Kosepele ya Luka 10:1-42

  • Jesu o roma ba 70 (1-12)

  • Metse e sa bakeng e madimabe (13-16)

  • Barutuwa ba 70 ba a kgutla (17-20)

  • Jesu o rorisa Ntate wa hae hobane a rata ba ikokobeditseng (21-24)

  • Papiso ya Mosamaria ya molemo (25-37)

  • Jesu o tjhakela Maretha le Maria (38-42)

10  Ka mora dintho tsena Morena a kgetha ba bang ba 70 a ba roma ka bobedi+ hore ba mo etelle pele ho ya motseng le motsaneng o mong le o mong oo a neng a tla ya ho wona.  A re ho bona: “Ka nnete kotulo e kgolo empa basebetsi ba a fokola. Ka hona, le kope Monga kotulo hore a romele basebetsi kotulong ya hae.+  Eyang empa le itlhokomele, ke le romela le le jwalo ka dikonyana hara diphiri.+  Le se ke la nka sepatjhe, mokotla wa dijo kapa dieta*+ mme le se ke la qeta nako e telele le ntse le dumedisa batho ha le le tseleng.  Ha le fihla ntlong efe kapa efe le qale ka ho re: ‘E se eka ntlo ena e ka ba le kgotso.’+  Haeba batho bao e le batho ba kgotso, kgotso eo le ba lakaletsang yona e ke e be ho bona. Empa haeba ho se jwalo, e ke e kgutlele ho lona.  Haeba le fumana batho ba kgotso, le dule ntlong eo,+ le je le ho nwa dintho tseo ba le fang tsona+ ka ha motho ya sebetsang o tshwanela ho fuwa dijo.+ Le se ke la tloha moo le fihletseng teng.  Haeba ba le amohela motseng ofe kapa ofe, le je dijo tseo ba le fang tsona,  le phekole bakudi ba moo le be le phatlalatse hore Mmuso wa Modimo o atametse.+ 10  Motseng ofe kapa ofe moo ba sa le amoheleng, le ye diterateng tsa wona tse kgolo le re: 11  ‘Lerole le maotong a rona le tswang motseng wa lona re a le hlohlora e le bopaki ba hore re le lemositse.+ Le tsebe hore Mmuso wa Modimo o atametse.’ 12  Ke a le bolella hore ka Letsatsi la Kahlolo, kotlo ya Sodoma e tla ba bobebe ho feta ya motse oo.+ 13  Ho madimabe lona baahi ba Korazine le Bethsaida. Hoja mehlolo e etsahetseng metseng ya lona e etsahetse Tire le Sidone, e ka be e le kgale baahi ba teng ba bakile, ba apere lesela le hwashang* le ho dula moloreng.+ 14  Ka lebaka leo, ka Letsatsi la Kahlolo, kotlo ya baahi ba Tire le Sidone e tla ba bobebe ho feta ya lona. 15  Le lona baahi ba Kapernauma, na Modimo o tla le phahamisetsa lehodimong? Ho hang, o tla le theolela Lebitleng.* 16  Ya le mamelang le nna wa mmamela.+ Ya iphapanyetsang lona o iphapanyetsa nna. Hape ya iphapanyetsang nna o iphapanyetsa le Ya nthomileng.”+ 17  Barutuwa ba 70 ba kgutla ba thabile ba re: “Morena, esita le bademona ba a re mamela ha re ba leleka ka lebitso la hao.”+ 18  Yaba o re ho bona: “Ke bona Satane a se a wele+ jwalo ka lehadima lehodimong. 19  Bonang, ke le file matla a ho hatakela dinoha le diphepheng le a ho hlola sera se matla+ mme ha ho letho le tla le ntsha kotsi. 20  Le ha ho le jwalo, le se ke la thabela feela hore ebe bademona ba a le mamela empa le thabiswe ke hore mabitso a lona a ngotswe mahodimong.”+ 21  Ka yona nako eo, Modimo a fa Jesu moya o halalelang, moya oo wa etsa hore a thabe yaba o re: “Ke o rorisa phatlalatsa Ntate, Morena wa lehodimo le lefatshe hobane o patetse ba bohlale le ba nang le kelello dintho tsena+ mme o di senoletse bana ba banyenyane. E, Ntate hobane ke thato ya hao hore ho be jwalo.