Dibibele Tsa Elias Hutter Tsa Seheberu Tse sa Lebaleheng!
NA O ka kgona ho bala Seheberu sa mehleng ya ha ho ne ho ngolwa Bibele? Mohlomong o ke ke wa kgona. Ho ka etsahala hore ebe ha o so bone esita le Bibele ya Seheberu feela. Le ha ho le jwalo, o tla tebisa kananelo ya hao ya Mangolo a Halalelang le ho feta ka ho ithuta ka setsebi se seng se phetseng dilemong tsa bo 1500, e leng Elias Hutter le diphetolelo tse pedi tsa Bibele ya Seheberu tseo a di hatisitseng.
Elias Hutter o hlahile ka 1553 torotswaneng ya Görlitz, e haufi le bodara ya Germany. Hutter o ile a ithuta dipuo tsa Botjhabela Yunivesithing ya Lutheran e Jena. Ha a le dilemo di 24, o ile a kgethwa hore e be moprofesa wa Seheberu toropong ya Leipzig. O ile a tla ka diphetoho, a bula sekolo toropong ya Nuremberg moo baithuti ba neng ba ka ithuta Seheberu, Segerike, Selatine le Sejeremane ka dilemo tse nne. Ho ne ho sa kgonahale ka nako eo hore dikolo kapa diyunivesithi, di rute dipuo tseo.
“BOKGABANE BA PHETOLELO ENA”
Ka 1587, Hutter o ile a hatisa phetolelo ya Seheberu e tsejwang e le Testamente ya Kgale. Phetolelo ena, e ne e bitswa Derekh ha-Kodesh, e nkuwe lengolong la Esaia 35:8 mme e bolela “Tsela ya Kgalalelo.” E ne e ngotswe ka mongolo o motle o ipiletsang mme “batho bohle ba bua hantle ka bokgabane ba phetolelo ena.” Empa ntho e neng e ikgetha ka ho fetisisa ka Bibele ena, ke hore baithuti ba ne ba kgona ho e sebedisa ha ba ithuta Seheberu.
E le hore o bone bohlokwa ba Bibele ya Seheberu ya Hutter, ela hloko diphephetso tse pedi tseo moithuti a neng a tjamelane le tsona ha a bala Bibele ka Seheberu. Ya pele, Seheberu se na le dialfabete tse sa tshwaneng le tse sa tlwaelehang. Ya bobedi, sehlongwapele le sehlongwanthao sa sona, se etsa hore ho be thata ho bona motso wa mantswe hantle. Nka ka mohlala, lentswe lena la Seheberu נפשׁ (le nkuwe puong e nngwe jwalo ka ha le le jwalo ne’phesh), e bolelang “moya.” Ho Ezekiele 18:4, le etellwa pele ke sehlongwapele ה (ha), seo e reng ha se kopantswe ebang הנפשׁ (han·ne’phesh), e ntseng e bolela “moya.” Ho motho ya sa kwetlisetswang ho bala Seheberu, lentswe, הנפשׁ (han·ne’phesh) le ka bonahala le fapane hole le lentswe, נפשׁ (ne’phesh).
Hutter o ile a sebedisa motjhini o tswetseng pele wa ho printa e le ho thusa baithuti ba hae, moo dialfabete tsa Seheberu di neng di tswa ka mongolo o motenya le o bonahalang. O ile a printa motso wa lentswe le leng le le leng ka mongolo o motenya. O ile a sebedisa mongolo o motsho o etsang hore sehlongwapele sa lentswe le sehlongwanthao, di bonahale * Mantswe a nkuweng puong e nngwe jwalo ka ha a le jwalo, a ngotswe ka mongolo o motsho o motenya, mme ha e le sehlongwapele le sehlongwanthao tsona, di ngotswe ka mongolo o tlwaelehileng. Mongolo o tshwailweng setshwantshong, ke ona oo Hutter a o sebedisitseng Bibeleng ya hae ya Seheberu ho Ezekiele 18:4 le oo Reference Bible e o sebedisitseng mongolong wa yona o botlaseng ba leqephe lengolong le tshwanang.
