SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 14
Na o Phetha Tshebeletso ya Hao ka Botlalo?
“O etse mosebetsi wa moevangedi, o phethe bosebeletsi ba hao ka botlalo.”—2 TIM. 4:5.
PINA YA 57 A re Pakeleng Batho ba Mefuta Yohle
SEO RE TLO ITHUTA SONA *
1. Keng seo bahlanka bohle ba Modimo ba batlang ho se etsa, hona hobaneng? (Sheba setshwantsho se ka ntle.)
KRESTE JESU o ile a laela balatedi ba hae hore ba ye “mme [ba] etse batho ba ditjhaba tsohle barutuwa.” (Mat. 28:19) Bahlanka bohle ba Modimo ba batla ho ithuta ho phetha tshebeletso eo ba e filweng ka botlalo. (2 Tim. 4:5) Etswe ha ho na mosebetsi wa bohlokwa ho feta ona. Le ha ho le jwalo, re ka nna ra thatafallwa ke ho qeta nako e ngata tshebeletsong jwalo ka ha re ne re ka lakatsa.
2. Ke mathata afe ao re thulanang le ona ha re phetha tshebeletso ya rona?
2 Ho na le dintho tse ding tsa bohlokwa tseo re lokelang ho di etsa, tse re hlokang nako le matla. Re ka nna ra lokela ho sebetsa dihora tse ngata letsatsi le letsatsi, e le hore re be le dintho tseo re di hlokang bophelong bakeng sa rona le ba malapa a rona. Kapa mohlomong re ka ba le boikarabelo bo bong ba lelapa, ra sokodiswa ke ho kula, ho tepella maikutlong kapa mathata a tliswang ke botsofadi. Jwale ebe re ka kgona ho phetha tshebeletso ya rona ka botlalo jwang tlasa maemo ana?
3. Mantswe a Jesu a ho Matheu 13:23, a re thusa hore re be le boikutlo bofe ka tshebeletso?
3 Haeba maemo a rona a sa re dumelle ho qeta nako eo re neng re ka lakatsa ho e qeta re sebeletsa Jehova, ha re a lokela ho nyahama. Etswe le Jesu o ne a tseba hore re ke ke ra kgona ho beha ditholwana tse tshwanang tsa Mmuso. (Bala Matheu 13:23.) Jehova o ananela boiteko boo re bo etsang ba ho mo sebeletsa, ha feela e le sohle seo re ka se kgonang. (Baheb. 6:10-12) Ka hlakoreng le leng, re ka nna ra nahana hore maemo a rona a re dumella ho etsa ho eketsehileng. Sehloohong sena, re tla hlahloba ka moo re ka etsang hore tshebeletso e be ntho ya bohlokwa bophelong ba rona. Re boele re ithute hore na re ka qoba dintho tse ka re sitisang tshebeletsong jwang. Ebe qetellong, re tshohla ka moo re ka ntlafatsang ka teng tshebeletsong ya rona. Empa pele re ya hole, ha e le hantle ho phetha tshebeletso ya rona ka botlalo ho bolelang?
4. O ka re ho phetha tshebeletso ya rona ka botlalo ho bolelang?
4 Ka mantswe a bonolo, ho phetha tshebeletso ya rona ka botlalo ho bolela ho ba le seabo ka hohle ka moo re ka kgonang mosebetsing wa ho phatlalatsa le ho ruta batho molaetsa wa Bibele. Le ha ho le jwalo, ntho ya bohlokwa ho Jehova ke sepheo seo re etsang tshebeletso ena ka sona, eseng hakaalo nako eo re e qetang re le tshebeletsong. Sepheo se ka sehloohong seo re etsang tshebeletso ena ya Bokreste ka pelo yohle ka sona, ke hobane re rata Jehova le batho. * (Mar. 12:30, 31; Bakol. 3:23) Ho sebeletsa Modimo ka pelo yohle, ho bolela ho itela tshebeletsong. Haeba re ananela tshebeletso ena eo re e filweng, re tla etsa sohle se matleng a rona ho bolella batho ba bangata ditaba tse molemo.