+ 22  Ntate ke yena ya mphileng dintho tsohle. Ha ho na motho ya ntsebang* haese Ntate ebile ha ho na motho ya tsebang Ntate haese nna+ le mang kapa mang eo ke ratang ho mo ruta ka Ntate.”+ 23  A bua le barutuwa moo ba leng bang a re: “Le a thaba hobane le bona dintho tsena.+ 24  Ka nnete ke re ho lona, baprofeta le marena ba ile ba lakatsa ho bona dintho tseo le di bonang+ le ho utlwa dintho tseo le di utlwang empa ha ba a ka ba di bona kapa ba di utlwa.” 25  Monna e mong wa setsebi sa Molao o ne a batla ho leka Jesu yaba o a ema o re: “Mosuwe, ke etseng hore ke fumane bophelo bo sa feleng?”+ 26  A re ho yena: “Molao o reng, na o a o utlwisisa?” 27  Monna eo a re ho yena: “‘O rate Jehova* Modimo wa hao ka pelo ya hao yohle, ka moya wa hao wohle, ka matla a hao ohle le ka kelello ya hao yohle.’+ Hape ‘o rate moahisani wa hao jwalo ka ha o ithata.’”+ 28  Jesu a re ho yena: “O arabile hantle, o nne o etse jwalo mme o tla fumana bophelo bo sa feleng.”+ 29  Empa ka ha monna eo o ne a batla ho ipaka hore o lokile,+ a re ho Jesu: “Hantlentle moahisani wa ka ke mang?” 30  Jesu a mo araba ka ho re: “Motho e mong o ne a theoha Jerusalema a ya Jeriko yaba mashodu a a mo hlasela, a mo nkela dintho tsohle, a mo otla yaba a mo siya a le makgatheng a lefu. 31  Jwale ha etsahala hore moprista e mong a theohe ka tsela eo empa ha a mo bona, a tsamaela ka lehlakoreng le leng. 32  Molevi e mong le yena a theoha ka tsela eo yaba o etsa ntho e tshwanang. 33  Empa Mosamaria+ yena ha a feta ka tsela eo, a mo bona yaba o a mo hauhela. 34  A ya ho yena, a tshela maqeba a hae ka oli le veine yaba o a a tlamisa. A mo palamisa tonki ya hae, a mo isa ntlong ya baeti mme a mo hlokomela. 35  Letsatsing le hlahlamang, a fa mohlokomedi wa ntlo ya baeti didenari* tse pedi yaba o re ho yena: ‘Mo hlokomele. Haeba o ka sebedisa tjhelete e fetang ena ke tla o patala ha ke kgutla.’ 36  Ho ba bararo baa ke mang eo e bileng moahisani+ wa monna ya hlasetsweng ke mashodu?” 37  A re: “Ke ya ileng a mo hauhela.”+ Jwale a re ho yena: “Tsamaya le wena o etse ntho e tshwanang.”+ 38  Ba tswela pele ka leeto yaba ba fihla ha mosadi e mong ya bitswang Maretha,+ a ba amohela lapeng ha hae. 39  Maretha o ne a ena le ngwanabo ya bitswang Maria, ya ileng a dula maotong a Jesu hore a mo mamele. 40  Maretha yena o ne a phathahane ka mesebetsi e mengata. A ya ho Jesu a re: “Morena, na o bona ho lokile hore Maria a ntlohele ke sebetse ke le mong? Ke kopa o re a tlo nthusa.” 41  Jesu a re ho yena: “Maretha, Maretha, o tshwenyehile ka dintho tse ngata haholo. 42  Ha re hloke dintho tse ngata, e le nngwe feela e tla be e lekane. Maria o kgethile ntho e nepahetseng+ mme ha ho motho ya ka mo tsekisang yona.”

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Segerike: “meqathatso.”
Kapa: “Hadese.” Sheba Tlhaloso.
Ka Segerike: “ya tsebang Mora.”