Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO EA 54

Jehova o Ile a Mamella Jonase

Jehova o Ile a Mamella Jonase

Batho ba motse oa Ninive ba ne ba le khopo. Jehova o ile a re moprofeta Jonase a ee Ninive ’me a lemose batho hore ba lokela ho fetola litsela tsa bona. Empa Jonase a baleha a ea hosele. A kena sekepeng se eang Tarshishe.

Ha sekepe se ntse se tsamaea, ha tsoha moea o matla leoatleng ’me batsamaisi ba sekepe ba tšoha. Ba rapela melimo ea bona ba re: ‘Ke hobane’ng ha re etsahalloa ke ntho ee?’ Qetellong Jonase a re ho bona: ‘Ke ka lebaka la ka. Ha ke ee moo Jehova a itseng ke ee teng. Ntiheleng ka leoatleng ’me moea o tla emisa.’ Batsamaisi ba sekepe ba ne ba sa batle ho lahlela Jonase ka leoatleng empa a ba phehella. Kahoo ba mo lahlela ka leoatleng, eaba moea oa emisa.

Jonase o ne a nahana hore o tl’o shoa. Kahoo, a rapela Jehova ha a ntse a tebela tlase leoatleng. Eaba Jehova o romela tlhapi e kholo. Ea koenya Jonase empa ea se ke ea mo bolaea. Ha Jonase a le ka har’a tlhapi eo a rapela Jehova a re: ‘Kea u tšepisa hore ke tla u mamela kamehla.’ Eaba Jehova o sireletsa Jonase. Kahoo a qeta matsatsi a mararo a le ka har’a tlhapi eo. Ka mor’a moo tlhapi eo ea mo hlatsetsa moo ho ommeng.

Empa kaha joale Jehova o ne a pholositse Jonase, na see ne se bolela hore ha ho sa hlokahala hore a ’ne a ee Ninive? Che. Jehova o ile a boela a bolella Jonase hore a ee moo. Lekhetlong lena, Jonase o ile a mamela. A ea Ninive ’me a bolella batho ba moo ba khopo a re: ‘Ho setse matsatsi a 40 feela pele Ninive e timetsoa.’ Eaba ho etsahala ntho e ’ngoe e neng e sa lebelloa: Baninive ba ile ba mamela ’me ba fetola litsela tsa bona. Morena oa Ninive a re ho batho ba hae: ‘Rapelang Molimo ’me le bake. Mohlomong o tla re hauhela.’ Kahoo ha Jehova a bona hore ba bakile, ha aa ka a felisa motse oo oa Ninive.

Jonase a utloa bohloko haholo hobane motse oo ha oa ka oa felisoa. Ak’u nahane feela, Jehova o ile a mamella Jonase a ba a mo bontša mohau empa Jonase eena o ne a sa hauhele batho ba Ninive. Ho e-na le ho ba utloela bohloko, o ile a lula tlas’a moriti oa semela sa mohope ka ntle ho motse a koatile. Eaba semela seo sea shoa ’me Jonase a halefa. Jehova a re ho eena: ‘U tsotella semela sena ho feta kamoo u tsotellang Baninive kateng. Ke ba hauhetse ’me ha kea ba felisa.’ Jehova o ne a bolela’ng? O ne a bolela hore batho ba Ninive ke ba bohlokoa ho feta semela leha e le sefe.

“Jehova . . . ha a le felle pelo hobane ha a lakatse hore mang kapa mang a timetsoe empa o lakatsa hore bohle ba bake.”—2 Petrose 3:9