5-6. Fana ka mohlala o bontshang hore motho ya se nang nako a ka etsa jwang hore tshebeletso e be ntho ya bohlokwa bophelong ba hae.
5 A ko nahane ka mohlankana ya ratang ho letsa katara. Ha monyetla o hlaha feela, o letsa katara ya hae. Qetellong o fumana mosebetsi wa hore ka mafelobeke, a letse katara shopong ya kofi haufi le moo a dulang teng. Le ha ho le jwalo, mokgolo wa hae ha o lekane ditlhoko tsa hae. Ka lebaka leo, hara beke o sebetsa shopong ya dijo ho lefisa batho. Le hoja a qeta matsatsi a mahlano a sebetsa shopong ya dijo, ntho eo a hlileng a e ratang ke ho letsa katara. O batla ho ba seletsi se hlwahlwa sa katara e le hore a tle a iphedise ka yona. Ha jwale o tswa a ntse a thabela ho letsa katara ha a fumana monyetla le haeba o se mokaalo.
6 Ka tsela e tshwanang, e ka nna ya ba le wena ha o na nako e lekaneng ya ho ya tshimong jwalo ka ha o ne o ka rata. Le ha ho le jwalo, o rata tshimo. O etsa sohle seo o ka se kgonang ho ruta ka tsela e tla etsa hore bao o ba rutang ba etse diphetoho. Jwale, ha e le mona o na le dintho tse ngata hakana tseo o lokelang ho di etsa bophelong, e ka nna yaba o a ipotsa hore na ebe o lokela
ho etsang hore tshebeletso e nne e be yona ya bohlokwa ho wena.O KA ETSANG HORE TSHEBELETSO E BE NTHO YA BOHLOKWA BOPHELONG BA HAO?
7-8. Re ka ba le boikutlo bo tshwanang le ba Jesu jwang ka tshebeletso?
7 Jesu o re behetse mohlala o babatsehang ka tsela eo a neng a nka tshebeletso ka yona. Ntho eo a neng a hlile a e rata ka ho fetisisa, ke ho ruta batho ka Mmuso wa Modimo. (Joh. 4:34, 35) O ne a nka maeto a matelele e le hore a finyelle batho ba bangata ka moo a ka kgonang ka teng. O ne a sebedisa monyetla o mong le o mong ho bua le batho, ebang ba le malapeng kapa dibakeng tse ding. Ntho e nngwe le e nngwe eo Jesu a neng a e etsa bophelong, e ne e amana le tshebeletso.
8 Le rona jwalo ka Jesu re ka sebedisa monyetla o mong le o mong ho bua le batho ka ditaba tse molemo, kae kapa kae moo re ba fumanang teng. Re ikemiseditse ho tela eng kapa eng e le hore re etse tshebeletso ena. (Mar. 6:31-34; 1 Pet. 2:21) Ka mohlala, ba bang ke bopulamadiboho ba kgethehileng, ba ka mehla kapa ba thusang. Athe ba bang bona, ba ithutile puo e nngwe, ha ba bang ba ile moo ho hlokehang baboledi ba eketsehileng. Le ha ho le jwalo, boholo ba mosebetsi wa boboledi o etswa ke bahweletsi ba sebetsang ka thata le hoja e se bopulamadiboho. Ebang re bopulamadiboho kapa tjhe, Jehova ha a lebella hore re etse seo re ke keng ra se kgona. O batla hore re mo sebeletse re thabile, ha re ntse re phatlalatsa “ditaba tse molemo tse kganyang tsa Modimo ya thabileng.”—1 Tim. 1:11; Deut. 30:11.
9. (a) Pauluse o ile a etsang hore tshebeletso e dule e le ntho ya pele bophelong ba hae le hoja a ne a lokela ho etsa mosebetsi wa boiphediso? (b) Liketso 28:16, 30, 31 e re Pauluse o ne a na le boikutlo bofe ka tshebeletso?
