Na Bibele e Laela Hore Badumedi ba se ke ba Nyala?
MADUMEDI a mangata, a akarelletsang Kereke ya Roma e Khatholiki, dikereke tsa Orthodox, tsa Mabuddha le tse ding di re baruti ba tsona ha ba a lokela ho nyala. Leha ho le jwalo batho ba bangata ba dumela hore sena se etsa hore baruti ba ba bangata ba qetelle ba etsa boitshwaro bo bobe.
Kahoo re ka nna ra ipotsa, ‘Na Bibele e re batho ba se ke ba nyala?’ E le hore re arabe potso ena, a re hlahlobeng hore na tlwaelo ena e qadile jwang le hore ho tlile jwang hore e be ngata hakaana. Re tla boela re bone hore na Modimo o ikutlwa jwang ka yona.
HO SE NYALE HO QADILE JWANG DIKEREKENG?
Ha dikshinare e nngwe e hlalosa ho se nyale e re ke “boemo ba ho se nyale ho hang e leng se bolelang hore motho a ke ke a etsa thobalano mme hangata bona ke boitlamo bo etswang ke baruti ba dikereke.” Ka selemo sa 2006, ha a bua le Mokhatlo o laolang Kereke ya Roma e Khatholiki, Benedict XVI eo e neng e le Mopapa o ile a bua tjena ka boitlamo ba ho se nyale: “E sale e le ntho e etswang ho tloha kgale kwana pele ho mehla ya Baapostola.”
Leha ho le jwalo, Bakreste ba mehleng ya baapostola ba ne ba sa etse boitlamo bona ba ho se nyale. Ha e le hantle, moapostola Pauluse ya phetseng ka nako eo, o ile a lemosa Bakreste hore ba hlokomele banna ba neng ba tla bua “dipolelo tse . . . kgelosang” mme ba ‘hanele ho nyala.’—1 Timothea 4:1-3.
Kamora mehla ya baapostola, tlwaelo ena ya ho se nyale ha baruti e ile ya etswa dikerekeng tse ngata tsa Europe le North America. Ho latela buka ya Celibacy and Religious Traditions, ho se nyale ha baruti ho ile ha “etsa hore batho ba bangata ba se ke ba kenella boitshwarong bo bobe, Mmusong wa Roma.”
Hamorao mekgatlo ya dikereke le baruti bao ho thweng ke boFather ba ile ba tempela molao ona wa hore baruti ha ba lokela ho nyala. Ba ne ba re ho etsa thobalano ho phoso mme e le hore motho e dule e le moruti o ne a sa lokela ho e etsa. Leha ho le jwalo, dikishinari e nngwe e hlalosa hore “ho tloha lilemong tsa bo900, baruti ba bang esita le bobishopo ba ne ba nyetse.”
Ka selemo sa 1123 le sa 1139 molao wa ho se nyale o ile wa tempelwa ka ho felletseng sebokeng sa Lateran, se neng se tshwaretswe Roma mme ha esale molao oo o le teng ho tla fihlela lena le hodimo. Molao o ne o tla etsa hore Kereke ya Roma e dule e hlahelletse mme e eme hantle ditjheleteng kaha jwale ho ne ho ke ke ha hlola ho eba le baruti ba tla nka tjhelete ya kereke bakeng sa malapa a bona.
MODIMO O TADIMA BOITLAMO BA HO SE NYALE JWANG?
Tsela eo Modimo a tadimang boitlamo ba ho se nyale e hlalositswe hantle ka Lentsweng la hae, Bibele. Ka Bibeleng re bala mantswe a Jesu mabapi le batho ba ileng ba dula ba sa nyala “ka lebaka la mmuso wa mahodimo” jwalo ka yena. (Matheu 19:12) Moapostola Pauluse le yena o ile a bua ka Bakreste ba ileng ba latela mohlala wa hae wa ho se nyale “ka lebaka la ditaba tse molemo.”—1 Bakorinthe 7:37, 38; 9:23.
Leha ho le jwalo, Jesu le Pauluse ba ne ba sa qobelle batho hore ba dule ba sa nyala. Jesu o ile a re ho se nyale ke “mpho” eo e seng bohle ba nang le yona. Ha Pauluse a bua le “masoha kapa batho ba sa nyalang” o ile a re: “Ha ke na taelo e tswang ho Morena, empa ke fana ka maikutlo a ka.”—Matheu 19:11; 1 Bakorinthe 7:25.
Ho feta moo, Bibele e bontsha hore ho ne ho ntse ho e na le baboledi ba neng ba nyetse mehleng ya baapostola, ho akarelletsa le Petrose. (Matheu 8:14; Mareka 1:29-31; 1 Bakorinthe 9:5) Kaha batho ba ne ba sa itshwara hantle Roma, Pauluse o ile a re monna ya nyetseng, ya etellang phutheho pele e lokela hore e be “monna wa mosadi a le mong” le ya “nang le bana ba ipehileng tlaase.”—1 Timothea 3:2, 4.
Ho hlakile hore banna bana ba ne ba tla etsa thobalano le basadi ba bona kaha Bibele e re “monna a ke a fe mosadi wa hae tokelo ya mosadi” mme batho ba nyalaneng ha ba a lokela ho “hanelana ka yona.” (1 Bakorinthe 7:3-5) Kahoo, Modimo ha a qobelle batho hore ba dule ba sa nyala.
KA LEBAKA LA DITABA TSE MOLEMO
Re ka nna ra ipotsa, haeba ho se nyale ha se setlamo, ke hobaneng ha Jesu le Pauluse ba ile ba bua hantle ka hona? Ke hobane haeba motho a sa nyala a ka ba le nako e ngata ya ho ruta ba bang ditaba tse molemo. Batho ba sa nyalang ba kgona ho sebeletsa Modimo haholwanyane kaha ha ba na mathata ao batho ba nyetseng ba nang le ona.—1 Bakorinthe 7:32-35.
Ka mohlala, monna e mong ya bitswang David o ile a tlohela mosebetsi wa hae o patalang haholo toropong ya Mexico mme a fallela mapolasing a Costa Rica ho ya ruta batho Bibele. Kaha o ne a sa nyala, ho ile ha e ba bonolo ho yena ho ya dula moo. O re: “Ho fallela sebakeng se setjha le ho tlwaela dintho tse ntjha ha ho bonolo empa kaha ho ne ho se na motho e mong eo ke lokelang ho mo hlokomela ho ile ha e ba beterenyana.”
Claudia, e leng Paki e sebeletsang moo ho nang le Dipaki tse seng kae, o re: “Ke thabela ho sebeletsa Modimo. Ha ke bona kamoo a ntlhokomelang kateng tumelo ya ka e ba matla mme setswalle sa ka le yena se a tiya.”
“Ha ho kgethe hore na o lenyalong kapa tjhe, haeba feela o fa Jehova Modimo se molemo o tla thaba.”—Claudia
Ha se phoso ho nyala kapa ho nyalwa. Claudia o re: “Ha ho kgethe hore na o le lenyalong kapa tjhe, haeba feela o fa Jehova Modimo se molemo o tla thaba.”—Pesaleme ya 119:1, 2.