Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Georgette Douwma/Stone via Getty Images

NA BATHO BA TLA SENYA LEFATSHE KA HO FELETSENG?

Mawatle

Mawatle

LEWATLE le re fa dijo le dintho tseo re di hlokang bakeng sa ho etsa meriana. Mawatle a monya dikgase tse kotsi tse nang le carbon ebe a ntsha halofo ya moya oo re o hlokang bakeng sa ho hema.

Dintho Tse Phelang Mawatleng di Kotsing

Di coral reef, diphoofolo tsa metsing tse nang le di shell [dikgetla] ha mmoho le dintho tse ding tse phelang mawatleng di kotsing hobane lefatshe le ntse le senyeha. Di coral reef di thusa hoo e ka bang kotara ya dintho tsohle tse ka lewatleng ho phela. Borasaense ba hakanya hore ka mora dilemo tse ka bang 30, di coral reef di ka nna tsa fela.

Ditsebi di hakanya hore hoo e ka bang diphesente tse 90 tsa dinonyana tse fumanang dijo tsa tsona lewatleng, di ja polasetiki mme ho hakanngwa hore polasetiki e bolaya diphoofolo tse dimilione selemo le selemo.

Ka 2022, António Guterres, e leng mongodi kakaretso wa Matjhaba a Kopaneng o ile a re: “Ha re a hlokomela mawatle hantle, hona jwale dintho tse phelang ka moo di kotsing.”

Lefatshe le Etseditswe ho Dula le le Teng

Lewatle le dintho tsohle tse phelang ka ho lona di etseditswe hore di dule di itlhwekisa ha feela batho ba sa le silafatse. Buka ya Regeneration: Ending the Climate Crisis in One Generation e re ha batho ba sa silafatse mawatle, “a kgona ho itlhwekisa.” Nahana ka mehlala e latelang:

  • Dintho tse nyenyane tse bitswang phytoplankton di ja carbon dioxide ebe di a e boloka. Borasaense ba dumela hore carbon dioxide ke e nngwe ya dintho tse senyang lefatshe. Di phytoplankton di kgona ho boloka carbon dioxide e lekanang le e ka bolokwang ke difate tsohle tse lefatsheng ha mmoho le dimela le mohlwa.

  • Dikokwana di ja ditlhapi tse shweleng tse ka silafatsang lewatle. Ka mora moo dintho tse ding tse phelang ka metsing di ja dikokwana tseo. Websaete ya Smithsonian e re: “Sena se thusa hore mawatle a dule a hlwekile.”

  • Ho na le ditlhapi tse ding tse jang dintho tse nang le acid ka lewatleng. Acid ena e ne e ka lematsa di coral reef, diphoofolo tse nang le di shell [dikgetla] le tse ding.

Ho Etswang Hore Mawatle a Dule a Hlwekile?

Re ka thusa hore dipolasetiki tse lahlelwang mawatleng di fokotsehe haeba re sebedisa mekotla le dibotlolo tse sa lahlweng.

Mawatle a ke ke a hloka ho hlwekiswa haeba a sa silafatswe. Ditsebi di re kgothaletsa hore ho ena le ho sebedisa dintho tse entsweng ka polasetiki hanngwe feela ebe re a di lahla, re ka mpa ra sebedisa dintho tse sa lahlweng.

Empa re hloka ho etsa ho eketsehileng. Morao tjena mokgatlo o mong o hlokomelang tikoloho o ile wa phutha bohlaswa bo ka etsang dikhilokramo tse 9 347 200 mawatleng dinaheng tse ka bang 112. Le ha ho le jwalo, ke bohlaswa bo bonyenyane haholo ha bo bapiswa le bohlaswa bo kenang lewatleng selemo le selemo.

National Geographic e ile ya re: “Ho bonahala eka acid e keneng lewatleng e ke ke ya hlola e tswa.” Batho ba entse difeme tse ntshang mosi o silafatsang lewatle mme sena se etsa hore ho be thata hore diphoofolo tse phelang lewatleng di le hlwekise.

Bibele e Fana ka Tshepo Efe?

“Lefatshe le tletse dintho tseo o di entseng. Lewatle le leholo ebile le pharaletse, le tletse dintho tse ngata tse phelang, tse kgolo le tse nyenyane.”—Pesaleme ya 104:​24, 25.

Mmopi wa rona ke yena ya entseng lewatle a ba a le fa bokgoni ba ho itlhwekisa. Nahana ka sena: Haeba Mmopi o tseba dintho tse ngata hakaale ka lewatle le diphoofolo tsohle tse ka ho lona, na a ke ke a kgona ho le lokisa? Sheba sehlooho se reng: “Modimo o Tshepisa Hore Lefatshe le Tla Dula le le Teng” leqepheng la 15.