haholwanyana. Motjhini ona, o ne o nolofalletsa baithuti hore ba kgone ho bona motso wa lentswe la Seheberu ka ho hlaka ha ba ntse ba ithuta Seheberu. New World Translation of the Holy Scriptures—With References ya sekgowa, e sebedisa mokgwa o tshwanang hantle mongolong o botlaseng ba leqephe.BIBELE YA SEHEBERU YA “TESTAMENTE E NTJHA”
Hutter o ile a boela a printa le Testamente e Ntjha, ka dipuo tse 12. Hutter, o ne a batla le phetolelo ya Seheberu ya Mangolo a Segerike a Bakreste e kenelle. Testamente ena, e ile ya hatisetswa toropong ya Nuremberg ka 1599 ke kahoo hangata e bitswang Nuremberg Polyglot. Empa o ile a bontsha hore esita le ha a “ka leka lehlohonolo” hore a fetolele ka Seheberu, ho ne ho ka nna ha ba boima. * Kahoo, o ile a fetolela Testamente e Ntjha ho tloha Segerikeng ho ya Seheberung. Ho sa tsotellehe maima le manolo ao a kopaneng le ona, o ile a qetella a finyelletse mosebetsi wa phetolelo ka selemo feela!
Mangolo a Segerike a Bakreste a Hutter a ne a le molemo hakae? Setsebi se seng sa Moheberu se phetseng dilemong tsa bo 1800 e leng Franz Delitzsch o ile a ngola tjena ha a bua ka Hutter: “Phetolelo ya hae e ne e utlwisiseha e bile e ikgetha hobane e ne e sebedisa puo e bonolo. Le hona jwale tjena, e sa ntse e le ya bohlokwa. Ho bonahala a bile lehlohonolo ka nnete, hobane nako le nako seo a neng a se ngola se ne se nepahetse.”
E NTSE E SUSUMETSA BA BANGATA LE KAJENO
Le hoja Dibebele tsa Hutter di sa ka tsa rekwa ka bongata, mosebetsi oo wa hae o ne o tswela batho molemo mme o ntse o susumetsa ba bangata le kajeno. Ka mohlala, Testamente ya hae e Ntjha ya Seheberu, e ile ya ntjhafatswa mme ya printwa botjha ka 1661 ke William Robertson le ka 1798 ke Richard Caddick. Ha a ne a fetolela ho tswa Segerikeng sa pele, Hutter o ile a fetolela ditlotla tsena Kyʹri·os (Morena) le The·osʹ (Modimo) e le “Jehova” (יהוה, JHVH). Haeba mantswe a qotsuwe ho tswa Mangolong a Seheberu, o ne a kenya lebitso Jehova le ha a bona moo ho hlokahalang hore a etse seo. Taba ena e ya thabisa hobane le ha phetolelo tse ngata tsa Testamente e Ntjha di sa sebedise lebitso la Modimo, phetolelo ya Hutter yona e a le sebedisa ebile e fana ka bopaki bo totobetseng ba ho kgutlisetsa lebitso la Modimo Mangolong a Segerike a Bakreste.
Nako e tlang ha o bona lebitso la Modimo, Jehova, Mangolong a Segerike a Bakreste kapa o sheba mongolo o botlaseng ba leqephe Bibeleng ya Reference Bible, hopola mosebetsi o tswileng matsoho wa Dibibele Tsa Elias Hutter Tsa Seheberu Tse sa Lebaleheng.
^ par. 7 Sheba karolo ya bobedi ya mongolo o botlaseng ba leqephe ho Ezekiele 18:4 le Sehlomathiso 3B Bibeleng ya sekgowa ya Reference Bible.
^ par. 9 Ho bonahala ditsebi tse ding di ne di ile tsa leka ho hatisa Dibibele tsa Testamente e Ntjha ka Seheberu. Emong wa ditsebi tsena ke Simon Atoumanos, ya neng a phela tlasa mmuso wa Byzantine ka bo 1360. Setsebi se seng ke Oswald Schreckenfuchs wa Lejeremane ya phetseng ka bo 1565. Le ha ho le jwalo, boiteko ba bona ba ho hatisa dibibele tsena, bo ile ba hloleha ebile ha ho tsejwe le moo di leng teng.