9 Moapostola Pauluse le yena o re behetse mohlala o motle wa ho etsa hore tshebeletso e tle pele bophelong ba hae. Ha a le leetong la hae la bobedi la boromuwa Korinthe, o ile a hula ka thata ditjheleteng mme jwale a lokela hore a etse ditente e le hore a be le tjhelete. Le ha ho le jwalo, Pauluse o ne a sa nke mosebetsi wa ho etsa ditente e le ona o ka sehloohong. O ne a mpa a o etsa e le hore a fumane tjhelete eo a tla iphedisa ka yona, ha a ntse a etsa mosebetsi wa boboledi Korinthe. (2 Bakor. 11:7) Le hoja Pauluse a ne a lokela ho sebetsa e le hore a iphedise, o ne a phathahane ka mosebetsi wa boboledi, a bile a ruta le ka disabatha. Ka mora hore maemo hae a ntlafale, o ile a dula a tshwarehile “ka matla haholo ka lentswe, a pakela Bajuda ho tiisa hore Jesu ke Kreste.” (Lik. 18:3-5; 2 Bakor. 11:9) Dilemo tse pedi tseo a di qetileng a le ditlamong ntlong eo a neng a e hirile Roma, o ne a ruta bohle ba neng ba mo etela, a bile a ngola le mangolo. (Bala Liketso 28:16, 30, 31.) Pauluse o ne a sa dumelle ntho efe kapa efe hore e mo sitise ho phetha tshebeletso ya hae. Ke ka hona a ileng a ngola a re: ‘Ka ha re na le bosebeletsi bona . . . [ha] re tele.’ (2 Bakor. 4:1) Le rona jwalo ka Pauluse ho ka nna ha etsahala hore ebe re qeta nako e ngata re le mosebetsing wa boiphediso. Le ha ho le jwalo, re ntse re ka kgona ho etsa hore tshebeletso e be ntho ya bohlokwa bophelong ba rona.
10-11. Re ka phetha tshebeletso ya rona ka botlalo jwang le haeba re kula?
10 Haeba ha re kgone ho bolela ka ntlo le ntlo ka lebaka la botsofadi kapa ho kula, re ntse re ka thabela ho etsa mefuta e meng ya tshebeletso. Bahweletsi ba mehleng ya baapostola, ba ne ba bolella batho molaetsa wa Mmuso hohle moo ba neng ba kopana le bona teng. Ba ile ba sebedisa monyetla o mong le o mong ho bua le batho, ebang ke ka ntlo le ntlo, phatlalatsa kapa hohle moo batho “ba neng ba ba teng.” Lik. 17:17; 20:20) Haeba re sa kgone ho tsamaya haholo, re ka nna ra itulela sebakeng seo ho fetang batho ba bangata ho sona, e le hore re ba rute molaetsa wa Bibele. Kapa mohlomong re ka nna ra phatlalatsa molaetsa ona neng le neng ha monyetla o hlaha, ebang ke ka lengolo kapa ka thelefono. Bahweletsi ba bangata ba sa kgoneng ho ya tshimong ka lebaka la ho kula kapa mathata a mang a itseng, ba ntse ba ka kgona ho etsa mefuta e meng ya tshebeletso.
(11 O ntse o ka kgona ho phetha tshebeletso ya hao ka botlalo le hoja o kula. Hopola mohlala wa moapostola Pauluse. O kile a re: “Bakeng sa dintho tsohle ke na le matla ka lebaka la ya mphang bonatla.” (Bafil. 4:13) O ile a hloka matla ana ha a ne a kula leetong le leng la hae la boromuwa. O ile a re ho Bagalata: “Ke ile ka le bolella ditaba tse molemo ka lekgetlo la pele ka lebaka la ho kula ha ka nameng.” (Bagal. 4:13) Ka tsela e tshwanang, maemo a hao a bophelo a ka o bulela menyetla ya ho phatlalatsa ditaba tse molemo ho dingaka, manese le batho ba bang ba o hlokomelang. Bongata ba bona ba mosebetsing ha bahweletsi ba ba etela malapeng a bona.
