Privacy Settings

To provide you with the best possible experience, we use cookies and similar technologies. Some cookies are necessary to make our website work and cannot be refused. You can accept or decline the use of additional cookies, which we use only to improve your experience. None of this data will ever be sold or used for marketing. To learn more, read the Global Policy on Use of Cookies and Similar Technologies. You can customize your settings at any time by going to Privacy Settings.

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Lintho Tseo re Ithutang Tsona Bukeng ea Jonase

Lintho Tseo re Ithutang Tsona Bukeng ea Jonase

Ka Bibeleng ho na le lipale tsa batho ba neng ba e-na le tumelo ’me re ka ithuta lintho tsa bohlokoa lipaleng tseo. (Bar. 15:4) Le ithutile’ng bukeng ea Jonase? Shebellang video ea Borapeli ba Lelapa: Jonase—Re Ithuta’ng Mohaung oa Jehova? ebe le araba lipotso tsena:

  • Bahoeletsi ba bararo ba hlahang videong ee ba ile ba hlaheloa ke mathata afe?

  • Pale ea Jonase e ka re khothatsa joang haeba re khalemetsoe kapa re lahlehetsoe ke boikarabello ka phuthehong? (1 Sam. 16:7; Jon. 3:1, 2)

  • Pale ea Jonase e ka re thusa joang hore re ikutloe ka tsela e tšoanang le eo Jehova a ikutloang ka eona ka batho ba tšimong ea rona? (Jon. 4:11; Mat. 5:7)

  • Pale ea Jonase e ka re tšelisa joang haeba re e-na le lefu le itseng le sa foleng? (Jon. 2:1, 2, 7, 9)

  • U ithutile’ng videong ee ka bohlokoa ba ho bala Bibele le ho nahanisisa ka lintho tseo u li balileng ho eona?

Mor’abo rona o nyahame ka mor’a hore a lahleheloe ke boikarabelo ka phuthehong; morali’abo rona o nahana hore batho tšimong ba ke ba mo amohela; ngaka e bolella morali’abo rona litaba tse seng monate