Se Tlisang Thabo ka Lapeng
Ho Lokisa Mathata
Monna o re: “Bana ba kae?”
Mosali o re: “Ba il’o reka liaparo mabenkeleng.”
Monna o re: [A tenehile a bile a phahamisitse lentsoe] “Ba il’o reka liaparo tse ling hape? Ba sa tsoa reka liaparo tse ncha khoeling e fetileng!”
Mosali o re: [A ipuella, a utloile bohloko a bile a nahana hore oa hlaseloa] “Ho na le fantisi akere! Ntle ho moo, ba nkōpile, ’me ka re ba ka ea.”
Monna o re: [A halefile ’me a kharuma] “Ua tseba hore ha ke batle ha barali ba rōna ba sebelisa chelete ke sa tsebisoa! Uena u tatela ho etsa liqeto u sa mpolella!”
U NAHANA hore lelapa lee le lokela ho lokisa mathata afe? Ho hlakile hore monna o na le bothata ba ho laola bohale. Ntle le moo, ho bonahala hore banyalani bana ha ba utloane tabeng ea hore na bana ba bona ba lokela ho ba le bolokolohi bo bokae. ’Me ho bonahala ho se na puisano e ntle.
Ha ho na lenyalo le se nang mathata. Banyalani bohle ba tla ba le mathata a itseng. Ho sa tsotellehe hore na mathata a manyenyane kapa a maholo, ke habohlokoa hore monna le mosali ba ithute ho a lokisa. Hobane’ng?
Ha nako e ntse e e-ea, mathata a sa rarolloeng a ka ’na a koala puisano. Morena Solomone ea bohlale o ile a re: “Ho na le likhang tse joaloka mokoallo oa tora ea bolulo.” (Liproverbia 18:19) Le ka etsa joang hore le buisane hamolemo ha le lokisa mathata?
Joalokaha pelo le matšoafo li hlokahala hore mali a phalle ’meleng, lerato le tlhompho lia hlokahala hore ho be le puisano e ntle lenyalong. (Baefese 5:33) Ha banyalani ba lokisa mathata, lerato le tla ba susumelletsa ho hlokomoloha liphoso tsa nako e fetileng—le bohloko boo motho a bo utloileng—’me ba tsepamise maikutlo bothateng boo ba nang le bona nakong eo. (1 Bakorinthe 13:4, 5; 1 Petrose 4:8) Banyalani ba hlomphanang ba fana monyetla oa hore ba buisane ka bolokolohi ’me ba leke ka matla ho utloisisa seo e mong a se bolelang.
Litsela Tse ’nè Tsa ho Lokisa Mathata
Hlahloba litsela tse ’nè tse thathamisitsoeng ka tlaase mona, ’me u hlokomele kamoo melao-motheo ea Bibele e ka u thusang ho lokisa mathata ka lerato le ka tlhompho.
1. Behang nako ea ho buisana ka bothata.
“Ho na le nako e behiloeng bakeng sa ntho e ’ngoe le e ’ngoe, . . . nako ea ho khutsa le nako ea ho bua.” (Moeklesia 3:1, 7) Joalokaha ho bontšitsoe phehisanong eo ho builoeng ka eona pejana, mathata a mang a ka etsa hore motho a phahamise maikutlo. Haeba seo se etsahala, ithibe ebe u kōpa hore le tlohele taba eo ka nakoana—le ‘khutse’—pele bohale ba lōna bo tloka. Le ka etsa hore kamano ea lōna e se ke ea senyeha haeba le mamela keletso ea Bibele e reng: “Ho qala phapang ke ho phunya metsi; ka baka leo, khang ha e e-so ho hotele, u e tlohele.”—Liproverbia 17:14, Bibele ea Sesotho.
Leha ho le joalo, ho boetse ho na le “nako ea ho bua.” Mathata a tšoana le lehola le tlokomang ha le sa hlaoloe. Ka hona le se ke la hlokomoloha bothata, ka tšepo ea hore bo tla fela. Bontša hore u hlompha molekane oa hao ka hore u khethe nako e haufi eo le tla buisana ka eona haeba u re le behe taba molatsa. Ho etsa joalo ho ka le thusa ka bobeli hore le sebelise keletso ea Bibele e reng: “Letsatsi le se ke la le likella le halefile.” (Baefese 4:26) Ha e le hantle, ho hlokahala hore u phethahatse tšepiso ea hao.