FOKOTSA DINTHO TSEO O SA DI HLOKENG
12. Ho boloka leihlo la hao le tadimile “nqa e le nngwe” ho bolelang?
12 Jesu o ile a re: “Lebone la mmele ke leihlo. Jwale, haeba leihlo la hao le tadima nqa e le nngwe, mmele ohle wa hao o tla kganya.” (Mat. 6:22) Fela o ne a bolelang? O ne a bolela hore re lokela ho fokotsa dintho tseo re sa di hlokeng e le hore di se ke tsa re sitisa ho tadima nqa e le nngwe. Jesu o behile mohlala ka ho tsepamisa maikutlo a hae tshebeletsong, a ba a ruta le barutuwa ba hae hore le bona ba mo etsise. Jwale le rona, re tla be re etsisa Jesu haeba re etsa hore tshebeletso e be ntho ya bohlokwa bophelong, re “batle mmuso pele le ho loka ha [Modimo].”—Mat. 6:33.
13. Keng e ka re thusang hore re tsepamise maikutlo tshebeletsong ya rona ya Bokreste?
13 Tsela e nngwe eo ka yona re ka tsepamisang maikutlo a rona tshebeletsong, ke ka ho fokotsa dintho tseo re sa di hlokeng. Sena se tla re thusa hore re qete nako e ngata re thusa batho hore ba tsebe Jehova ba be ba mo rate. * Mohlomong re ka leka ho fokotsa dihora tseo re di qetang mosebetsing wa boiphediso e le hore re ka qeta nako e ngata tshimong hara beke. Kapa re ka fokotsa nako eo re e qetang re ithabisa.
14. Banyalani ba bang ba ile ba etsa diphetoho dife e le hore ba qete nako e ngata tshebeletsong?
14 Moholo e mong ya bitswang Elias le mosadi wa hae, ba ile ba etsa sona seo. Elias o re: “Ke nnete hore re ne re sa kgone ho ba bopulamadiboho ka nako eo, empa ho ne ho na le moo re lokelang ho qala teng. Ka hona, hanyane hanyane re ile ra ntlafatsa. Ka mohlala, re ile ra qala ka ho fokotsa tjhelete eo re e sebedisang. Re ile ra ba ra fokotsa le nako eo re e qetang re le boithabisong. Hape ra kopa bahiri ba rona hore ba fetole kemiso ya mosebetsi wa rona, e le hore re kgone ho ba le nako e eketsehileng tshimong. Ka lebaka leo, re ile ra kgona ho ya tshimong ya mantsibuya, ra ba le batho ba bangata bao re ithutang Bibele le bona, ra ba ra ba le monyetla wa ho ya tshimong ya hara beke habedi ka kgwedi. Ruri sena se ile sa re thabisa.”
O KA NTLAFATSA TSELA EO O RUTANG KA YONA JWANG?
15-16. Ho ya ka 1 Timothea 4:13, 15, re ka dula re ntlafatsa tsela eo re rutang ka yona jwang? (Sheba le lebokose le reng “ Dintho Tse ka Nthusang Hore ke Phethe Tshebeletso ya ka ka Botlalo.”)
15 Tsela e nngwe eo re ka phethang tshebeletso ya rona ka botlalo ka yona, ke ka ho ntlafatsa mokgwa oo re rutang ka wona ha re le tshimong. Batho ba etsang mosebetsi o itseng, ba lokela ho kwetliswa ka mehla e le hore ba ntlafatse tsebo le bokgoni ba bona mosebetsing. Ho ka buuwa se tshwanang le ka baboledi ba ditaba tse molemo tsa Mmuso. Le rona re hloka ho dula re ithuta hore na re ka ntlafatsa bokgoni ba rona jwang tshimong.—Liprov. 1:5; bala 1 Timothea 4:13, 15.
