PHELA JOALOKA MOKRESTE

“Ke Tšepile Uena, Jehova”

“Ke Tšepile Uena, Jehova”

Ke habohlokoa hore re tšepe Jehova ha ho le boima le ha ho le bonolo. (Pes 25:1, 2) Bajuda ba phetseng Juda pele Jesu a tla lefatšeng ba ile ba ba le mathata a ileng a leka tšepo ea bona ho Jehova. Re ithuta ho hongata mohlaleng oa bona. (Bar 15:4) Ka mor’a ho shebella video ea ‘Ke Tšepile Uena, Jehova,’ u ka araba lipotso tsee joang?

  1. Ezekiase o ne a na le mathata afe?

  2. Ezekiase o ile a sebelisa keletso e ho Liproverbia 22:3 joang ha a itokisetsa ho thibelloa?

  3. Ke hobane’ng ha Ezekiase a sa ka a batla ho inehela ho Baassyria kapa ho etsa tumellano le Baegepeta?

  4. Ezekiase o behetse Bakreste mohlala o motle joang?

  5. Mehleng ee ke maemo afe a lekang tumelo ea rona ho Jehova?

Ngola maemo ao ho ona u ka bontšang hore u tšepa Jehova.