e phethahala jwang, le ha ho le jwalo ke karolo efe ya boprofeta boo eo re ntseng re lebelletse hore e phethahale? (Sheba setshwantsho se qalong.)
13 Bala Esaia 65:21-23. Baiseraele ha ba a ka ba fumana ba se ntse ba ahetswe matlo a majabajaba kapa hona hore ba fumane masimo le dirapa tsa morara di lenngwe di se ntse di ba emetse. Empa dintho di ne di tla fetoha ha Jehova a ba hlohonolofatsa. E ne e tla ba thabo e kgolo ha ba se ba haha matlo mme ba dula ho ona. Ba ne ba tla jala mme ba thabele ditholwana tse foreshe.
14 A re ke re tshohleng boprofeta bona ho se hokae. Feela na ke nnete hore ho tla etsahala hore matsatsi a rona a be “jwalo ka matsatsi a sefate”? Difate tse ding di phela dilemo tse dikete. Hotjho hore le batho ba tla lokela ho phela hantle e le hore ba phele dilemo tse telele hakaalo. Ha batho ba ka phela lefatsheng leo moprofeta Esaia a buileng ka lona, toro ya bona ya ho phela paradeiseng e tla be e phethahetse. Le jwale ha re swaswe ha re re boprofeta boo bo tla phethahala.
15. Ke ditlhohonolofatso dife tse boprofeteng ba Esaia tseo re di letetseng?
15 Hlokomela seo boprofeta ba Esaia bo se buang ka ditlhohonolofatso tseo Modimo a tlang ho di etsetsa batho lefatsheng le letjha. Ha ho na motho ya tla hlola a tshoha diphoofolo kapa batho ba kgopo jwalo ka dibatana. Difofu, ditholo le ba holofetseng ba tla fodiswa. Batho ba tla thabela ho ikahela matlo le ho jala dijo tse monate mme ba di je ntse di le foreshe. Ba tla phela nako e telele ho feta difate. Bibele e re fa bopaki bo hlakileng ba hore sena se tla fela se phethahale. Le ha ho le jwalo, batho ba bang ba ka nna ba re re bala Bibele haholo hoo jwale re seng re iqapela
dintho. O ka reng ha o ba araba? O na le mabaka afe a utlwahalang a ho dumela hore ka sebele paradeise ke ntho e tla ba teng? Motho e moholo ka ho fetisisa ya kileng a phela o re fa mabaka a utlwahalang.NA LE WENA O TLA BA TENG PARADEISENG?
16, 17. Ke boemong bofe moo Jesu a ileng a bua ka Paradeise?
16 Le hoja Jesu a ne a se na molato, o ile a tshwarwa, a fanyewa thupeng ho fihlela a hlokahala le disinyi tse pedi tse neng di mo kentse mahareng. Pele se seng sa disinyi tsena se hlokahala, se ile sa hlokomela hore Jesu ke morena mme sa etsa kopo ena e tiileng: “Jesu, o nkgopole ha o kena mmusong wa hao.” (Luka 23:39-42) Seo Jesu a se buileng ho Luka 23:43 se ama le bokamoso ba hao. Ditsibi tse ding di fetolela mantswe ao lentswe ka lentswe mme di re: “Ka nnete ke re ho wena, kajeno o tla ba le nna Paradeiseng.” Ela hloko lentswe lena, “kajeno.” Ha e le hantle Jesu o ne a bolelang? Ho na le maikutlo a fapaneng ka taba ena.
17 Dipuong tsa sejwalejwale, feelwana e sebedisetswa ho fetisa kapa ho hlakisa moelelo wa polelo. Athe meqolong ya pelepele ya Segerike e ngotsweng ka letsoho, matshwao a puo a ne a sa sebediswe hangata. Jwale potso e a phahama: Na Jesu o ne a re, “Ke a o bolella, kajeno o tla ba le nna Paradeiseng”? Kapa na o ne a re, “Kajeno ke a o bolella, o tla ba le nna Paradeiseng”? Bafetoledi ba kenya feelwana moo ba nahanang hore ba tla be ba fetisa moelelo wa seo Jesu a se buileng. Ke ka hona o ka fumanang ditlhaloso tse sa tshwaneng tsa seo Jesu a se buileng diphetolelong tse tlwaelehileng.
18, 19. Re ka hlalosa seo Jesu a neng a se bolela jwang?
18 Le ha ho le jwalo, hopola hore Jesu o ile a re ho balatedi ba hae: “Mora motho o tla ba pelong ya lefatshe ka matsatsi a mararo le masiu a mararo.” A boela a re: “Mora motho o reretswe ho ekelwa matsohong a batho, ba tla mo bolaya, mme ka letsatsi la boraro o tla tsoswa.” (Mat. 12:40; 16:21; 17:22, 23; Mar. 10:34) Moapostola Petrose o ile a tlaleha hore sena se ile sa fela sa etsahala. (Lik. 10:39, 40) Ka hona, Jesu le sesinyi seo ha ba a ka ba ya Paradeiseng. Jesu o ile a qeta matsatsi a le Lebitleng kapa Hadese ho fihlela Modimo a mo tsosa.—Lik. 2:31, 32. *
19 Ha e le hantle Jesu o ile a re ho sesinyi seo: “Ka nnete ke a o bolella kajeno.” Ho sebedisa mokgwa ona wa ho bua, ho ne ho tlwaelehile esita le mehleng ya bo Moshe. Ka mohlala, Moshe o kile a re: “Mantswe ana ao ke o laelang ona kajeno a be pelong ya hao.”—Deut. 6:6; 7:11; 8:1, 19; 30:15.
