Fetela boitsebisong

Ke Hobane’ng ha Lipaki Tsa Jehova li sa Nke Lehlakore Lipolotiking?

Ke Hobane’ng ha Lipaki Tsa Jehova li sa Nke Lehlakore Lipolotiking?

Lipaki Tsa Jehova li lula li sa nke karolo lipolotiking ka lebaka la seo li se lumelang, se thehiloeng lithutong tsa Bibele. Ha re kena-kenane le bo-ralipolotiki, ha re khethe mekha ea lipolotiki kapa bakhethoa, ha re loanele ho khetheloa ho sebetsa liofising tsa ’muso kapa hona ho kenya letsoho mekhoeng leha e le efe ea ho batla ho liha ’muso. Re kholisehile hore Bibele e fana ka mabaka a utloahalang a ho lumela sena.

  • Re latela mohlala oa Jesu, ea ileng a hana ho ba mokhethoa oa lipolotiki. (Johanne 6:​15) O ile a ruta balateli ba hae hore “hase karolo ea lefatše” ’me a hlakisa hore ha baa lokela ho nka lehlakore litabeng tsa lipolotiki.​—Johanne 17:14, 16; 18:36; Mareka 12:13-​17.

  • Re tšepahalla ’Muso oa Molimo, oo Jesu a neng a bua ka oona ha a re: “Litaba tsena tse molemo tsa ’muso li tla boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona.” (Matheu 24:14) Kaha re baemeli ba ’Muso oa Molimo, ba laetsoeng ho phatlalatsa hore o atametse, re lula re sa nke lehlakore lipolotiking tsa linaheng tsohle, ho akarelletsa le tsa naheng ea habo rōna.​—2 Bakorinthe 5:​20; Baefese 6:​20.

  • Kaha re lula re sa nke lehlakore, re khona ho bua ka bolokolohi le batho ba mekha eohle ka litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. Re leka ho ba bontša ka mantsoe a rōna le ka liketso hore re tšepile ’Muso oa Molimo hore ke oona o tla rarolla mathata ’ohle a lefatše.​—Pesaleme ea 56:11.

  • Kaha re qoba ho arohanngoa ke mekha ea lipolotiki, re momahane joaloka mokhatlo oa machaba oa bara ba motho. (Bakolose 3:​14; 1 Petrose 2:​17) Ka lehlakoreng le leng, malumeli a itšunya-tšunyang lipolotiking a arohanya litho tsa ’ona.​—1 Bakorinthe 1:​10.

Ho hlompha ba pusong. Le hoja re sa nke karolo lipolotiking, re hlompha ba khethiloeng hore ba buse linaheng tsa habo rōna. Sena se lumellana le taelo ea Bibele e reng: “Moea o mong le o mong o ke o ipehe tlas’a balaoli ba phahameng.” (Baroma 13:1) Re hlompha melao e behiloeng, re lefa lekhetho ebile re latela matsapa a nkuoang ke ’muso molemong oa boiketlo ba baahi. Ho e-na le hore re kenelle mekhoeng leha e le efe ea ho liha ’muso, re latela keletso ea Bibele ea hore re rapelle “marena le bohle ba boemong bo phahameng,” haholo-holo haeba ba etsa liqeto tse ka amang bolokolohi ba rōna ba ho rapela.​—1 Timothea 2:​1, 2, mongolo o botlaaseng ba leqephe.

Re boetse re hlompha litokelo tsa ba bang tsa hore ba iketsetse liqeto litabeng tse amang lipolotiki. Ka mohlala, ha re sitise likhetho kapa ha re kena-kenane le batho ba batlang ho khetha.

Na taba ea ho se nke lehlakore ke ntho ea morao tjee? Che. Baapostola le Bakreste ba bang ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba e-na le maikutlo a tšoanang mabapi le ba boholong ’musong. Buka ea Beyond Good Intentions e re: “Le hoja Bakreste ba pele ba ne ba lumela hore ba lokela ho hlompha babusi, ba ne ba sa lumele ho kopanela litabeng tsa lipolotiki.” Ka ho tšoanang, buka ea On the Road to Civilization e re Bakreste ba pele “ba ne ba sa amohele maemo a bopolotiki.”

Na taba ea hore ha re nke karolo lipolotiking e beha tšireletso ea naha kotsing? Che. Re batho ba ratang khotso bao ba boholong ’musong ba sa lokelang ho tšosoa ke bona. A re hlahlobeng tlaleho ea 2001 ea Setsi sa Sechaba sa Thuto e Phahameng ea Saense, Ukraine. Ha e bua ka taba ea hore na ke hobane’ng ha re sa nke karolo lipolotiking, e ile ea re: “Kajeno batho ba bang ba ka ’na ba nyatsa qeto ena ea Lipaki Tsa Jehova; ke lona lebaka le ka sehloohong le ileng la etsa hore ba qosoe ke ’muso oa bahatelli oa Manazi le ke ’muso oa Makomonisi oa mehleng ea khale.” Leha ho le joalo, esita le pusong ea bahatelli ea Soviet, Lipaki “li ile tsa lula li ikobela melao. Li ile tsa sebetsa mapolasing a kopantsoeng, tsa sebetsa lifemeng ka botšepehi le ka boitelo ’me li ne li se kotsi ho hang ’musong oa Makomonisi.” Tlaleho eo ha e lihella likhala e ile ea re, ka ho tšoanang le kajeno, seo Lipaki Tsa Jehova li se lumelang le tsela eo li phelang ka eona ha e “khelle fatše tšireletso le botšepehi ba naha leha e le efe.”