16 Jwale ebe re ka dula re ntlafatsa jwang tshebeletsong ya rona? Ka ho latela ka hloko ditaelo tseo re di fuwang Sebokeng sa Bophelo le Tshebeletso. Seboka sena se re thusa hore re ntlafatse bokgoni ba rona tshimong. Nka ka mohlala, ha modulasetulo a fana ka keletso ho ba faneng ka dipuo tsa moithuti, re ka fumana ditlhahiso tse ka re thusang hore re ntlafatse tshebeletsong ya rona. Jwale re ka sebedisa ditlhahiso tseo nakong e tlang ha re bua le motho ka ditaba tse molemo. Re ka kopa hore molebedi wa sehlopha sa rona sa tshimo a re thuse, kapa ra sebetsa tshimo le yena. Kapa mohlomong re ka sebetsa tshimo le mohweletsi e mong eo e leng kgale a di bona, pulamadiboho kapa molebedi wa potoloho. Ha re ntse re ntlafatsa ho sebedisa dintho tseo re di fuweng hore re rute batho Bibele, re tla thabela mosebetsi ona haholo.
17. O tla fumana ditlhohonolofatso dife ha o phetha tshebeletso ya hao ka botlalo?
17 Ke tlotla e kgolo hore e be Jehova o re dumelletse hore re be “basebetsimmoho” le yena. (1 Bakor. 3:9) Ha o “nepisisa dintho tsa bohlokwa haholo” mme o tsepamisa maikutlo a hao tshebeletsong ya Bokreste, o tla ‘sebeletsa Jehova ka thabo.’ (Bafil. 1:10; Pes. 100:2) Ka ha o mohlanka wa Modimo, o ka kgodiseha hore o tla o fa matla ao o a hlokang hore o phethe tshebeletso ya hao ka botlalo, ho sa tsotellehe diphephetso le mathata ao o tjamelaneng le ona. (2 Bakor. 4:1, 7; 6:4) Ebang o kgona ho ya tshimong dihora tse ngata kapa tjhe, o ntse o ka ba le “sesosa sa thabo” ha o etsa tshebeletso ka moya wohle. (Bagal. 6:4) Ha o phetha tshebeletso ya hao ka botlalo, o bontsha hore o rata Jehova le batho. “Ka ho etsa sena o tla ipholosa mme o pholose le ba o mamelang.”—1 Tim. 4:16.
PINA YA 58 A re Batleng Metswalle ya Kgotso
^ par. 5 Jesu o re laetse hore re bolelle re be re rute batho molaetsa wa Mmuso. Sehloohong sena, re tlo tshohla ka moo re ka phethang tshebeletso ya rona ka botlalo ka teng esita le ha re iphumana re le tlasa maemo a thata. Re tla boela re ithute hore na re ka ntlafatsa tsela eo re rutang ka yona jwang e le hore re thabele tshebeletso ya rona.
^ par. 4 TLHALOSO YA LENTSWE: Tshebeletso ya rona ya Bokreste e akarelletsa ho phatlalatsa le ho ruta batho molaetsa wa Bibele, ho haha le ho hlokomela dibaka tsa rona tsa borapedi ha mmoho le ho thusa ha ho hlahile dikoduwa.—2 Bakor. 5:18, 19; 8:4.
^ par. 13 Sheba mehato e 7 e boletsweng lebokoseng le nang le sehlooho se reng: “Ka moo o ka Fokotsang Dintho Tseo o sa di Hlokeng” ho Molula-Qhooa wa July 2016, leq. 10.
^ par. 62 DITSHWANTSHO DI A HLALOSWA: Moradiwabo rona o fana ka puo ya leeto la ho boela sebokeng sa hara beke. Ka mora moo, ha modulasetulo wa seboka a ntse a fana ka keletso, moradiwabo rona o ngola dintlha bukaneng ya hae ya Ho Ruta. Jwale ha a se a le tshimong mafelobeke, o sebedisa seo a ithutileng sona sebokeng.