Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

KGAOLO YA 20

Phutheho ya Dipaki Tsa Jehova e Hlophisitswe Jwang?

Phutheho ya Dipaki Tsa Jehova e Hlophisitswe Jwang?

Jehova ke Modimo ya hlophisehileng. (1 Bakorinthe 14:33) Ka hoo re ka lebella hore le bahlanka ba hae ba hlophisehe. Phutheho ya Bokreste e hlophisitswe jwang? Re ka etsang hore dintho di tsamaye hantle ka phuthehong?

1. Hlooho ya phutheho ke mang?

‘Kreste ke hlooho ya phutheho.’ (Baefese 5:23) O etella pele mosebetsi wa batho ba Jehova lefatsheng lohle a le lehodimong. Jesu o kgethile “lekgoba le tshepahalang le le masene,” e leng baholo ba seng bakae ba nang le boiphihlelo ba tsejwang e le Sehlopha se Busang. (Bala Matheu 24:45-47.) Sehlopha se Busang se latela mohlala wa baapostola le banna ba baholo ba neng ba le Jerusalema ka hore se tataise diphutheho lefatsheng lohle. (Liketso 15:2) Empa baholo bana ha se bona baetapele ba mokgatlo. Ba tataiswa ke Jehova le Lentswe la hae ebile ba ikokobelletsa bohlooho ba Jesu.

2. Mosebetsi wa baholo ke ofe?

Baholo ke banna ba Bakreste ba nang le boiphihlelo, ba rutang Lentswe la Modimo le ba hlokomelang batho ba Jehova ka ho ba thusa le ho ba kgothatsa. Ha ba patallwe mosebetsi oo ba o etsang. Empa ba o etsa “ka ho rata, eseng ka lebaka la lerato la leruo la ho se tshepahale, empa ka tabatabelo.” (1 Petrose 5:1, 2) Baholo ba thuswa ke bahlanka ba sebeletsang mme ha nako e ntse e ya, le bona ba ka tshwaneleha hore e be baholo.

Sehlopha se Busang se kgetha baholo ba bang hore e be balebedi ba potoloho. Ba etela diphutheho tse fapafapaneng ho di tataisa le ho di kgothatsa. Ba kgetha baholo le bahlanka ba sebeletsang haeba ba na le makgabane ao Bibele e reng ba lokela ho ba le ona.​—1 Timothea 3:1-10, 12; Tite 1:5-9.

3. Paki e nngwe le e nngwe e na le boikarabelo bofe?

Bohle ba ka phuthehong ‘ba rorisa lebitso la Jehova’ ka ho nka karolo dibokeng le ho kenya letsoho mosebetsing wa ho ruta batho Bibele ka hohle ka moo ba ka kgonang.​—Bala Pesaleme ya 148:12, 13.

ITHUTE DINTLHA TSE DING

Ithute hore na Jesu ke moetapele ya jwang, hore na baholo ba leka ho mo etsisa jwang le hore na re ka etsang hore re mamele Jesu le baholo.

4. Jesu ke moetapele ya kgathollang

Jesu o a re mema. Bala Matheu 11:28-30 ebe le buisana ka potso ena:

  • Jesu o batla hore re ikutlwe jwang ka boetapele ba hae?

Baholo ba etsisa mohlala wa Jesu jwang? Bapala VIDEO.

Bibele e bolela ka ho hlaka hore na baholo ba etse mosebetsi wa bona jwang.

Bala Esaia 32:2 le 1 Petrose 5:1-3 ebe le buisana ka dipotso tsena:

  • Taba ya hore ebe baholo ba etsisa Jesu ka ho kgatholla ba bang e etsa hore o ikutlwe jwang?

  • Baholo ba etsisa Jesu ka ditsela dife tse ding?

5. Baholo ba re behela mohlala

Jesu o batla hore baholo ba ikutlwe jwang ka mosebetsi wa bona? Bapala VIDEO.

Jesu o behela baholo mohlala. Bala Matheu 23:8-12 ebe le buisana ka potso ena:

  • Ke phapang efe eo o e bonang dipakeng tsa makgabane ao Bibele e reng baholo ba lokela ho ba le ona le tsela eo o bonang baetapele ba dikereke ba itshwara ka yona?

  1. Baholo ba boloka kamano ya bona le Jehova e le matla mme ba thusa ba malapa a bona hore le bona ba etse jwalo

  2. Baholo ba hlokomela batho bohle ka phuthehong

  3. Baholo ba ruta batho Bibele kamehla

  4. Baholo ke mesuwe. Ba boetse ba thusa ka ho hlwekisa le ho etsa mesebetsi e meng

6. Re lokela ho sebedisana hantle le baholo

Bibele e a re bolella hore na ke hobaneng ha ho le bohlokwa ho sebedisana hantle le baholo. Bala Baheberu 13:17 ebe le buisana ka dipotso tsena:

  • Na ke ntho e utlwahalang hore ebe Bibele e re kgothaletsa hore re mamele le ho ikokobelletsa ba etellang pele? Ke hobaneng ha o tjho jwalo?

Bala Luka 16:10 ebe le buisana ka potso ena:

  • Ke hobaneng ha ho le bohlokwa ho mamela baholo esita le dinthong tseo ho bonahalang eka di nyenyane?

BATHO BA BANG BA RE: “Ha ho hlokahale hore o be karolo ya bodumedi bo itseng.”

  • O nahana hore motho a ka fumana melemo efe ka ho sebeletsa Modimo ka phuthehong?

KAKARETSO

Jesu ke hlooho ya phutheho. Re thabela ho sebedisana hantle le baholo ba ikokobelletsang Jesu hobane ba a re kgatholla ebile ba re behela mohlala o motle.

Re Ithutileng?

  • Hlooho ya phutheho ke mang?

  • Baholo ba thusa phutheho jwang?

  • Mohlanka e mong le e mong wa Jehova o na le boikarabelo bofe?

Seo o ka se Etsang

BATLA

Bona bopaki bo bontshang hore Sehlopha se Busang le baholo ba rata Bakrestemmoho le bona haholo.

Ho Matlafatsa Barababo Rona le ha re Thibetswe (4:22)

Ithute hore na balebedi ba potoloho ba etsa mosebetsi ofe.

Bophelo ba Mopotolohi ya Potolohang Mahaeng (4:51)

Ithute ka moo basadi ba leng bohlokwa ka teng ka phuthehong.

“Na Dipaki Tsa Jehova di na le Basadi ba Rutang?” (Molula-Qhooa, September 1, 2012)

Bala ka moo baholo ba sebetsang ka thata ka teng ho thusa Bakrestemmoho le bona.

“Baholo ba Bakreste​—‘Basebetsimmoho Bakeng sa Thabo ya Rona’” (Molula-Qhooa, January 15, 2013)