LEKANG HO ETSA TJENA: Beke ka ’ngoe, khethang nako e tšoanang ea hore le buisane ka mathata a lelapa. Haeba u elelloa hore u tloaetse ho pheha khang nakong e itseng ea letsatsi—ka mohlala, ha u fihla lapeng u tsoa mosebetsing kapa pele u e-ja—lumellanang hore le se ke la buisana ka mathata linakong tseo. Ho e-na le hoo, khethang nako eo ka eona ka bobeli le phutholohileng.
2. Ntša maikutlo a hao ka bolokolohi le ka tlhompho.
“E mong le e mong oa lōna a bue ’nete le moahelani oa hae.” (Baefese 4:25) Haeba u nyetse kapa u nyetsoe, moahelani oa hao ea haufi-ufi ke molekane oa hao. Ka hona, lokoloha u be u tobe taba ha u bolella molekane oa hao maikutlo a hao. Margareta, * ea nang le lilemo tse 26 a nyetsoe o re: “Ha ke sa tsoa nyaloa, ke ne ke lebeletse hore ho tla itlela feela hore monna oa ka a tsebe hore na ke ikutloa joang ha bothata bo hlaha. Ke ile ka lemoha hore kea ithetsa. Hona joale ke leka ho hlakisa hore na ke nahana eng le hore ke ikutloa joang.”
Hopola hore sepheo sa lōna sa ho buisana ka bothata, hase ho hlōla nyeoe kapa sera, empa ke hore feela u bolelle molekane oa hao kamoo u ikutloang kateng. E le hore u atlehe ho etsa joalo, bolela hore na u nahana hore bothata ke eng, u bolele hore na bo hlaha neng, ebe u hlalosa hore na bo etsa hore u ikutloe joang. Ka mohlala, haeba u utloisoa bohloko ke bohlasoa ba molekane oa hao, ka tlhompho u ka re, ‘Ha u fihla hae u tsoa mosebetsing ’me u siea liaparo tsa hao fatše [u hlalosa hore na bothata bo hlaha neng hona bo bakoa ke eng], ke nahana hore ha u ananele mosebetsi oo ke o etsang oa ho hloekisa ntlo [u hlalosa hore na u ikutloa joang].’ Ebe ka bohlale u bolela hore na bothata bona bo ka lokisoa joang.
LEKA HO ETSA TJENA: E le hore u hopole lintlha tsa hao hantle pele u buisana le molekane oa hao, ngola hore u nahana hore bothata ke bofe le hore na bo ka lokisoa joang.
3. Mamela maikutlo a molekane oa hao ’me u a ananele.
Morutuoa Jakobo o ile a re Bakreste ba lokela ho ‘potlakela ho utloa, ba liehe ho bua, ba liehe ho halefa.’ (Jakobo 1:19) E ’ngoe ea lintho tse lukang khotso lenyalong ke maikutlo a hore molekane oa hao ha a utloisise hore na u ikutloa joang ka bothata bo itseng. Kahoo, ikemisetse hore u se ke ua fa molekane oa hao maikutlo a joalo!—Matheu 7:12.
Wolfgang, ea nang le lilemo tse 35 a nyetse, o re, “Ha re buisana ka mathata, ha ke phutholohe, haholo-holo ha ke bona eka mosali oa ka ha a utloisise tsela eo ke nahanang ka eona.” Dianna, eo e seng e le lilemo tse 20 a nyetsoe, o re, “Ntho eo ke atisang ho lla ka eona ho monna oa ka ke hore ha a hlile ha a ’mamele ha re buisana ka mathata.” U ka hlōla bothata boo joang?
U se ke ua nka hore u tseba seo molekane oa hao a se nahanang kapa hore na o ikutloa joang. Lentsoe la Molimo le re: “Ka ho iketelletsa pele motho o baka ntoa feela, empa ho ba rerisanang hammoho ho na le bohlale.” (Liproverbia 13:10) Siela molekane oa hao seriti ka hore a itlhalose u sa mo kene hanong. Joale, ho tiisa hore u utloisisa seo a se buileng, mo hlalosetse hore na u utloile eka o re’ng, u sa mo phoqe kapa u sa halefa. E-re a u tšoaee phoso haeba u sa utloisisa hantle hore na o itse’ng. U se ke ua mo tima monyetla oa ho ntša maikutlo a hae. Buisanang ka tsela ena ho fihlela ka bobeli le lumellana hore lea utloana tabeng ena.
