Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

O ka Sebetsana le ho Kula ka Tshohanyetso Jwang?

O ka Sebetsana le ho Kula ka Tshohanyetso Jwang?

 Na maemo a hao a bophelo a kile ba mpefala o sa lebella? Haeba ho jwalo, o tlameha o tseba hore na ho kula ho kgathatsa hakae kelellong, maikutlong le hore hape ho hloka tjhelete e ngata haholo. Keng e ka o thusang ho sebetsana le boemo boo? O ka thusa ba lelapa kapa motswalle ya kulang jwang? Le hoja Bibele e se buka ya tsa bongaka, e na le melaomotheo e ka o thusang hore o sebetsane le boemo boo bo boima.

Dikeletso tse ka o thusang ha o kula

  •   Batla thuso ya dingaka

     Seo Bibele e se buang: “Batho ba phetseng hantle ha ba hloke ngaka empa ba kulang ba a e hloka.”​—Matheu 9:12.

     Seo e se bolelang: Kopa thuso ya dingaka ha ho hlokahala.

     Leka sena: Batla hore na ke thuso efe ya dingaka e ka o tswelang molemo e fumanehang ho latela maemo a hao. Ka dinako tse ding, ho ka ba molemo ho bua le dingaka tse mmalwa ka bothata ba hao. (Diproverbia 14:​15) Buisana le tsona ka ho hlakileng ka bothata ba hao, etsa bonnete ba hore o utlwisisa seo ba o bolellang sona le hore le bona ba utlwisisa bothata ba hao hantle. (Diproverbia 15:​22) Ithute ka bokudi ba hao le ka mekgwa yohle e teng ya phekolo bakeng sa bona. Ha o utlwisisa seo o ka se lebellang, ho tla ba bonolo hore o sebetsane le bothata ba hao mme o kgethe phekolo e nepahetseng.

  •   Dula o etsa dintho tse tla o thusa hore o be le bophelo bo botle

     Seo Bibele e se buang: “Ho ikwetlisa mmele ho na le molemo o itseng.”​—1 Timothea 4:8.

     Seo e se bolelang: Ho dula o etsa dintho tse tla o thusa hore o phele hantle jwalo ka ho ikwetlisa ka mehla, ho ka o tswela molemo haholo.

     Leka sena: Ikwetlise ka mehla, o je hantle o be o robale ka ho lekaneng.Ha o ntse o sebetsana le ho ba le boikutlo bo nepahetseng ka bokudi ba hao, ditsebi di bontsha hore ho ipha nako ya ho etsa dintho tse tla o thusa hore o phele hantle, ho tla o tswela molemo haholo. Le ha ho le jwalo, etsa bonnete ba hore dintho tseo o di etsang ha di etse hore o kule le ho feta kapa ho sitisa meriana hore e o thuse.

  •   Kopa thuso ho ba bang

     Seo Bibele e se buang: “Motswalle wa nnete o lerato ka dinako tsohle mme ke ngwaneno eo o ka mo tshepang dinakong tsa mahlomola.”​—Diproverbia 17:17.

     Seo e se bolelang: Metswalle ya hao e ka o thusa ho sebetsana le maemo a thata.

     Leka sena: Bua le motswalle eo o mo tshepang eo o ka phutholohang ho mo bolella maikutlo a hao. Ha o etsa jwalo, o tla imoloha mme o fokotse stress se bakwang ke ho kula. Metswalle le ba lelapa ba ka thabela ho o thusa empa ba ka nna ba se ke ba tseba hore na ba o thusa jwang. Ka hoo, ba bolelle hore na o ka thabela hore ba o thuse jwang. O se ke wa lebella hore ba o etsetse dintho tse kgolo empa o ananele thuso le ha e le efe eo ba o fang yona. Hopola hore le hoja ba ena le maikutlo a matle a ho batla ho o thusa, ka dinako tse ding ba ka nna ba etsa dintho tse ka o kgathatsang mme wa utlwa o imetswe. Ka hoo, o ka nna wa beha meedi ya hore na ba o etele ka nako e kae le ka makgetlo a makae.

  •   Dula o ena le maikutlo a matle

     Seo Bibele e se buang: “Pelo e thabileng ke moriana empa ha motho a wele moya o fellwa ke matla.”​—Diproverbia 17:22.

     Seo e se bolelang: Haeba o ena le maikutlo a matle ebile o ena le tshepo, seo se tla o thusa hore o dule o kgobile matshwafo le ho sebetsana le ho kula ha hao.

     Leka sena: Ha o ntse o tlwaelana le boemo ba hao bo botjha, tsepamisa kelello dinthong tseo o kgonang ho di etsa, eseng tse ka hodimo ho matla a hao. Qoba ho ipapisa le batho ba bang kapa le tsela eo o neng o etsa dintho ka yona pele o kula. (Bagalata 6:4) Ipehele dipakane tseo o ka kgonang ho di finyella ka ha seo se tla o thusa hore o dule o ena le maikutlo a matle. (Diproverbia 24:​10) Etsetsa batho ba bang dintho tse itseng, ha maemo a o dumella. Thabo e tliswang ke ho fana e ka o thusa hore o se ke wa tshwenyeha haholo.​—Diketso 20:35.

Na Modimo a ka o thusa ho sebetsana le ho kula?

 Bibele e re Jehova Modimo a a ka re thusa ho sebetsana le ho kula. Le hoja re sa lebella hore a re fodise ka mohlolo, Modimo a ka thusa barapedi ba hae ka ditsela tse latelang:

 Kgotso. Jehova a ka re fa “kgotso eo batho ba ke keng ba e utlwisisa.” (Bafilipi 4:​6, 7) Kgotso ena e ka re thusa hore re kgobe matshwafo mme re qobe ho ikutlwa re imetswe ke ho tshwenyeha haholo. Modimo o fana ka kgotso e jwalo ho batho ba mo rapelang mme ba mo bolella dintho tse ba tshwenyang.​—1 Petrose 5:7.

 Bohlale. Jehova a ka re fa bohlale ba ho etsa diqeto tse nepahetseng. (Jakobo 1:5) Motho o fumana bohlale boo ha a ithuta a bile a sebedisa melaomotheo e sa fellweng ke nako e fumanehang ka Bibeleng.

 Tshepo e kgothatsang ka bokamoso. Jehova o tshepisa hore nakong e tlang “ha ho moahi ya tla re: ‘Ke a kula.’ ” (Esaia 33:​24) Tshepo ena e thusa batho ba bangata hore ba dule ba kgobile matshwafo ho sa tsotellehe hore na ba kula hakae.​—Jeremia 29:​11, 12.

a Jehova ke lebitso la Modimo le hlahang ka Bibeleng.​—Pesaleme ya 83:18.