Na Boiteko ba Mebuso ba ho Bopa Kgotso bo ka Etsa Hore ho be le Kgotso Lefatsheng?
Ho dula ho ena le dintwa le dikgohlano lefatsheng leo re phelang ho lona. Ka lebaka la seo, Matjhaba a Kopaneng le mekgatlo e meng e etsa mesebetsi e fapaneng ho tlisa kgotso dinaheng tseo ho nang le dintwa. Ba romela baemedi moo ka tshepo ya hore maemo a tla tsitsa. Mongodi kakaretso wa Matjhaba a Kopaneng António Guterres o re “Batho ba romelwang ke Matjhaba a Kopaneng ho tlisa kgotso ke ba bohlokwa haholo mererong ya ho tlisa kgotso lefatsheng.”
Ho theosa le dilemo boiteko ba ho boloka kgotso bo ile ba eba le katleho maemong a mang. Ka mohlala, baemedi bana ba ile ba fana ka tshireletso ho baahi, ba kgutlisetsa baphaphathehi dinaheng tsa habo bona, ba ba thusa ka dintho tseo ba di hlokang le ho thusa setjhaba ho tsosolosa ditshebeletso tsa mantlha. Le ha ho le jwalo, ho na le ditshitiso tse ngata tse etsang hore boiteko ba mekgatlo ba ho etsa kgotso bo se ke ba atleha ka ho felletseng. Na ho tla ke ho be le tharollo ya moshwelella e tla tlisa kgotso ya sebele lefatsheng? Na Bibele e na le dikarabo tabeng ee?
Ditshitiso tseo mekgatlo e kopanang le tsona le tharollo ya Bibele
Tshitiso: ho se be le tshebedisano-mmoho. Ha se ka dinako tsohle ho leng bonolo hore masole le mekgatlo e fapaneng e sebetse ha mmoho haholoholo ha ebile e tswa dinaheng tse fapaneng. Ka dinako tse ding ho se utlwisisane le ho sheba dintho ka tsela e fapaneng ho etsa hore ho be thata ho sebedisana mmoho.
Tharollo ya Bibele: “Modimo wa lehodimo o tla hloma mmuso . . . O [tla fedisa] mebuso ena kaofela, mme ke wona feela o tla dula o le teng ka ho sa feleng.”—Daniele 2:44.
Haufinyane Modimo o tla fedisa dintwa tsohle mme a etse hore kgotso e be teng lefatsheng. (Pesaleme ya 46:8, 9) O tla fedisa mebuso ena kaofela mme Mmuso wa Modimo ke ona feela o tla busa lefatshe. Re ke ke ra hloka mekgatlo ya batho e bolokang kgotso hobane Mmuso o phethahetseng o busang o le lehodimong o tla busa lefatshe lohle mme ho tla be ho sena dintwa.
Tshitiso: kgaello ya disebediswa le ditsebo. Ha se ka mehla mekgatlo e bolokang kgotso e nang le batho, tjhelete e lekaneng, kapa dintho tse ding mme seo se etsa hore e se ke ya atleha ka ho felletseng. Ho sebetsa dinaheng tsena ho kotsi ebile ho ntse ho eba thata le ho feta.
Tharollo ya Bibele: “Modimo wa Morena wa rona Jesu Kreste. . . a beha [Jesu] ka letsohong la hae le letona lehodimong. O phahamiseditswe ka hodima mebuso yohle, bolaodi bohle, [le] matla ohle.”—Baefese 1:17, 20, 21.
Modimo ya matla ohle, Jehova, a o file Jesu dintho tsohle tseo a di hlokang e le hore a buse. (Daniele 7:13, 14 b) Modimo o file Jesu matla, tsebo, bohlale le temoho tse fetang tsa mmuso kapa mokgatlo le ha e le ofe wa batho. (Esaia 11:2) Jesu o boetse ona le lebotho le matla la mangeloi ao a ka a sebedisang. (Tšenolo 19:14) Haho letho le ka mo thatafallang.
Jesu o tla sebedisa bokgoni le ditsebo tseo Modimo a mo fileng ho fedisa ntwa a be a tlise kgotso le tshireletseho ho batho bohle ba phelang tlasa Mmuso wa Modimo.—Esaia 32:17, 18.
Tshitiso: molao. Ka dinako tse ding molao o thatafalletsa basebetsi ba mekgatlo e bolokang kgotso ho etsa mosebetsi wa bona hantle ka lebaka la ditaelo tse sa hlakang. Seo se ba thatafalletsa ho sireletsa batho kapa ho finyella merero eo ba ipehetseng yona.
Tharollo ya Bibele: “[Jesu o] filwe matla hodima ntho e nngwe le e nngwe e lehodimong le lefatsheng.”—Matheu 28:18.
Modimo o file Jesu ditaelo tse hlakileng le matla e le hore a etse hore ho be le kgotso lefatsheng. (Johanne 5:22) Ha ho mohla Jesu a tla ahlola ka ho hloka toka kapa e be mmusi ya tletseng bobodu. (Esaia 11:3-5) Ke ho utlwahalang hore ebe Bibele e bitsa Jesu “Kgosana ya Kgotso,” hobane Mmuso wa hae o busa “ka toka le ka ho loka.”—Esaia 9:6, 7.
Mmuso wa Modimo o tla tlisa kgotso ya sebele
Mekgatlo ya batho ba bolokang kgotso e ka tlisa botsitso ho isa boholeng bo itseng kapa mohlomong e fedise le dintwa dibakeng tse ding. Le ha ho le jwalo ba ke ke ba kgona ho fedisa lehloyo le teng ka dipelong tsa batho, le etsang hore ba lwane.
“Kgotso ha e yo mme ho thata ho boloka ntho e siyo.”—Dennis Jett, eo e neng e le moemedi wa naha ya America.
Ho fapana le mebuso ya batho, Mmuso wa Modimo ona o tla kgona ho tlisa kgotso ya sebele hobane o kgona ho thusa batho ho tlosa lehloyo le teng ka dipelong tsa bona. Ka mohlala hlokomela hore ha Jesu a ntse a le lefatsheng o ile a ruta balatedi ba hae ka mantswe le ka diketso hore na ba ka bopa kgotso jwang le ho bontsha ba bang lerato:
Jesu o ile a boela a re batho ba tla buswa ke Mmuso wa Modimo ba tla bonahala ka ho ratana. Bibele e boetse e a hlakisa hore batho ba hloileng ba bang ba ke ke ba phela Mmusong wa Modimo:
Ka ha Jehova Modimo ke yena ya bopileng moloko wa batho o tseba tsela e molemo ka ho fetisisa ya ho tlisa kgotso lefatsheng. Mmuso wa Modimo o tla atleha ho etsa ntho eo batho ba hlolehileng ho e etsa e leng ho tlisa kgotso lefatsheng.
a Jehova ke lebitso la Modimo. (Pesaleme ya 83:18) Bala sehlooho se reng “Jehova ke Mang?”
b Ho Daniele 7:13, 14, mantswe a reng “mora motho” a bua ka Jesu Kreste.—Matheu 25:31; 26:63, 64.