20. Keng e re thusang hore re utlwisise seo Jesu a neng a se bolela?
20 Mofetoledi e mong wa Bibele wa Middle East o ile a ngola tjena ka seo Jesu a neng a se bolela: “Tabakgolo temaneng ena ke lentswe ‘kajeno,’ ka hoo, ha e le hantle Jesu o ne a re, ‘Ka nnete kajeno ke a o bolella, o tla ba le nna Paradeiseng.’ Ka mantswe a mang, tsatsing leo Jesu o ne a mpa a etsa tshepiso, e neng e tla phethala ha morao. Ena ke tsela eo batho ba mona ba buang ka yona, tshepiso e etswa ka letsatsi le itseng mme jwang kapa jwang e tla phethahatswa ka le leng.” Ke ka lebaka leo phetolelo e nngwe ya Sesyric e fetolelang mantswe a Jesu tjena: “Amen, kajeno ke re ho wena o tla ba le nna Serapeng sa Edene.” Tshepiso eo e lokela ho re kgothatsa.
21. Keng e sa kang ya etsahalla sesinyi, hona hobaneng?
21 Sesinyi sena se neng se le mothating wa ho hlokahala, se ne se sa tsebe hore Jesu o entse selekane le baapostola ba hae ba tshepahalang hore ba tla busa le yena lehodimong. (Luka 22:29) Ho feta moo, se ne se sa kolobetswa le ho kolobetswa. (Joh. 3:3-6, 12) Ka hoo, re a utlwisisa hore e tlameha ebe Jesu o ne a mo tshepisa hore o tla phela paradeiseng mona lefatsheng. Dilemo ha morao, moapostola Pauluse o ile a ba le pono eo ho yona a bonang motho “a nkelwa paradeiseng.” (2 Bakor. 12:1-4) Ho fapana le sesinyi sena, Pauluse le baapotola ba tshepahalang ba ne ba kgethilwe hore ba ilo busa le Jesu lehodimong. Pauluse le yena o ile a bua ka ntho e nngwe e thahasellisang eo e leng hona e tla tla, e leng paradeise. * Na e ne e tla ba hona mona lefatsheng? Hona na le wena o tla ba teng moo?
HO TLA BA JWANG PARADEISENG?
22, 23. Keng seo o ka se lebellang Paradeiseng?
22 Hopola hore Davida o ile a bua esale pele hore “ba lokileng ba tla rua lefatshe.” (Pes. 37:29; 2 Pet. 3:13) O ne a bua ka nako eo ka yona batho ba tlang ho dula lefatsheng, ba tla beng ba phela ka melao e lokileng ya Modimo. Boprofeta bo lengolong la Esaia 65:22 bo re: “Matsatsi a setjhaba sa ka a tla ba jwalo ka matsatsi a sefate.” Sena se bolela hore batho ba tla phela dilemo tse dikete. Na o kgodisehile hore seo ke nnete? Hantle haholo. Etswe ho Tšenolo 21:1-4, Modimo o tshepisa batho ba mo sebeletsang hore lefatsheng le letjha, o tla ba le bona mme “lefu ha le sa tla hlola le ba teng.”
23 A ko ipone o se o le moo. Ke nnete hore Adama le Eva ba ile ba lahla lehae le letle, empa ha se tshomo ka mathetho. Feela jwalo ka ha Modimo a tshepisitse, ke hona batho ba sa ntse ba tlo bona ditlhohonolofatso tsa hae. Davida o ile a susumetswa ke moya o halalelang, hore a re ba bonolo le ba lokileng ba tla dula lefatsheng ka ho sa feleng. Boprofeta bo lengolong la Esaia, bo tla tsosolosa tabatabelo ya rona ya ho batla ho bona ha ditshepiso tsa Modimo di phethahala mme re phela ka ho sa feleng. Empa neng? Ha tshepiso yane eo Jesu a ileng a e etsetsa sesinyi e phethahala. Le wena o ka phela Paradeiseng. Ka nako eo, mantswe ane ao bara le baradibabo rona ba Korea ba ileng ba a bua, a tla phethahala. Ba ne ba ile ba re: “Re Tla Kopanang Paradeiseng!”
^ par. 18 Porofesa C. Marvin Pate o ile a ngola a re: “Ditsebi tse ngata di dumela hore ha Jesu a ne a re ‘kajeno,’ o ne a bolela hore o tla ya Paradeiseng letsatsing leo a hlokahetseng ka lona. Bothata ba sena ke hore se hanana le seo Bibele e se rutang, hobane yona e re Jesu o ile a patwa lebitleng ka mora hore a hlokahale mme ha morao a tsosetswa lehodimong.” (Mat. 12:40; Lik. 2:31; Bar. 10:7)
^ par. 21 Sheba sehlooho sa “Dipotso Tse Tswang ho Babadi” makasineng ena.