Ke ’nete hore ho hlokahala u mamelisise molekane oa hao ka boikokobetso le ka mamello ’me u ananele maikutlo a hae. Empa haeba u etella pele ho bontšeng molekane oa hao tlhompho e joalo, ho tla ba bonolo hore le eena a u hlomphe.—Matheu 7:2; Baroma 12:10.
LEKA HO ETSA TJENA: Ha u bolela seo molekane oa hao a se buileng, u se ke ua pheta feela mantsoe ao a a buileng. Ka mosa, leka ho hlalosa hore u utloisisa seo molekane oa hao a se buileng joang le hore o ikutloa joang.—1 Petrose 3:8.
4. Lumellanang ka tharollo.
“Ba babeli ba molemo ho feta a le mong, hobane ba na le moputso o molemo bakeng sa mosebetsi oa bona o boima. Etsoe haeba a le mong oa bona a ka oa, e mong a ka emisa molekane oa hae.” (Moeklesia 4:9, 10) Ho ka ba thata ho lokisa mathata lenyalong haeba banyalani ba sa sebelisane ’me ba sa thusane.
Ke ’nete hore Jehova o khethile monna hore e be hlooho ea lelapa. (1 Bakorinthe 11:3; Baefese 5:23) Empa ho ba hlooho ha ho bolele ho ba mohatelli. Monna ea bohlale a ke ke a iketsetsa liqeto a le mong. David, eo e seng e le lilemo tse 20 a nyetse o re, “Ke leka ho fumana ntlha eo re lumellanang ka eona le mosali oa ka ebe ke batla qeto eo re ka e tšehetsang re le babeli.” Tanya, eo e seng e le lilemo tse supileng a nyetsoe, o re: “Taba hase hore na ke mang ea nepileng le hore na ke mang ea fositseng. Ka linako tse ling e mpa e le ho fapana ka maikutlo feela hore na bothata bo lokisoe joang. Ke hlokometse hore katleho e finyelloa ka hore re se ke ra ba manganga ’me re nahanelane.”
LEKANG HO ETSA TJENA: Etsang hore ho be le moea oa tšebelisano ka hore bobeli ba lōna le ngole litsela tsohle tseo le nahanang hore le ka li sebelisa ho lokisa bothata bona. Ha li feletse, hlahlobang tseo le li ngotseng ebe le sebelisa eo le lumellanang ka eona. Ebe le khetha nako e haufinyane eo ka eona le tla hlahloba hore na qeto eo e sebelisitsoe le hore na e atlehile hakae.
Sebetsang Hammoho
Jesu o ile a tšoantša lenyalo le joko. (Matheu 19:6) Mehleng ea hae, joko e ne e sebelisetsoa ho pana liphoofolo tse peli ha li sebetsa. Haeba liphoofolo tsena li ne li sa hule hammoho, li ne li ke ke tsa sebetsa hantle ’me joko e ne e tla li sehla melaleng. Haeba li ne li hula hammoho, li ne li ka hula lintho tse boima kapa tsa lema tšimo.
Ka ho tšoanang, ha monna le mosali ba sa sebetse hammoho ba ka ’na ba hula ka thata lenyalong. Ka lehlakoreng le leng, haeba ba ithuta ho sebetsa hammoho, ba ka khona ho lokisa hoo e ka bang mathata leha e le afe ’me lintho tsa ba tsamaela hantle. Monna ea phelang hamonate lenyalong la hae ea bitsoang Kalala o re, “Ka lilemo tse 25, ’na le mosali oa ka re lokisitse mathata a rōna ka ho buisana ka bolokolohi, ho nahanelana, ho rapella thuso ea Jehova le ho sebelisa melao-motheo ea Bibele.” Na u ka etsa se tšoanang?
IPOTSE . . .
Ke bothata bofe boo ke batlang hore ke bo buisane le molekane oa ka?
Nka kholiseha joang hore ke utloisisa kamoo molekane oa ka a hlileng a ikutloang kateng tabeng ee?
Haeba kamehla ke phehella hore lintho li etsoe kamoo ke batlang kateng, e ka ’na eaba ke baka mathata afe?
^ ser. 17 Mabitso a mang a fetotsoe.